1
TSHIMOLOHO 22:14
BIBELE
Aborahama a rea sebaka seo lebitso la Morena o tla Bona, mme le kajeno ho sa ntse ho thwe: “Thabeng, Morena o tla bona.”
Vergelyk
Verken TSHIMOLOHO 22:14
2
TSHIMOLOHO 22:2
Modimo a re: “Jwale nka mora wa hao ya mong feela, eo o mo ratang, Isaka, o ye naheng ya Moria, mme ka yena o etse sehlabelo sa setjheso, hodima e nngwe ya dithaba, eo ke tla o supisa yona.”
Verken TSHIMOLOHO 22:2
3
TSHIMOLOHO 22:12
La re: “O se ke wa isa letsoho la hao ho moshanyana; o se ke wa mo etsa letho, hobane jwale ke a tseba hore o tshaba Modimo, ha o sa ka wa nkganela ka mora wa hao ya mong feela.”
Verken TSHIMOLOHO 22:12
4
TSHIMOLOHO 22:8
Aborahama a araba, a re: “Ngwana ka, Modimo o tla bona, a ipatlele konyana ya sehlabelo sa setjheso.” Yaba ba ntse ba tsamaya mmoho ba babedi.
Verken TSHIMOLOHO 22:8
5
TSHIMOLOHO 22:17-18
ruri ke tla o hlohonolofatsa haholo, ditloholo tsa hao ke di ngatafatse jwaloka dinaledi tsa lehodimo, le jwaloka lehlabathe le lebopong le lewatle. Ditloholo tsa hao di tla hapa metse ya dira tsa tsona. Ditjhaba tsohle tsa lefatshe di tla hlohonolofala ka ditloholo tsa hao, hobane o mametse lentswe la ka.’ ”
Verken TSHIMOLOHO 22:17-18
6
TSHIMOLOHO 22:1
Hoba tsena di fete, Modimo a leka Aborahama, a re ho yena: “Aborahama!” Yena a re: “Ke nna enwa.”
Verken TSHIMOLOHO 22:1
7
TSHIMOLOHO 22:11
Empa lengeloi la Morena la howeletsa le le lehodimong, la re: “Aborahama! Aborahama!” Yaba o re: “Ke nna enwa.”
Verken TSHIMOLOHO 22:11
8
TSHIMOLOHO 22:15-16
Lengeloi la Morena la howeletsa Aborahama kgetlo la bobedi, le ntse le le lehodimong, mme la re: “Morena o re: ‘Ke ikanne ka bonna, hore kaha o entse ntho ena, o sa ka wa nkganela ka mora wa hao ya mong feela
Verken TSHIMOLOHO 22:15-16
9
TSHIMOLOHO 22:9
Ba fihla sebakeng seo Modimo a ileng a mmolella sona. Aborahama a haha aletare hona teng, a bea patsi hantle; yaba o tlama mora hae Isaka, o mmea hodima aletare, kahodima patsi.
Verken TSHIMOLOHO 22:9
Tuisblad
Bybel
Leesplanne
Video's