2 PETROSE 3

3
Tshepiso ya hore Morena o tla kgutla
1Baratuwa, lengolo lena leo ke le ngollang lona jwale, e se e le la bobedi. Ho wona a mabedi ke ne ke tsosa maikutlo a lona a hlwekileng ka ho le hopotsa. 2Hopolang he tse neng di bolelwe e sa le pele ke baporofeta ba halalelang, le ditaelo tse tswang ho Morena le Mopholosi wa rona, tseo le neng le di newe ke baapostola ba lona.
3Pele ho tsohle tsebang hona: Mehleng ya bofelo ho tla tla basomi ba laolwang ke ditakatso tsa bona, ba some, 4ba re: “E kae tshepiso ya hore o tla kgutla? Haesale bo-ntata rona ba ithoballa, dintho tsohle di ntse di tshwana le mohla di hlolwang.” 5Ka ho rialo ba tla be ba itebatsa ka boomo hore, kgalekgale, ka taelo ya Modimo, mahodimo a bile teng, le lefatshe le ntshitsweng metsing, le ntseng le le hara metsi. 6Ke ka metsi ana lefatshe la mehleng eo le ileng la kwahelwa, mme la timela. 7Empa ha e le mahodimo le lefatshe la kajeno, di boloketswe ho tjheswa, ho ya ka yona taelo eo, mohla letsatsi la kahlolo, ha ho timetswa batho ba kgopo.
8Feela, baratuwa, ntho eo le sa tshwanelang ho e lebala ke ena: Ho Morena letsatsi le le leng le jwaloka dilemo tse sekete, mme le dilemo tse sekete di jwaloka letsatsi le le leng. 9Morena ha a diehe ho phethahatsa ditshepiso tsa hae, jwalokaha ba bang ba lekanya hore o a dieha. Empa o a le mamella, hobane ha a rate ha ho ka timela leha a le mong, empa o rata hore bohle ba bake.
10Letsatsi la Morena le tla fihla jwaloka leshodu. Mohlang oo mahodimo a tla fela ka lerata le tshabehang. Dintho di tla qhibidiswa ke motjheso, mme lefatshe le tsohle tse ho lona di tla fediswa.
11Ha e le moo dintho tsohle di tla fediswa jwalo, lona eka kgona le halalele haholo metsamaong le borapeding ba lona, 12ha le ntse le lebeletse letsatsi la Modimo, mme le etsa hore le tle ka potlako; e leng leo ka lona mahodimo a tla fediswa ka mollo, mme dintho di qhibidiswe ke motjheso. 13Ka ho ya ka tshepiso ya Modimo, re lebeletse mahodimo a matjha le lefatshe le letjha, moo ho loka ho ahileng teng.
14Ka baka leo, baratuwa, ha le ntse le lebeletse tseo, etsang ka matla hore Modimo a le fumane le se na letheba leha e le sekodi, le ena le kgotso. 15Tadimang mamello ya Morena wa rona e le pholoho ya lona, kamoo le yena Paulosi, ngwanabo rona ya ratehang, a le ngoletseng kateng, ka bohlale boo a bo neilweng. 16Mangolong wohle a hae, a amanang le ditaba tsena, o bua jwalo. Ho wona ho teng tse thata ho utlwisiswa, tseo ba sa rutehang le ba fokolang dikelellong ba di sothang, jwalokaha ba etsa Mangolong a mang, mme ba ye timelong.
17Jwale lona baratuwa, erekaha le lemositswe e sa le pele, itlhokomeleng, le se ke la hohelwa ke batho ba kgopo, ba kgelohileng, la tloha la lahlehelwa ke ho tiya ha lona. 18Le mpe le hole mohaung le tsebong ya Jesu Kreste, Morena le Mopholosi wa rona. Ho yena e be tlotla jwale le kamehla yohle. A ho be jwalo!

Seçili Olanlar:

2 PETROSE 3: SSO89SO

Vurgu

Paylaş

Kopyala

None

Önemli anlarınızın tüm cihazlarınıza kaydedilmesini mi istiyorsunuz? Kayıt olun ya da giriş yapın