1 JOHANNE 3

3
1Bonang, Ntate o re ratile hakaakang, hore re be re bitswe bana ba Modimo, mme re fela re le bona. Ke ka lebaka lena lefatshe le sa re tsebeng, hobane ha le a ka la tseba Modimo. 2Baratuwa, jwale re se re le bana ba Modimo, empa seo re tlang ho ba sona ha se eso bonahatswe. Feela re a tseba hore, mohla Kreste a iponahatsang, re tla tshwana le yena, hobane re tla mmona kamoo a leng kateng. 3Mang le mang ya nang le tshepo ena ho yena, o a itlhwekisa, jwalokaha le yena a hlwekile.
4Mang le mang ya etsang sebe o tlola molao; sebe ke ho tlola molao. 5Le a tseba hore Kreste o tlile ho tlosa dibe, mme ha a na sebe. 6Mang le mang ya phelang ka ho yena, ha a sa etsa sebe, empa ya ntseng a etsa sebe ha a eso mmone, le ho mo tseba ha a mo tsebe.
7Bana ba ka, ho se be ya le kgelosang. Ya etsang tse lokileng o lokile, jwalokaha Kreste le yena a lokile. 8Ya ntseng a etsa sebe ke wa Diabolosi, hobane haesale Diabolosi a etsa sebe ho tloha tshimolohong. Seo Mora wa Modimo a se tletseng ke ho fedisa mesebetsi ya Diabolosi. 9Mang le mang ya tswetsweng ke Modimo, ha a sa etsa sebe, hobane bophelo ba Modimo bo ka ho yena. A ke ke a hlola a etsa sebe, hobane o tswetswe ke Modimo. 10Bana ba Modimo le bana ba Diabolosi ba bonahala tjena: Bohle ba sa etseng tse lokileng, kapa ba sa rateng bana babo bona, hase bana ba Modimo.
Ratanang
11Molaetsa oo le o utlwileng ho tloha tshimolohong o re re rataneng. 12Re se ke ra tshwana le Kaine, eo e neng e le wa E Mobe, mme a bolaya ngwanabo. O ne a mmolaelang? Ke hobane diketso tsa hae di ne di le mpe, empa tsa ngwanabo di ne di lokile. 13Le se ke la makala, bana beso, ha lefatshe le le hloile. 14Rona re a tseba hore re ntshitswe lefung, ra iswa bophelong, hobane re rata bana babo rona. Ya se nang lerato o ntse a le lefung. 15Mang le mang ya hloileng ngwanabo ke mmolai, mme le a tseba hore ha ho mmolai ya ka bang le bophelo bo sa feleng ka ho yena.
16Re tseba seo lerato le leng sona ka sena: Kreste o re teletse bophelo ba hae; le rona re tshwanetse ho tella bana babo rona bophelo ba rona. 17Ha motho a ena le maruo a lefatshe lena, mme a bona ngwanabo a hloka, empa a mo thatafaletsa pelo ya hae, lerato la Modimo le ka ba teng jwang pelong ya hae? 18Bana ba ka, lerato la rona e se ke ya eba la mantswe kapa la leleme feela, empa e be la diketso le la nnete. 19Ke ka lona re ka tsebang hore re fela re le ba nnete, mme matswalo a rona a tla kgutsa pela Modimo. 20Haeba matswalo a rona a re qosa, re a tseba hore Modimo o moholo ho feta matswalo a rona, mme o tseba tsohle.
21Baratuwa, haeba matswalo a rona a sa re qose, re ka tla ho Modimo ka sebete. 22Eng le eng eo re e kopang re tla e fuwa, hobane re boloka ditaelo tsa hae, mme re etsa se mo kgahlisang. 23Taelo ya hae ke ena: Re dumele lebitsong la Mora wa hae Jesu Kreste, mme re ratane jwalokaha a re laetse. 24Ya bolokang ditaelo tsa Modimo o phela ka ho Modimo, le Modimo o phela ka ho yena. Ka Moya o Halalelang oo Modimo a re neileng wona, re tseba hore Modimo o phela ka ho rona.

Seçili Olanlar:

1 JOHANNE 3: SSO89SO

Vurgu

Paylaş

Kopyala

None

Önemli anlarınızın tüm cihazlarınıza kaydedilmesini mi istiyorsunuz? Kayıt olun ya da giriş yapın