1
MAREKA 14:36
Sesotho 1909/1961 (SO)
O ne a re: Abba, Ntate! tsohle o ka di etsa; tlosa senwelo sena pela ka; empa, ho se ke ha etswa seo nna ke se ratang, ho etswe seo wena o se ratang.
Comparar
Explorar MAREKA 14:36
2
MAREKA 14:38
Fadimehang, le rapele, hore le se kene molekong; hobane moya o mafolofolo, empa nama yona e a fokola.
Explorar MAREKA 14:38
3
MAREKA 14:9
Kannete ke re ho lona: Hohle lefatsheng moo Evangeli ena e tla bolelwa teng, se entsweng ke yena le sona se tla bolelwa, a tle a hopolwe ka sona.
Explorar MAREKA 14:9
4
MAREKA 14:34
A re ho bona: Moya wa ka o tshwerwe ke maswabi a isang lefung; salang mona, mme le fadimehe.
Explorar MAREKA 14:34
5
MAREKA 14:22
Ba re ba sa ja, Jesu a nka bohobe, mme eitse hobane a boke, a bo ngwatha, a ba nea bona, a re: Nkang, le je; hona ke mmele wa ka.
Explorar MAREKA 14:22
6
MAREKA 14:23-24
A ntoo nka senwelo, a leboha, a ba nea sona; mme ba nwela ho sona bohle. A re ho bona: Hona ke madi a ka, a selekane se setjha, a tshollelwang ba bangata.
Explorar MAREKA 14:23-24
7
MAREKA 14:27
Jesu a re ho bona: Bohle le tla kgoptjwa ho nna bosiung bona; hobane ho ngodilwe, ho thwe: Ke tla otla modisa, mme dinku di tla qhalana.
Explorar MAREKA 14:27
8
MAREKA 14:42
Emang, a re yeng; bonang, ya nkekang o se a le haufi.
Explorar MAREKA 14:42
9
MAREKA 14:30
Jesu a re ho yena: Kannete ke re ho wena: Wena, kajeno, ka bona bosiu bona, mokoko ha o eso ho lle habedi, o tla be o se o ntatotse hararo.
Explorar MAREKA 14:30
Início
Bíblia
Planos
Vídeos