GENESE 22

22
Abrahama o laelwa ke Jehova ho mo hlabela mora hae Isaaka.
1Kamora taba tseo, Modimo wa leka Abrahama. Wa re ho yena: Abrahama! A re: Ke nna enwa. 2Wa re: Nka mora wa hao, ya mong ho wena, eo o mo ratang, yena Isaaka; o ye naheng ya Moria, o mo etse teng sehlabelo sa setjheso hodima thaba e nngwe eo ke tlang ho o bolella yona. 3Yaba Abrahama o tsoha ka meso, a qhaneha esele ya hae, a nka bahlanka ba babedi le yena, le Isaaka, mora hae; mme a ratha patsi ya setjheso; yaba o tloha, a leba nqalong eo Modimo o mmoletseng yona.
4Ka tsatsi la boraro, Abrahama a emisa mahlo, a bonela nqalo eo hole. 5Yaba Abrahama o re ho bahlanka ba hae: Salang mona le esele, mme nna le mohlankana re tla ya mane, re rapele, re ntoo kgutlela ho lona. 6Abrahama a nka patsi ya setjheso, a e jarisa Isaaka, mora hae, a nka le mollo letsohong la hae le thipa; mme ba ya ba babedi hammoho. 7Yaba Isaaka o bua le Abrahama, ntatae, a re: Ntate! A re: Ke nna enwa, mora ka. A re: Mollo le patsi ke tsena, empa nku ya setjheso e kae na? 8Abrahama a re: Mora ka, Modimo o tla iponela nku ya setjheso. Yaba ba tsamaya ba babedi hammoho.
9Jwale ba fihla nqalong eo Modimo o mmoleletseng yona. Abrahama a haha aletare teng, a lokisa patsi; a tlama Isaaka, mora hae, a mmea aletareng hodima patsi. 10Abrahama a nanabetsa letsoho la hae, a nka thipa ho hlaba mora hae. 11Yaba lengeloi a Jehova le mo howeletsa, le le lehodimong, la re: Abrahama! Abrahama! A re: Ke nna enwa. 12La re: Se ise letsoho la hao ho moshanyana, o se ke wa mo etsa letho; hobane jwale, ke a tseba hoba o tshaba Modimo, ha o sa ka wa nkganela le mora wa hao, ya mong ho wena. 13Yare ha Abrahama a emisa mahlo a hae, a tadima, mme a bona pheleu e le kamora hae, e tshwasehile dihlahleng ka manaka; yaba Abrahama o ya, a nka pheleu, mme a e etsa setjheso bakeng sa mora wa hae. 14Abrahama a rea nqalo eo lebitso la Jehova-Jire (Jehova o tla iponela); ke moo ho thweng kajeno: O tla iponela thabeng ya Jehova.
15Yaba lengeloi la Jehova le howeletsa Abrahama la bobedi le le lehodimong, 16la re: Ho thwe ke Jehova: Ke hlapantse ka nna hore, ka baka la hobane o entse taba eo, o sa ka wa nkganela le mora wa hao, ya mong ho wena, 17ho hlohonolofatseng ke tla o hlohonolofatsa, mme ho atiseng ke tla atisa moloko wa hao, o be ka ka dinaledi tsa mahodimo le lehlabathe le lebopong la lewatle, mme moloko wa hao o tla rua dikgoro tsa dira tsa wona. 18Ditjhaba tsohle tsa lefatshe di tla itlhohonolofatsa lelokong la hao, ka baka la hobane o mametse lentswe la ka.
19Yaba Abrahama o kgutlela ho bahlanka ba hae; mme ba tloha, ba ya hammoho Beerseba. Mme Abrahama a aha Beerseba.
20Kamora ditaba tsena, Abrahama a behelwa hore: Bona, le Milka o tswaletse Nakore, moenao bara: 21wa matsibolo ke Utse, moenae ke Buse, le Kemuele, ntata Arame; 22le Kesede, le Haso, le Pildashe, le Jidlafe, le Bethuele. 23Bethuele o tswetse Rebeka. Bao ba robileng meno e mmedi, Milka o ba tswaletse Nakore, moena Abrahama. 24Le serethe sa hae se bitswang Reuma, le sona se mo tswaletse Thebake, le Gahame, le Tahashe, le Maaka.

Marker

Del

Kopier

None

Vil du ha høydepunktene lagret på alle enhetene dine? Registrer deg eller logg på