GENESE 20

20
Abrahama o ahella Gerare.
1Abrahama a tloha moo a leng teng, a leba naheng ya Borwa, a aha pakeng tsa Kadeshe le Shure, a hlola Gerare. 2Abrahama o ne a boletse bakeng sa Sara, mosadi wa hae, a re: Ke kgaitsedi ya ka. Yaba Abimeleke, morena wa Gerare, o a romela, mme a nka Sara. 3Empa Modimo wa tla ho Abimeleke bosiu torong, mme wa re ho yena: Bona, o motho ya shweleng ka baka la mosadi eo o mo nkileng, hobane o nyetswe ke monna. 4Empa Abimeleke o ne a eso ho mo atamele; mme a re: Morena, hleka o ka bolaya setjhaba, leha se lokile na? 5A monna eo ha a ka a re ho nna: Enwa ke kgaitsedi ya ka? Mme le yena, yena ka sebele, na ha a ka a re: Ke kgaitsedi ya ka? Ke entse hoo ka pelo e lokileng le ka matsoho a hlwekileng. 6Modimo wa re ho yena torong: Le nna ke a tseba hobane o entse hoo ka pelo e hlwekileng, mme ke bile ke o thibetse hore o tle o se ke wa ntshitelwa; ke ka baka leo ke sa kang ka o lesa le hore o mo ame. 7Jwale he, busetsa mosadi ho monna wa hae: etswe e le moporofeta, mme o tla o rapella hore o pholohe. Empa ha o ke ke wa mmusetsa, o tsebe hoba o tla shwa le ho shwa, wena le bohle bao o nang le bona. 8Yaba Abimeleke o tsoha e sa le ka meso, a bitsa bahlanka ba hae kaofela, mme a ba phetela mantswe ao kaofela; mme batho bao ba tshoha hampe. 9Abimeleke a bitsa Abrahama, a re ho yena: O re entseng? Kapa ke o sitetswe kae, ha o tla tlisa molato o moholo hakalo hodima ka le hodima mmuso wa ka? O nkentse taba e sa keng e be e etswe. 10Abimeleke a ba a re ho Abrahama: O boneng, ha o tla etsa taba eo? 11Yaba Abrahama o re: Ke hobane ke itse: Eka ha ho tshajwe Modimo motseng ona, mme ba tla mpolaya ka baka la mosadi wa ka. 12Kwana kannete ke kgaitsedi ya ka, etswe e le moradi wa ntate, leha empa e se moradi wa mme, mme ebile ke mosadi wa ka. 13Eitse ha Modimo o nntsha tlung ya ntate, hore ke be mojaki, ka re ho yena: Molemo oo o tla nketsetsa wona ke ona: Hohle moo re yang, ha o mpolela, o nne o re: Ke kgaitsedi ya ka.
14Yaba Abimeleke o nka dinku, le dikgomo, le bahlanka, le makgabunyane, a di abela Abrahama, a ba a kgutlisetsa Sara mosadi wa hae ho yena. 15Abimeleke a ba a re: Bona, naha ya ka e pela hao; ikahele moo o ithatelang. 16Ho Sara a re: Bona, ke neile kgaitsedi ya hao dishekele tse sekete tsa silefera; a e be lesira mahlong ha hao, le ho bohle ba nang le wena, mme o tla loka le pela batho bohle. 17Yaba Abrahama o rapela Modimo, mme Modimo wa fodisa Abimeleke, le mosadi wa hae, le makgabunyane a hae, mme ba nna ba tswala. 18Hobane Jehova o ne a hlile a nyopisitse dipopelo tsohle tsa ba ntlo ya Abimeleke ka baka la Sara, mohatsa Abrahama.

Marker

Del

Kopier

None

Vil du ha høydepunktene lagret på alle enhetene dine? Registrer deg eller logg på