YouVersion Logo
Search Icon

Mattheu 24

24
Mattheu 24
1Yaba Jesu o a tswa, a tloha tempeleng, mme barutuwa ba hae ba tla ho yena ho mmontsha mehaho ya tempele.
2Jesu a re ho bona: Na ha le bone tseo tsohle? Kannete ke re ho lona: Ha ho ka ke ha leswa lejwe hodima lejwe le leng, le ke keng la heletswa.
3Eitse ha a dutse thabeng ya Mehlwaare, barutuwa ba hae ba tla ho yena boinotshing, ba re: Re bolelle, tseo di tla etsahala neng? mme pontsho e tla ba efe ya ho tla ha hao, le ya ho fela ha lefatshe?
4Jesu a araba, a re ho bona: Iponeleng, le se ke la thetswa ke motho.
5Hobane ba bangata ba tla tla ka lebitso la ka, ba re: Ke nna Kreste; mme ba tla kgelosa ba bangata.
6Le tla utlwa dintwa le menyenyetsi ya dintwa, le hlokomele hore le se tshohe;
7Hobane setjhaba se tla tsohela setjhaba matla, mmuso o tsohele mmuso matla, mme ho tla ba le ditlala, le mafu a sewa, le ditshisinyeho tsa lefatshe nqalong tse ngata.
8Tsena tsohle ke qalo ya bohloko.
9Mohlang oo ba tla nehelana ka lona mahlomoleng, ba le bolaye, mme le tla hlouwa ke ditjhaba tsohle ka baka la lebitso la ka.
10Ke moo ba bangata ba tla kgoptjwa, mme ba tla ekana, ba hloyana.
11Ho tla hlaha baporofeta ba bohata ba bangata, mme ba tla kgelosa ba bangata.
12Mme ka baka la ho ata ha bokgopo, lerato la ba bangata le tla tapa.
13Empa ya tiisetsang ho isa bofelong, ke yena ya tla bolokeha.
14Mme Evangeli ena ya mmuso e tla bolelwa lefatsheng lohle, e be bopaki ho ditjhaba tsohle; mme e tla ba hona bofelo bo hlahang.
15Etlare ha le bona manyala a bofediso, a boletsweng ke moporofeta Daniele, a eme nqalong e halalelang, ya balang a ke a utlwisise.
16Mohlang oo, ba leng Judea ba balehele dithabeng.
17Ea leng holim’a ntlo a se ke a theoha ho ntša letho ka tlung ea hae.
18Le ea tšimong a se ke a khutla ho ea nka liaparo tsa hae.
19Ho madimabe baimana le ba anyesang mehleng eo!
20Empa le rapele hore paleho ya lona e se ke ya eba mariha, leha e le ka letsatsi la Sabatha.
21Hobane mohlang oo, ho tla ba le matshwenyeho a maholo, a esong ho be teng ho tloha tshimolohong ya lefatshe ho fihlela jwale, tjhe, mme ha a sa tla hlola a eba teng hape.
22Hoja matsatsi ao a se ke a kgutsufatswa, ho ka be ho se motho ya tla pholoha, empa ka baka la bakgethwa matsatsi ao a tla kgutsufatswa.
23Mohlang oo, ha motho a ka re ho lona: Bonang, Kreste o mona, kapa Kreste o mane; se lumeleng.
24Hobane ho tla hlaha bo-Kreste ba bohata, le baporofeta ba bohata, mme ba tla etsa mehlolo e meholo le meeka; hoo, hola ke ntho e ka etswang, ba ka thetsang le bona bakgethwa.
25Bonang, ke le boleletse pele.
26Ka baka leo, ha ba ka re ho lona: Bonang, o nahathothe; le se ke la tloha: bonang, o phaposing e patilweng; se lumeleng.
27Hobane jwaloka lehadima le tswang botjhabela, mme le benyetsa bophirimela; ho tla ha Mora motho ho tla ba jwalo.
28Hohle moo setopo se leng teng, ke moo manong a tla bokana teng.
29Hanghang kamora matshwenyeho a matsatsi ao letsatsi le tla fifala, mme kgwedi e ke ke ya fana ka lesedi la yona, dinaledi di tla wa lehodimong, le matla a mahodimo a tla sisinyeha.
30Ke moo pontsho ya Mora motho e tla hlaha lehodimong, mme meloko yohle ya lefatshe e tla lla, mme e tla bona Mora motho a etla ka maru a lehodimo ka matla le kganya e kgolo.
31O tla roma mangeloi a hae ka modumo o moholo wa terompeta, mme a tla bokella bakgethwa ba hae meyeng e mene, ho tloha pheletsong e nngwe ya lehodimo ho isa pheletsong e nngwe.
32Jwale ithuteng setshwantsho ka sefate sa feiye; Ha lekala la wona le se le le lenana, mme le hlahisa mahlaku, le a tseba hore lehlabula le haufi.
33Ka mokgwa o jwalo, etlare ha le bona ntho tseo tsohle, le tsebe hore o haufi, o monyako.
34Kannete ke re ho lona: Moloko ona o ke ke wa feta, tseo tsohle di eso ho etsahale.
35Lehodimo le lefatshe di tla feta, empa mantswe a ka a ke ke a feta.
36Empa malebana le letsatsi leo le hora eo ha ho ya tsebang, leha e le mangeloi a lehodimong, haese Ntate feela.
37Empa jwalokaha ho bile mehleng ya Noe, ho tleng ha Mora motho ho tla ba jwalo.
38Hobane jwaloka mehleng ya pele ho morwallo, ba ne ba eja, ba enwa, ba nyala, ba nyadisa, ho fihlela tsatsi leo Nowe a keneng arekeng ka lona,
39mme ba se ke ba tseba ho fihlela moroallo o tla, o ba hohola bohle; ho tla ha Mora motho ho tla ba jwalo.
40Jwale ba babedi ba tla be ba le tshimong; e mong o tla nkwa, e mong a tlohelwe.
41Basadi ba babedi ba tla be ba sila lelwaleng; e mong o tla nkwa, e mong a tlohelwe.
42Fadimehang ke hona, hobane ha le tsebe nako eo Morena wa lona a tla tla ka yona.
43Empa le tsebe sena, hore hoja monga ntlo a ne a tsebile nako eo leshodu le tla tla ka yona, a ka be a lebetse, mme a ka be a sa ka a dumela hore ntlo ya hae e phunngwe.
44Ka baka leo, le lona le itokise, hobane Mora motho o tla tla ka nako eo le sa e nahaneng.
45Ha ho le jwalo, ke ofe mohlanka ya tshepahalang, ya bohlale, eo monga hae a mmeileng moalosi wa ba ntlo ya hae, ho ba nea dijo ka nako e loketseng?
46Ho lehlohonolo mohlanka eo, ha morena wa hae a fihla, a tla mo fumana a etsa jwalo.
47Kannete ke re ho lona: O tla mmea hore a okamele tsohle tsa hae.
48Empa ha mohlanka eo e mobe a ka re pelong ya hae: Monga ka o diehile ho tla;
49Mme o tla qala ho otla bahlanka ka yena, le ho ja, le ho nwa le matahwa;
50Morena wa mohlanka eo o tla tla ka tsatsi leo a sa mo lebellang, le ka hora eo a sa e tsebeng.
51O tla mo kgaola dikoto, a mo bee kabelo ya hae le baikaketsi; teng ho tla ba le dillo le ditsikitlano tsa meno.

Currently Selected:

Mattheu 24: CSOB24

Highlight

Share

Copy

None

Want to have your highlights saved across all your devices? Sign up or sign in