YouVersion Logo
Search Icon

Mattheu 14

14
Mattheu 14
1Mehleng eo, morena Heroda a utlwa botumo ba Jesu,
2A re ho bahlanka ba hae: Enwa ke Johanne Mokolobetsi; o tsohile bafung; mme ke ka baka leo mesebetsi e matla e iponahatsang ho yena.
3Hobane Heroda o ne a ile a tshwara Johanne, a mo tlama, a mo kenya teronkong, ka baka la Herodiase, mosadi wa Filipi, ngwanabo.
4Johanne o ne a re ho yena: Ha o a dumellwa hore o be le yena.
5Eitse ha a rata ho mmolaya, a tshaba letshwele, kahobane le ne le mo nka e le moporofeta.
6Empa ha ho ketekwa letsatsi la tswalo ya Heroda, moradi wa Herodiase a tjeka pela bona, a kgahlisa Heroda.
7Yaba o tshepisa ka kano hore o tla mo nea eng kapa eng eo a tla e kopa.
8Mme yena, a laetswe ke mmae, a re: Mphe mona ka mokeke hlooho ya Johanne Mokolobetsi.
9Kgosi ya swaba, empa ka baka la kano, le ka baka la ba dutseng dijong le yona, ya laela hore a e newe.
10Yaba o romela ho kgaola Johanne hlooho teronkong.
11Hlooho ya hae ya tlisoa ka mokeke, ya newa morwetsana, mme a e isa ho mmae.
12Barutuwa ba hae ba tla, ba nka setopo, ba se epela, mme ba ya bolella Jesu.
13Jesu ha a utlwa hoo, a tloha teng ka sekepe, a ya sebakeng se le seng a le mong;
14Yare ha Jesu a etswa, a bona letshwelehadi, a le utlwela bohloko, mme a fodisa ba kulang ba lona.
15Eitse ha e se e le mantsiboya, barutuwa ba hae ba tla ho yena, ba re: Mona ke nahathothe, mme nako e se e ile; lesa bongata bo tsamaye, ba ye metsaneng, ba ithekele dijo.
16Empa Jesu a re ho bona: Ha ho hlokahale hore ba tsamaye; le ba fe dijo.
17Ba re ho yena: Ha re na mona, haese mahobe a mahlano feela le dihlapi tse pedi.
18A re: Di tliseng kwano ho nna.
19Yaba o laela bongata hore bo dule hodima jwang, a nka mahobe a mahlano le dihlapi tse pedi, a lelala lehodimong, a boka, a ngwatha, a nea barutuwa ba hae mahobe, mme barutuwa ba abela matshwele.
20Ba eja bohle, ba kgora, mme ba nka dingwathwana tse setseng, tsa tlala diroto tse leshome le metso e mmedi.
21Ba jeleng e ne e ka ba banna ba dikete tse hlano, ho sa balwe basadi le bana.
22Jesu a phakisa a laela barutuwa ba hae hore ba kene sekepaneng, ba mo etelle pele ho ya mose wane, ha yena a ntse a phatlalatsa matshwele.
23Eitse hobane a phatlalatse matshwele, a nyolohela thabeng a le mong ho ya rapela;
24Empa sekepe se ne se se se le hara lewatle, se ntse se tsokotswa ke maqhubu, hobane moya o ne o le qholotsa.
25Eitse ka tebelo ya bone ya bosiu Jesu a ya ho bona, a tsamaya hodima lewatle.
26Yare ha barutuwa ba mmona a tsamaya hodima lewatle, ba tshoha, ba re: Ke seriti; mme ba howa ke tshabo.
27Jesu a phakisa a bua le bona, a re: Betang dipelo; ke nna; se tshoheng.
28Petrose a mo araba, a re: “Morena, haeba ke wena, ntaele hore ke tle ho wena hodima metsi.
29A re: Tloo. Yare ha Petrose a theoha sekepeng, a tsamaya hodima metsi, ho ya ho Jesu.
30Empa ha a bona moya o fokang, a tshoha; mme a qala ho teba, a howa, a re: Morena, mpholose!
31Jesu a phakisa a otlolla letsoho la hae, a mo tshwara, a re ho yena: “Wena ya tumelo e nyenyane, o belaeletse’ng?
32Eitse ha ba kena sekepeng, moya wa kokobela.
33Yaba ba ka sekepeng ba tla, ba mo kgumamela, ba re: Kannete o Mora wa Modimo.
34Eitse hobane ba tshelele mose wane, ba fihla naheng ya Genesareta.
35Yare ha banna ba sebaka seo ba mo tseba, ba romela mathoko le naha eo yohle, mme ba tlisa ho yena bohle ba kulang;
36Ba mo rapela hore ba mpe ba ame qola ya seaparo sa hae feela;

Currently Selected:

Mattheu 14: SothoNT

Highlight

Share

Copy

None

Want to have your highlights saved across all your devices? Sign up or sign in