YouVersion Logo
Search Icon

2 DIKETSAHALO 10

10
Merabe e ka leboya e fetohela kgosi
(1 Dikg. 12:1-20)
1Rehoboame a ya Shekeme, moo Baiseraele bohle ba neng ba ile teng, ho ya mmea hore e be kgosi. 2Ha Jeroboame, mora wa Nebate, ya neng a ntse a le Egepeta moo a neng a ile a balehela teng ka baka la ho tshaba kgosi Solomone, a utlwa tsena, yaba o kgutla Egepeta. 3Jwale Jeroboame a latwa, mme yena le Baiseraele bohle ba fihla ho Rehoboame, ba re: 4“Ntatao o ne a re imeditse ka mosebetsi. Ka baka lena, ako re imolle mosebetsi ona oo ntatao a ileng a re imetsa ka wona, mme re tla o sebeletsa.”
5Rehoboame a re ho bona: “Mpheng sebaka sa matsatsi a mararo, le nto tla ho nna hape.” Yaba setjhaba se a qhalana.
6Jwale kgosi Rehoboame a eletsana le bannabaholo bao e neng e le baeletsi ba Solomone, ntatae, ha a sa phela, a re ho bona: “Le nkeletsa hore ke arabe setjhaba see jwang?”
7Ba re ho yena: “Haeba o ka ba mosa ho setjhaba sena, mme wa se kgahlisa, wa bua le sona hantle, e tla ba bahlanka ba hao kamehla yohle.”
8Rehoboame a se ke a mamela keletso ya bannabaholo, a eletsana le bahlankana bao a hotseng le bona, ba neng ba mo sebeletsa.
9A re ho bona: “Le nkeletsa hore setjhaba see ke se arabe jwang, se itseng: ‘Ako re imolle mosebetsi oo ntatao a ileng a re imetsa ka wona’?”
10Bahlankana bana bao a hotseng le bona ba mo araba, ba re: “Setjhaba sena se itseng ho wena: ‘Ntatao o ne a re imeditse ka mosebetsi; wena ako re imolle,’ o tle o se arabe tjena, o re: ‘Monwana wa ka o monyenyane o motenya ho feta letheka la ntate. 11Ntate o ile a le imetsa ka mosebetsi; nna ke tla le imetsa le ho feta. Ntate o ne a le shapa ka diphafa; nna ke tla le shapa ka katse.’ ”
12Ka letsatsi la boraro, bo-Jeroboame le setjhaba sohle ba fihla ho Rehoboame, jwalokaha kgosi e ne e itse: “Ka letsatsi la boraro le tle le tle ho nna hape.” 13Kgosi Rehoboame a araba setjhaba ka ho se kgarumela; a lahla keletso eo bannabaholo ba neng ba mo eleditse ka yona. 14A se araba ho latela keletso ya bahlankana, a re: “Ntate o ne a le imeditse ka mosebetsi; nna ke tla le imetsa le ho feta. Ntate o ne a le shapa ka diphafa; nna ke tla le shapa ka katse.” 15Kgosi ya se ke ya mamela setjhaba, hobane hona ho ne ho entswe ke Modimo, e le hore polelo ya Morena e tle e phethahale, eo a neng a ile a e bolela ka molomo wa Ahiya ya tswang Shilo, a e bua ho Jeroboame, mora wa Nebate.
16Ha setjhaba sohle sa Iseraele se bona hore kgosi ha e se mamele, sa e araba, sa re:
“Re amana ka dife le Davida?
Mora wa Jese hase letho ho rona!
Baiseraele, motho le motho
lapeng la hae!
Davida, sala le morabe wa heno!”
Yaba Baiseraele ba kgutlela malapeng a bona. 17Empa Rehoboame a busa bana ba Iseraele ba neng ba ahile metseng ya Juda.
18Jwale kgosi Rehoboame a roma Hadorame, eo e neng e le mookamedi wa makgoba, hore a ye ho bana ba Iseraele, empa bona ba mo tlepetsa ka majwe, a ba a shwa. Ka baka leo, kgosi Rehoboame a palama kariki ya hae ya ntwa ka potlako, a balehela Jerusalema. 19Ho tloha mohlang oo, ho fihlela kajeno-ya-bokajeno, yaba Baiseraele ba fetohetse lelapa la Davida.

Currently Selected:

2 DIKETSAHALO 10: SSO89SO

Highlight

Share

Copy

None

Want to have your highlights saved across all your devices? Sign up or sign in