YouVersion Logo
Search Icon

BAAHLODI 8

8
1Yaba banna ba Efraime ba re ho Gideone: O re etseditseng jwalo, ha o sa ka wa re mema, mohla o futuhelang Bamidiane? Mme ba mo tsekisa haholo. 2A re ho bona: Homme mosebetsi ke entse ofe o ka bapiswang le wa lona na? Ha ke re, ho kgwahlapisa ha Efraime ho fetisa kotulo ya merara ya Abiesere na? 3Modimo o neetse marena a mabedi a Midiane, Orebe le Seebe matsohong a lona; mme nna, ke entse mosebetsi ofe o ka bapiswang le wa lona na? Eitse hobane a ba buise jwalo, bohale ba bona ba kokobela.
4Gideone ha a fihla Jordane, a e tshela a ena le banna ba makgolo a mararo bao a nang le bona, ba se ba kgathetse, ba mpa ba ntse ba phallela Bamidiane. 5Ebile o re ho batho ba Sukkothe: Neang banna bao ke nang le bona bohobe, etswe ba kgathetse, ke tle ke phallele Seba le Tsalmunna, marena a Midiane. 6Baholo ba Sukkothe, ba re: Hleka diatla tsa Seba le Tsalmunna di se di le letsohong la hao, haele moo o re, re nee makgotla a hao bohobe? 7Gideone a re: Ha ho le jwalo, mohla Jehova a neelang Seba le Tsalmunna matsohong a ka, ke tla pola dinama tsa lona ka meutlwa ya nahathothe le ka bobatshi. 8Ha a tloha teng, a fihla Penuele, a bua le ba teng ka wona mokgwa oo, mme batho ba Penuele ba mo fetola jwalokaha batho ba Sukkothe ba ne ba mo fetotse. 9Yaba o bolella batho ba Penuele, a re: Ha ke kgutla ka kgotso, ke tla heletsa tora eo.
10Haele Seba le Tsalmunna, ba ne ba fihlile Karkore le makgotla a bona, e leng bohle ba setseng ba makgotla wohle a bana ba Botjhabela, e batlile ho ba batho ba dikete tse leshome le metso e mehlano, ho bolailwe ba dikete tse lekgolo le nang le mashome a mabedi a ba pshemolang sabole. 11Jwale, Gideone a nyoloha ka tsela ya ba ahileng ditenteng, nqa botjhabela ho Noba le Jogbeha, mme a qhala makgotla wohle, makgotla a sa iketlile. 12Seba le Tsalmunna ba baleha, mme Gideone a ba phallela, a tshwara marena ao a mabedi a Midiane, Seba le Tsalmunna, mme a qhalanya makgotla wohle.
13Yaba Gideone, mora Joase, o kgutla ntweng ka moepa wa Herese. 14A tshwara mohlankana e mong wa Sukkothe, a mmotsa; eo a moo nea lengolo la mabitso a dikgosana le a baholo ba Sukkothe, batho ba mashome a supileng a metso e supileng. 15A fihla ho batho ba Sukkothe, a re ho bona: Seba le Tsalmunna ke bana, bao le nkomantseng ka baka la bona, la re: Hleka diatla tsa Seba le tsa Tsalmunna di se di le letsohong la hao, ha o re, re nee banna ba hao ba kgathetseng bohobe na? 16Yaba o nka baholo ba motse, a nka le meutlwa ya nahathothe le bobatshi, mme a shapa ba Sukkothe ka tsona. 17A heletsa le tora ya Penuele, a bolaya banna ba motse.
18A ntoo re ho Seba le Tsalmunna: Banna bao le ba bolaileng Thabore e ne e le ba jwang? Ba re: Ba ne ba tshwana le wena; e mong le e mong e ne e ka mora morena. 19A re: E ne e le banabeso, bana ba mme. Ka Jehova ya utlwang, hojane le ba tlohetse ba phela, nka be ke sa le bolaye le nna. 20A ba a bolella Jethere, mora hae wa letsibolo a re: Ema, o ba bolaye. Empa mohlankana ha a ka a pshemola sabole ya hae ke ho tshaba, hobane e ne e sa le mohlankanyana. 21Jwale, Seba le Tsalmunna ba re ho yena: Ema wena, o re bolaye, hobane motho kamoo a leng kateng, matla a hae le wona a jwalo. Yaba Gideone o ema, a bolaya Seba le Tsalmunna, a nka le maphaketsana a rwesitsweng melaleng ya dikamele tsa bona.
22Batho ba Iseraele ba re ho Gideone: O re buse, e le wena, le mora hao, le setloholo sa hao, etswe o re namoletse matsohong a Bamidiane. 23Gideone a re ho bona: Haele nna, nke ke ka le busa, le yena mora ka a ke ke a le busa. Jehova ke yena ya tla le busa.
24Gideone a boela a re ho bona: Ke kopa ntho e le nngwe ho lona, ke re: Nneeng e mong le e mong mefitshana eo le e hapileng. Hobane Bamidiane ba ne ba na le mefitsana ya kgauta, etswe e ne e le Baishmaele. 25Ba re: Re tla o nea yona ka bonolo. Yaba ba ala kobo, mme bohle ba akgela teng mefitshana eo ba e hapileng. 26Boima ba mefitshana eo a e kopileng, ya eba dishekele tsa kgauta tse sekete se nang le makgolo a supileng; ho sa balwe maphaketsana, leha e le masale, leha e le diaparo tsa sekarelata tse neng di aperwe ke marena a Midiane, leha e le mapetu a neng a rwesitswe melaleng ya dikamele tsa bona. 27Gideone a etsa efoda ka tsona, a e bea Ofra, motseng wa habo; mme Baiseraele bohle ba itshela bootswa ka yona; ya eba leraba ho Gideone le ho bohle ba ntlo ya hae.
28Bamidiane ba kokobetswa jwalo pela bana ba Iseraele; mme ha ba ka ba hlola ba emisa dihlooho tsa bona. Mme lefatshe la phomola ka dilemo tse mashome a mane mehleng ya Gideone.
29Jerubbaale, mora Joase, a ya dula tlung ya hae. 30Gideone a ba le bara ba mashome a supileng ba tswileng thekeng la hae, hobane basadi ba hae ba kile ba eba bangata. 31Serethe sa hae, se ahileng Sikeme, le sona sa mo tswalla moshanyana, mme a mo rea lebitso la Abimeleke. 32Gideone, mora Joase, a shwa, a se a tsofetse haholo, mme a patwa lebitleng la Joase ntatae, Ofra wa Baabiesere.
Bara ba Gideone ba bolawa ke ngwanabo bona Abimeleke. — Abimeleke o bewa morena Sikeme. — Setshwantsho sa Jothame. — Timelo e mpe ya Abimeleke.
33Eitse hobane Gideone a timele, bana ba Iseraele ba boela ba itshela bootswa ka boBaale, mme ba ipeela Baale-Berithe ho ba modimo wa bona. 34Bana ba Iseraele ha ba ka ba hopola Jehova, Modimo wa bona, ya ba namoletseng matsohong a dira tsohle tsa bona tse ba teetseng hare. 35Hape, ha ba ka ba etsetsa ntlo ya Jerubbaale, e leng Gideone, teboho e lekaneng le ntho tsohle tse molemo tseo a di etseditseng Iseraele.

Currently Selected:

BAAHLODI 8: SSO61-SO

Highlight

Share

Copy

None

Want to have your highlights saved across all your devices? Sign up or sign in