YouVersion Logo
Search Icon

BAAHLODI 5

5
1Tsatsing leo, Debora le Barake, mora Abinoame, ba bina, ba re:
2Bokang Jehova! hobane banaila ba eteleditse Baiseraele pele ntweng, le sona setjhaba se itlisitse teng ka ho rata.
3Utlwang, lona marena! le sekehe ditsebe, lona dikgosana! Ke nna, ke nna ke tla binela Jehova; ke tla binela Jehova, Modimo wa Iseraele! 4Oho, Jehova! e kile yare ha o tloha Seire, ha o tloha naheng ya Edomo, lefatshe le kile la reketla, mahodimo a qhibidiha, le maru a rotha metsi. 5Dithaba tsa sisinyeha pela Jehova, le yena Sinai pela Jehova, Modimo wa Iseraele!
6Mehleng ya Shamgare, mora Anathe, le mehleng ya Jaele, ditsela di ne di sa tsamauwe, baeti ba ne ba kgelohela ditseleng tse fapohileng. 7Balaodi ba ne ba hlokeha, ba ne ba hlokeha Iseraeleng, ho fihlela ho ba ho ema nna, ke le Debora, ke ema eka ke le mma Iseraele. 8Enere ha Baiseraele ba kgethile medimo e metjha, ke ha ntwa e tla hlaha dikgorong tsa metse. Hleka thebe, kapa lerumo, di ne di ka fumanwa ho Baiseraele ba kete tse mashome a mane na?
9Pela ya ka e rata batsamaisi ba Iseraele, ba setjhaba ba dumetseng ho futuha. Bokang Jehova, 10lona ba palameng diesele tse tshweu lona ba dutseng maseleng a alwang; le lona ba tsamayang ka ditsela, binang! 11Moo metsi a kguwang didibeng, ba fulang ka diqha ba ke ba rorise ditshitso tsa Jehova ka mantswe a bona, ditshitso tsa molaodi wa bona Iseraeleng! 12Ke ha setjhaba sa Jehova se tla theohela dikgorong! Tsoha, tsoha, Debora! Raoha, raoha, o bolele pina! Ema, Barake; isa kgolehong bao o ba hapileng, wena mora Abinoame! 13Ke mohlang oo masala e setseng a setjhaba a hlotseng dinatla, mme Jehova yena a ntlholela bahale. 14Ba bang ba eba Baefraime ba medileng metso thabeng ya Amaleke; kamora hao ho ne ho tsamaya Benjamine hara batho ba hao; ha theoha le batsamaisi ba Makire, le ba Sabulone ba tshwereng lere la balaodi. 15Marenana a Issaskare a tla le Debora; Issaskare le yena Barake ba nehella sekgutlong ka mora hae. Melapong ya Rubene, dipelo di ne di ferekane haholo. 16Wa na wa dulelang metebong? Ana e ne e le ho utlwa dillo tsa mehlape? Melapong ya Rubene, dipelo di ne di ferekane haholo. 17Gileade yena a itulela hae mose wane ho Jordane! Dane a nna a dulelang dikepeng? Asere a itulela lebopong la lewatle, a dula a iketlile dikoung tsa hae. 18Sabulone le Nefthali ke tsona ditjhaba tse sa kang tsa re letho ka lefu, mohla ho lwanwang diphahameng tsa naha.
19Marena a tla, a lwana; ha lwana marena a Kanana, pela Thaanake, metsing a Meggido, a mpa a se ke a hapa dintho, leha e le tjhelete. 20Naledi tse mahodimong tsa lwana, tsa lwantsha Sisera, ha di tsamaya ka ditsela tsa tsona. 21Molapo wa Kishone, molapo wa kgale, molapo wa Kishone o ba nkile! Oho, moya wa ka, hatakela dinatla ka maoto! 22Ke mohlang oo ditlhako tsa dipere di kileng tsa batalatsa lefatshe ke ho baleha hampe, ke ho baleha hampe ha dinatla tsa hae. 23Rohakang Merose, ha rialo lengeloi la Jehova! Rohakang, rohakang ba ahileng teng, hobane ha ba ka ba tla ho tlatsa Jehova, ho tlatsa Jehova hammoho le bahale.
24Ho ke ho roriswe hara basadi Jaele, mosadi wa Hebere Mokene! A ke a roriswe hara basadi ba ahileng ditenteng! 25Sisera o ne a kope metsi, a mo fa lebese; a mo tlisetsa mafi ka mohope wa marena. 26Ka letsoho la hae a tshwara sethakgisa; ka letsoho la hae le letona a tshwara noto ya lelala; mme ka noto a otla Sisera, a mo hlaba hloohong, a mo pshatla, a mo phunya hlafunelo. 27A inama maotong a hae, a wa, a rapalla. A inama maotong a hae, a wa. Moo a inamang, a wela teng a shwele.
28Mma Sisera o nyarela ka fensetere se haheleditsweng ka dithupa, o howa, o re: Koloi ya hae e diehetseng ho hlaha? Maoto a makoloi a hae a tsamaelang butle? 29Basadi ba hae ba bohlale ba mo arabela, le yena a ipolella, 30a re: Ha ke re, ba hapile? Ha ke re, ba arolelana kgapo? Monna e mong le e mong o nka morwetsana e mong, kapa ba babedi. Kgapo ya masela a mebalabala ke ya Sisera, kgapo ya masela a mebalabala a lohilweng, masela a lohilweng a le mebalabala hohle, a ho kgabisa molala!
31Oho Jehova! dira tsohle tsa hao ha di ke di timele jwalo! Haele ba o ratang, ba tla tshwana le letsatsi ha le tjhaba matleng a lona.
Yaba lefatshe le phomola ka dilemo tse mashome a mane.

Currently Selected:

BAAHLODI 5: SSO61-SO

Highlight

Share

Copy

None

Want to have your highlights saved across all your devices? Sign up or sign in