YouVersion Logo
Search Icon

BAAHLODI 3

3
1Ke tsena ditjhaba tseo Jehova a kileng a di siya, ho leka ka tsona Baiseraele, e leng bohle ba sa kang ba bona dintwa tsohle tsa Kanana. 2Ya eba hore masika a bana ba Iseraele a tsebe, mme a ithute ntwa, e leng ao a sa kang a tseba ntwa tsa pele. 3Ke marena a mahlano a Bafilesta, le Bakanana kaofela, le Basidone, le Baheve ba ahileng thabeng ya Lebanone, ho tloha thabeng ya Baale-Hermone ho isa makgalong a Hamathe. 4Tjhaba tsena tsa eba teng ho leka Baiseraele, hore ho tle ho tsejwe ha ekaba ba tla mamela ditaelo tseo Jehova a neng a di laele bontata bona ka Moshe. 5Ha ho le jwalo, bana ba Iseraele ba nna ba aha hara Bakanana, le Bahethe, le Baamore, le Baferese, le Baheve, le Bajebuse. 6Ba nyala baradi ba bona, ba nea bara ba bona baradi ba bona, mme ba sebeletsa medimo ya bona.
Othniele.
7Bana ba Iseraele ba etsa ho leng hobe pela Jehova, ba lebala Jehova, Modimo wa bona, ba sebeletsa boBaale le boAshtarothe. 8Yaba kgalefo ya Jehova e tukela Baiseraele, mme a ba rekisetsa matsohong a Kushane-Risheathaime, morena wa Mesopotamia, mme bana ba Iseraele ba ruwa ke Kushane-Risheathaime ka dilemo tse robileng meno e le mmedi. 9Yaba bana ba Iseraele ba howeletsa ho Jehova, mme Jehova a hlahisetsa bana ba Iseraele monamoledi ya ba namolelang, e leng Othniele, mora Kenase, moena Kalebe. 10Moya wa Jehova wa eba ho yena; a ahlolela Iseraele, a lwana; mme Jehova a neela Kushane-Risheathaime, morena wa Mesopotamia, matsohong a hae. Letsoho la hae la hlola Kushane-Risheathaime. 11Mme lefatshe la phomola ka dilemo tse mashome a mane; mme Othniele, mora Kenase, a timela.
Ehude.
12Yaba bana ba Iseraele ba boela ba etsa ho leng hobe pela Jehova, mme Jehova a tsosa Eglone, morena wa Moabe, hore a lwantshe Baiseraele, kahobane ba entse ho leng hobe pela Jehova. 13Eglone a iphuthela bana ba Ammone le Baamaleke, a ya a hlola Baiseraele, mme ba rua motse wa Dipalema. 14Bana ba Iseraele ba ruwa ke Eglone, morena wa Moabe, ka dilemo tse leshome le metso e robileng meno e le mmedi.
15Yaba bana ba Iseraele ba howeletsa ho Jehova, mme Jehova a ba hlahisetsa monamoledi, Ehude, mora Gera, Mobenjamine, monna ya leqele. Bana ba Iseraele ba romela nyehelo ka yena ho Eglone, morena wa Moabe. 16Ehude a iketsetsa sabole e mahale a mabedi, bolelele ba yona e le setswe se le seng; mme a e tlama seropeng sa hae se setona katlasa dikobo tsa hae. 17A beela Eglone, morena wa Moabe, nyehelo. Eglone yena e ne e le motho ya nonneng haholo. 18Eitse hobane Ehude a qete ho beela Eglone nyehelo, a kgutlisa batho ba neng ba tlisitse nyehelo. 19Haele yena, a kgutla mefarong e pela Gilgale, a re: Ke na le taba ya lekunutu le wena, morena! Eglone a re: Kgutsang! Yaba batho kaofela ba nang le yena ba tloha ho yena. 20Ehude a mo atamela a dutse tlung ya hae ya lehlabula a le nnotshi, mme Ehude a re ho yena: Ke o tliseditse taba e tswang ho Modimo. Mme Eglone a tloha setulong sa hae. 21Yaba Ehude o isa letsoho la hae le letshehadi, a tshwara sabole lethekeng le letona la hae, a mo hlaba mpeng. 22Mme theko ya sabole ya kena kamora tshepe, mme mafura a patisa tshepe, a ba a sitwa ho ntsha tshepe mpeng, ya ya ho tswela ka kwana. 23Ehude a ntoo tswa ka mathule, a kwalla morena ka mamati a ntlo e kahodimo, mme a a tiisa ka senotlolo. 24Eitse hobane a tswe, bahlanka ba Eglone ba tla, ba tadima, ba bona mamati a ntlo e kahodimo a kwetswe ka senotlolo; ba re: Ekaba o ikgurumeditse maoto tlung ya hae ya lehlabula. 25Ba lebella jwalo, ba ba ba belaela, ha ba bona a sa bule menyako ya ntlo e kahodimo; yaba ba nka senotlolo, ba bula, ba bona monga bona a rapaletse fatshe, a shwele. 26Ehude a mpa a baleha, ha ba ntse ba dikadika, a feta merafo, a balehela Seira. 27Eitse ha a fihlile teng, a letsa terompeta thabeng ya Efraime, mme bana ba Iseraele ba theoha le yena thabeng, a ba eteletse pele. 28A re ho bona: Ntateleng, etswe Jehova a neetse Bamoabe, dira tsa lona, matsohong a lona. Ba theoha, ba mo sala morao, mme ba tshwara madiboho a Jordane mabapa le Moabe, ba se ke ba dumella motho ho tshela. 29Mohlang oo, ba bolaya Bamoabe ba batlileng ho ba dikete tse leshome, e bileng bohle bahale le dinatla, ho se ke ha phonyoha le a mong. 30Tsatsing leo Bamoabe ba kokobetswa ke Baiseraele, mme lefatshe la phomola ka dilemo tse mashome a robileng meno e le mmedi.
Shamgare.
31Kamora Ehude, Shamgare, mora Anathe, a bolaya Bafilesta ba makgolo a tsheletseng ka tsenene ya dipholo, a namolela Iseraele le yena.

Currently Selected:

BAAHLODI 3: SSO61-SO

Highlight

Share

Copy

None

Want to have your highlights saved across all your devices? Sign up or sign in