YouVersion Logo
Search Icon

III JOHANNE 1

1
Tumediso. — Ho roriswa Gaiuse.
1 Nna, moholo, ke ngolla Gaiuse, moratuwa, eo ke mo ratang nneteng.
2Moratuwa, ke rata hoba o atlehe nthong tsohle, mme o iketle mmeleng wa hao, jwalokaha moya wa hao o atlehile. 3Hobane ke thabile haholo ha baena ba fihlileng mona ba pakile nnete ya hao, kamoo o tsamayang nneteng kateng. 4Ho nna ha ho thabo e fetisang ena, ya ho utlwa hoba bana ba ka ba tsamaya nneteng.
5Moratuwa, o etsa ka bokgabane ho tsohle tseo o di etsetsang baena le baeti. 6Ke bona ba pakileng lerato la hao pela kereke; mme o tla etsa hantle ha o ba baballa leetong la bona ka mokgwa o ka bokwang ke Modimo. 7Hobane ba tsamaile ka baka la lebitso la wona, ba sa amohele letho ho baditjhaba. 8Efela re tshwanetse ho amohela ba jwalo, hore re sebedisane le nnete.
Ho qoswa Diotrefe; ho roriswa Demetriuse. — Ditumediso.
9Ke ngoletse kereke; empa Diotrefe, ya ratang ho ba wa pele wa bona, ha a re amohele. 10Ka baka leo, mohla ke tlang ha heno, ke tla le hopotsa diketso tsa hae, tseo a di etsang, ha a ntse a re seba ka mantswe a lonya, mme ha a kgolwe ke hoo, empa, ere a sa amohele baena, o thibela le ba ratang ho ba amohela, a be a ba leleke kerekeng.
11Moratuwa, o se ke wa etsisa bobe, o mpe o etsise botle. Ya etsang hantle o tswa ho Modima; empa ya etsang hampe ha a ka a bona Modimo.
12Demetriuse o bokwa ke bohle, le ke yona nnete; le rona re a mmoka, mme le a tseba hobane poko ya rona ke ya nnete.
13Ke ne ke na le ditaba tse ngata tseo nka beng ke o ngolla tsona; empa ha ke rate ho di ngola ka pene le ka enke; 14empa ke tshepile hoba ke tla o bona kapele, le ho buisana le wena ka molomo.
15Kgotso e be ho wena! Metswalle e a o dumedisa. Dumedisa metswalle ka mabitso a yona.

Currently Selected:

III JOHANNE 1: SSO61-SO

Highlight

Share

Copy

None

Want to have your highlights saved across all your devices? Sign up or sign in

YouVersion uses cookies to personalize your experience. By using our website, you accept our use of cookies as described in our Privacy Policy