YouVersion Logo
Search Icon

II BAKORINTHE 12

12
1Ke tshwanetse ho ithorisa; empa ha ho nthuse letho. Leha ho le jwalo, ke tla fihlisa mehlolong le ditshenolong tsa Morena.
2Ke tseba motho ya leng ho Kreste, ya kileng a nkelwa lehodimong la boraro, ho se ho le dilemo tse leshome le metso e mene — kapa e bileng ka mmele, ha ke tsebe; kapa e bileng ka ho siya mmele, le teng ha ke tsebe, ho tseba Modimo — 3ke a tseba hoba motho eo — kapa e bileng ka mmele, kapa e bileng ka ho siya mmele, ha ke tsebe, ho tseba Modimo — 4o kile a nkelwa Paradeiseng, mme a utlwa ditaba tse se nang ho bolelwa, tseo motho a ke keng a dumellwa ho di hlahisa. 5Nka ithorisa ka motho eo; empa nke ke ka ithorisa ka nna, haese ka mefokolo ya ka. 6Athe, leha nka ithorisa, e ke ke ya ba ke etsa ka bowatla, hobane seo ke se bolelang, ke nnete; empa tseo ke a di lesa, motho a tle a se ke a mpea boholo bo fetisang seo a mponang ke le sona, leha e le seo a nkutlwang ke bolelwa ka sona.
7Empa ka ho re, ke se ke ka iphahamisa ka boholo ba ditshenolo tseo tse tlodisang, ke neilwe phatsa e hlabang ka nameng, e leng lengeloi la Satane, le tle le nkwahlele, hore ke se ke ka iphahamisa. 8Bakeng seo, ke rapetse Morena hararo, hore ntho eo e tloswe ho nna. 9Empa Morena a re ho nna: Mohau wa ka o a o lekana; hobane matla a ka a iphetha mefokolong. Ka baka leo, moo ke ratang teng, ke ho ithorisetsa ho fokoleng ha ka, matla a Kreste a tle a nkapese. 10Ke ka baka leo ke ithatelang mefokolong, le dinyefolong, le bohloking, le dihlorisong, le mahlomoleng, ka baka la Kreste; hobane mohla ke fokolang, eba ke mohla ke nang le matla.
11Ha ke ithorisitse, ke fetohile lewatla, ke lona le ntshusumeleditseng teng; hobane ke ne ke tshwanelwa ke ho emelwa ke lona, hobane ha ke a ka ka fetiswa ka letho, leha le le leng, ke baapostola ba fetisang ka boholo, leha ke se eng. 12Ruri, haele dipontsho tsa baopostola ba ka, di sebeditswe ka matla hara lona, ka mamello yohle, ka dipontsho, ka meeka, le ka mehlolo. 13Ana le kile la fetiswa ka eng ke dikereke tse ding, haese kahobane ke sa ka ka le etsetsa boima? Le nkgauhele tshitong eo.
14Bonang, e se e le lekgetlo la boraro ke itokisetsa ho tla ho lona, mme le jwale nke ke ka le etsetsa boima; hobane ha ke batle tsa lona, empa ke batla lona; etswe e se bana ba tshwanetseng ho bokellela bontata bona, empa e le bontata batho ba tshwanetseng ho bokellela bana ba bona. 15Mme haele nna, nke ke ka kganana ho ntshetsa le ho ntshetswa meya ya lona; leha ke ratwa hanyenyane, ke ntse ke le rata haholo.
16 Ekaba ho tla thwe: Efela ha ke a ka ka le etsetsa boima, empa ke ne ke na le mano, mme ke le tshwere ka bohlale. 17Na ke ruile tsa lona ka ofe ho bao ke ba romileng ho lona na? 18Ke kgothaditse Tite, ka re, a ye ho lona, mme ke romile le yena moena e mong. Na Tite o kile a rua letho ka lona na? Na ha re a ka ra tsamaya le yena ka moya o le mong, ka mehlala e le meng feela na? 19Hleka le jwale le re, re sa ntse re itlhatswa ho lona na? Tjhe, re bua pela Modimo, re le ho Kreste; mme ka tsohle tseo, baratuwa, re le batlela kgahiso.
20Hobane ke a tshoha hoba, ekaba mohla ke tlang, ke tla le fumana le se jwalokaha nka le rata, mme le nna le tla fumana ke se jwalokaha le rata, mme mohlomong ke tla fihlela dikgang, le mehono, le diphapang, le dikomang, le ditshebo, le diketselletso, le boikgohomoso, le meferefere. 21Mme jwale, ha ke boela ho lona, mohlomong Modimo wa ka o tla nkokobetsa ka lona, mme ke tla hlomoha ka ba bangata ba sitilweng pele, ba sa kang ba baka ditshileng, le bofebeng, le bohloleng boo ba bo entseng.

Currently Selected:

II BAKORINTHE 12: SSO61-SO

Highlight

Share

Copy

None

Want to have your highlights saved across all your devices? Sign up or sign in

YouVersion uses cookies to personalize your experience. By using our website, you accept our use of cookies as described in our Privacy Policy