YouVersion Logo
Search Icon

I JOHANNE 5

5
Ditholwana tsa tumelo. Matla a thapelo.
1E mong le e mong ya dumelang hobane Jesu ke Kreste, o tswetswe ke Modimo; mme e mong le e mong ya ratang motswadi, o rata le ya tswetsweng ke yena. 2Moo re tsebang hobane re rata bana ba Modimo, ke ha re rata Modimo, mme re boloka ditaelo tsa wona. 3Hobane ho rata Modimo, ke ha re boloka ditaelo tsa wona, mme ditaelo tsa wona ha di boima. 4Hobane hohle ho tswetsweng ke Modimo ho hlola lefatshe, mme hlolo e hlotseng lefatshe ke tumelo ya rona. 5Ke mang ya hlolang lefatshe, haese ya dumelang hobane Jesu ke Mora wa Modimo?
6Jesu Kreste ke yena ya tlileng ka metsi le ka madi; e seng ka metsi feela, empa e le ka metsi le ka madi. Mme Moya ke wona paki; hobane Moya ke nnete. 7Hobane ho le ba bararo bao e leng dipaki: 8Moya, le metsi, le madi; mme tse tharo tseo di paka ntho e le nngwe. 9Haesita le bopaki ba batho re bo amohela, bopaki ba Modimo bo fetisa ka boholo; mme ke bona boo bopaki boo Modimo o pakileng Mora wa wona ka bona. 10Ya dumelang ho Mora wa Modimo o na le bopaki ka ho yena; ya sa dumeleng Modimo o o entse leshano; hobane ha a dumele bopaki boo Modimo o pakileng Mora wa wona ka bona. 11Mme bopaki boo ke hoba Modimo o re neile bophelo bo sa feleng, mme bophelo boo bo ho Mora wa wona. 12Ya nang le Mora, o na le bophelo; ya se nang Mora wa Modimo, ha a na bophelo.
13Ke le ngoletse taba tseo, lona ba dumelang lebitso la Mora wa Modimo, hore le tle le tsebe hobane le na le bophelo bo sa feleng, mme le tle le dumele lebitso la Mora wa Modimo.
14Mme tshepo e tiileng eo re nang le yona ho yena, ke hobane, ha re kopa ntho ka ho rata ha hae o a re utlwa. 15Mme ha re tseba hoba o re utlwa ha re kopa eng le eng, re a tseba hoba re na le tseo re di kopileng ho yena.
16Ha motho a bona ngwanabo a etsa sebe se sa iseng lefung, a ke a mo rapelle, mme Modimo o tla mo nea bophelo bakeng sa ba etsang sebe se sa iseng lefung. Sebe se teng se isang lefung; hase bakeng sa sona ke reng, ho rapelwe. 17Bokgopo bohle ke sebe, mme sebe se teng se sa iseng lefung.
18Re a tseba hoba e mong le e mong ya tswetsweng ke Modimo ha a etse sebe; empa ya tswetsweng ke Modimo o a ipoloka, mme e mobe ha a mo ame. 19Re a tseba hoba re tswetswe ke Modimo le hoba lefatshe lohle le rapaletse katlase ho e mobe. 20Re a tseba hape hoba Mora Modimo o tlile, mme o re neile kutlwisiso, hore re tsebe Wa nnete; mme re ho Wa nnete, ho Mora wa wona Jesu Kreste; ke yena e leng Modimo wa nnete le bophelo bo sa feleng. 21Bana, itshabiseng medimo ya bohata. Amen!

Currently Selected:

I JOHANNE 5: SSO61-SO

Highlight

Share

Copy

None

Want to have your highlights saved across all your devices? Sign up or sign in

YouVersion uses cookies to personalize your experience. By using our website, you accept our use of cookies as described in our Privacy Policy