YouVersion Logo
Search Icon

Mattheu 9

9
Mattheu 9
1Yaba o kena sekepeng, a tshela, a fihla motseng wa habo.
2Mme bonang, ba tlisa ho yena monna ya omeletseng ditho, a robetse diphateng. Mora, beta pelo; o tshwaretswe dibe tsa hao.
3Mme bonang, ba bang ba bangodi ba re ka ho bona: Motho enwa o nyefola.
4Jesu a tseba mehopolo ya bona, a re: Le hopolelang bobe ka dipelong tsa lona?
5Hobane ho bonolo ke hofe, ho re: O tshwaretswe dibe tsa hao; kapa ho re: Ema, o tsamaye?
6Empa e le hore le tle le tsebe hore Mora motho o na le matla lefatsheng a ho tshwarela dibe,” a re ho motho ya omeletseng ditho: “Ema, o nke diphate tsa hao, o ye tlung ya hao.
7A tsoha, a ikela tlung ya hae.
8Empa ha matshwele a bona hoo, a hlollwa, mme a tlotlisa Modimo, ya neileng batho matla a kalo.
9Eitse ha Jesu a tloha teng, a tloha moo, a bona monna ya bitswang Mattheu, a dutse pela ntlo ya lekgetho, a re ho yena: Ntatele. A ema, a mo latela.
10Yare ha Jesu a dutse dijong ka tlung, balekgetho ba bangata le baetsadibe ba tla, ba dula le yena le barutuwa ba hae.
11Bafarisi, ha ba bona hoo, ba re ho barutuwa ba hae: Ke ka baka lang moruti wa lona a jang le balekgetho le baetsadibe?
12Eitse ha Jesu a utlwa, a re ho bona: Ba phelang hantle ha ba hloke ngaka, empa e batlwa ke ba kulang.
13Eyang, le ithute hore na ke ho reng: Ke rata mohau, e seng sehlabelo;
14Jwale barutuwa ba Johanne ba tla ho yena, ba re: “Ke ka baka lang rona le Bafarisi re itima dijo hangata, empa barutuwa ba hao ha ba itime dijo?
15Jesu a re ho bona: Na banyadi ba ka lla, monyadi a sa na le bona na? empa matsatsi a tla tla, ao monyadi a tla tloswa ho bona, mme ke hona ba tla itima dijo.
16Ha ho motho ya beang setsiba sa lesela le letjha seaparong se tsofetseng;
17Leha e le batho ba tshelang veine e ntjha makukeng a kgale;
18A re a sa ba bolella taba tseo, bonang, ha fihla mmusi e mong, a mo kgumamela, a re: Moradi wa ka o se a shwele;
19Jesu a ema, a mo latela, le barutuwa ba hae.
20Mme, bonang, mosadi ya neng a tshwerwe ke phallo ya madi ka dilemo tse leshome le metso e mmedi, a tla kamora hae, a ama qola ya seaparo sa hae.
21Hobane o ne a ipolella, a re: Ha nka ama seaparo sa hae feela, ke tla fola.
22Jesu a reteleha, mme ha a mmona, a re: Beta pelo, moradi; tumelo ya hao e o fodisitse. Mme mosadi a fola ho tloha ka nako eo.
23Jesu ha a fihla tlung ya mmusi, a bona diletsi tsa diphala le letshwele le etsang lerata.
24A re ho bona: Suthang; Mme ba mo tsheha.
25Empa ha letshwele le ntshitswe, a kena, a mo tshwara ka letsoho, mme morwetsana a tsoha.
26Tumo ya taba eo ya utlwahala naheng eo yohle.
27Eitse ha Jesu a tloha teng, difofu tse pedi tsa mo latela, tsa howa, tsa re: Mora Davida, re utlwele bohloko!
28Eitse hobane a kene tlung, difofu tsa tla ho yena; Ba re ho yena: E, Morena.
29Yaba o ama mahlo a tsona, a re: Le etswe ka tumelo ya lona.
30Mahlo a bona a tutuboloha; mme Jesu a ba laela haholo, a re: Iponeleng, hore ho se ke ha tsejwa ke motho.
31Empa bona, ha ba tloha, ba hasa botumo ba hae naheng eo yohle.
32Yare ba sa tswa, bonang, ha tliswa ho yena semumu se nang le modemona.
33Eitse hobane modemona o lelekwe, semumu sa bua, mme matshwele a makala, a re: Ha ho eso ho ka ho bonwa jwalo Iseraeleng.
34Empa bafarisi ba re: O leleka batemona ka morena wa batemona.
35Jesu a ya le metse le metsana yohle, a ntse a ruta masinagogeng a bona, a bolela Evangeli ya mmuso, a fodisa malwetse wohle le mefokolo yohle hara batho.
36Eitse ha a bona matshwele, a a utlwela bohloko, hobane ba ne ba kgathetse, ba qhalane jwaloka dinku tse se nang modisa.
37A ntoo re ho barutuwa ba hae: Kotulo e kgolo, empa basebetsi ha ba bakae;
38Ka hona rapelang Morena wa kotulo hore a romele basebetsi kotulong ya hae.

Currently Selected:

Mattheu 9: CSOB24

Highlight

Share

Copy

None

Want to have your highlights saved across all your devices? Sign up or sign in