YouVersion Logo
Search Icon

Mattheu 16

16
Mattheu 16
1Bafarisi le Basadusi ba tla ho yena, mme ba mo leka, ba kopa hore a ba etsetse pontsho e tswang lehodimong.
2A araba, a re ho bona: “Ha e se e le mantsiboya, le re: ’Ho tla ba monate, hobane lehodimo le lefubedu.
3Hosasane, le re: Kajeno ho tla ba le lerata, hobane lehodimo le lefubedu, le letshoane. Baikaketsi ke lona, le tseba ho lemoha sebopeho sa lehodimo; empa na ha le kgone ho lemoha dipontsho tsa mehla?
4Moloko o kgopo, o mofebi, o batla pontsho; mme ha o ka ke wa newa mohlolo, haese pontsho ya moporofeta Jonase. A ba tlohela, a ikela.
5Yare ha barutuwa ba tshelela mose wane, ba lebala ho nka mahobe.
6Jesu a re ho bona: Iponeleng, le tshabe ditomoso tsa Bafarisi le tsa Basadusi.
7Yaba ba eletsana, ba re: Ke hobane ha re a ka ra nka mahobe.
8Jesu ha a di tseba, a re ho bona: “Lona ba tumelo e nyenyane!
9Na ha le eso ho utlwisise, leha e le ho hopola mahobe a mahlano a ba dikete tse hlano, le hore na le ile la nka diroto tse kae?
10Leha e le mahobe a supileng a ba dikete tse nne, le diroto tse kae tseo le ileng la di bokella?
11Ana ha le utlwisise jwang ha ke sa ka ka bua le lona ka mahobe, ka re, le tshabe ditomoso tsa Bafarisi le tsa Basadusi?
12Yaba ba utlwisisa hore o ne a sa ba bolella hore ba hlokomele tomoso ya bohobe, empa e le thuto ya Bafarisi le ya Basadusi.
13Jesu ha a fihla naheng ya Sesarea wa Filipi, a botsa barutuwa ba hae, a re: Batho ba re Mora motho ke mang?
14Ba re: “Ba bang ba re o Johanne Mokolobetsi; ba bang ba re, ke Jeremia, kapa e mong wa baporofeta.
15A re ho bona: Empa lona le re, ke mang?
16Simone Petrose a araba, a re: O Kreste, Mora Modimo o phelang.
17Jesu a araba, a re ho yena: O lehlohonolo, Simone mora Jona, hobane hase nama le madi tse o senoletseng tsona, empa ke Ntate ya mahodimong.
18Le nna ke re ho wena: O Petrose, mme hodima lejwe lena ke tla haha kereke ya ka; mme dikgoro tsa molete di ka se e fenye.
19Ke tla o nea dinotlolo tsa mmuso wa mahodimo, mme seo o tla se tlama lefatsheng, se tla tlangwa lehodimong;
20Yaba o laela barutuwa ba hae hore ba se ke ba bolella motho hore ke yena Jesu Kreste.
21Ho tloha mohlang oo, Jesu a qala ho hlalosetsa barutuwa ba hae hore e ka kgona a ye Jerusalema, mme a hlokofatswe haholo ke baholo le baprista ba baholo le Ditsebi tsa Molao, mme a bolawe, mme a tsohe ka letsatsi la boraro.
22Petrose a mo nka, a qala ho mo kgalemela, a re: “Morena, o be hole le wena!
23Empa yena a reteleha, a re ho Petrose: Tloha ho nna, Satane, o kgopiso ho nna, hobane ha o utlwe tsa Modimo, empa tsa batho.
24Yaba Jesu o re ho barutuwa ba hae: Ekare ha motho a rata ho ntshala morao, a ke a itele, a ipelese sefapano sa hae, mme a ntatele.
25Hobane e mong le e mong ya ratang ho pholosa bophelo ba hae, o tla timellwa ke bona;
26Hobane leha motho a ka rua lefatshe lohle, ha a timeletswe ke moya wa hae, ekaba o ruileng ka lona na? Kapa motho moya wa hae a ka o reka kang?
27Hobane Mora motho o tla tla ka kganya ya Ntatae le mangeloi a hae; mme mohlang oo, o tla nea e mong le e mong ka tekanyo ya diketso tsa hae.
28Kannete ke re ho lona: Ba bang ba teng ho ba emeng mona ba ke keng ba utlwa ho shwa, ba eso ho bone Mora motho a etla mmusong wa hae.

Currently Selected:

Mattheu 16: CSOB24

Highlight

Share

Copy

None

Want to have your highlights saved across all your devices? Sign up or sign in