YouVersion Logo
Search Icon

Mattheu 11

11
Mattheu 11
1Eitse hobane Jesu a qete ho laela barutuwa ba hae ba leshome le metso e mmedi, a tloha teng ho ya ruta le ho bolela Evangeli metseng ya bona.
2Eitse ha Johanne a le teronkong, a utlwa mesebetsi ya Kreste, a roma barutuwa ba hae ba babedi.
3Ba re ho yena: Na ke wena ya tlang ho tla, kapa re lebelle e mong na?
4Jesu a araba, a re ho bona: Eyang le tsebise Johanne tseo le di utlwang le tseo le di bonang.
5Difofu di a bona, dihlotsa di a tsamaya, balepera ba hlwekiswa, ba thibaneng ditsebe ba utlwa, bafu ba a tsoswa, mme mafutsana a bolellwa Evangeli.
6Mme ho lehlohonolo ya sa kgoptjweng ke nna.
7Eitse ha ba tsamaya, Jesu a qala ho bolella matshwele bakeng sa Johanne, a re: Le ne le ile ho bonang lefeelleng? Lehlaka le tsokoang ke moea?
8Empa le ne le ile ho bonang? Monna ea apereng liaparo tse bonolo? bonang, ba apereng diaparo tse bonolo ba matlung a marena.
9Empa le ne le ile ho bonang? Moprofeta? ee, ke a le bolella, ya fetisang le moporofeta.
10Hobane ke yena eo ho ngodilweng tsa hae, ha thwe: Bona, ke roma lenqosa la ka ka pele ho sefahleho sa hao, le tla o lokisa tsela pela hao.
11Kannete ke re ho lona: Hara ba tswetsweng ke basadi ha ho e moholo ho Johanne Mokolobetsi; empa e monyenyane Mmusong wa mahodimo o moholo ho yena.
12Ho tloha mehleng ya Johanne Mokolobetsi, ho fihlela jwale, mmuso wa mahodimo o ntse o futuha, mme bahale ba o hapa.
13Hobane baporofeta bohle le Molao ba porofetile ho fihlela ho Johanne.
14Mme ekare ha le rata ho di amohela, enwa ke Elia ya neng a tla tla.
15Ya nang le ditsebe ho utlwa a utlwe.
16Empa moloko oo ke tla o tshwantsha le eng? O jwaloka bana ba dutseng mapatlelong, ba bitsang balekane ba bona;
17Ba re: Re le leletse phala, mme ha le a ka la tjeka; re le llele, mme ha le a ka la lla.
18Hobane Johanne o tlile a sa je, a sa nwe, mme ba re: O na le modemona.
19Mora Motho o tlile a eja, a enwa, mme ba re: Bonang, ho na le motho wa monyollo le monwi, motswalle wa balekgetho le baetsadibe. Empa bohlale bo lokafatswa ho bana ba bona.
20Yaba o qala ho omanya metse eo mehlolo e mengata e entsweng ho yona, kahobane e ne e sa ka ya baka.
21Ho madimabe wena Korazine! Ho malimabe uena, Bethsaida! gobane mehlolo ye e dirilwego go lena ge e ka be e dirilwe Tiro le Sidone, nkabe e sa le kgale ba itshola ba apere lešela la mokotla le molora.
22Empa ke re ho lona: Ho tla ba bonolo bakeng sa Tire le Sidone ka letsatsi la kahlolo ho feta bakeng sa lona.
23Le wena Kapernauma, o phahamiseditseng lehodimong, o tla theolelwa diheleng;
24Empa ke re ho lona: Ho tla ba bonolo bakeng sa lefatshe la Sodoma ka letsatsi la kahlolo ho feta bakeng sa hao.
25Ka nako eo Jesu a araba, a re: Ke a o leboha, Ntate, Morena wa lehodimo le wa lefatshe, kahobane taba tseo o di patetse ba bohlale le ba kelello, mme o di senoletse masea.
26Leha ho le jwalo, Ntate, hobane ho kgahlile jwalo mahlong a hao.
27Tsohle ke di neilwe ke Ntate; mme ha ho ya tsebang Mora, haese Ntate; mme ha ho ya tsebang Ntate, haese Mora, le eo Mora a ratang ho mo senolela yena.
28Tloong ho nna, lona bohle ba kgathetseng, ba imelwang, mme ke tla le imolla.
29Jarang joko ea ka, le ithute ho ’na; hobane ke bonolo, ke ikokobeditse pelong, mme le tla fumanela meya ya lona phomolo.
30Hobane joko ea ka e bobebe, mojaro oa ka o bobebe.

Currently Selected:

Mattheu 11: CSOB24

Highlight

Share

Copy

None

Want to have your highlights saved across all your devices? Sign up or sign in