YouVersion Logo
Search Icon

Baroma 9

9
Baroma 9
1Ke bua nnete ka Kreste, ha ke bue leshano, letswalo la ka le ntse le mpakela ka Moya o Halalelang.
2hore ke na le tsieleho e kholo le mesarelo e sa feleng ka pelong ea ka.
3Hobane ke ne nka lakatsa eka nna ke rohakilwe ke tlohile ho Kreste bakeng sa banabeso, bao e leng beso ka nama.
4Baiseraele ke bo-mang; e leng ho nkelwa bana, le kganya, le dilekane, le ho newa molao, le tshebeletso ya Modimo, le ditshepiso;
5ba bontata rona ke ba bona, bao Kreste a tswileng ho bona ka nama, e leng Modimo ya okametseng tsohle, Modimo o bokwang ka ho sa feleng. Amen.
6Eseng jwaloka hoja lentswe la Modimo le hlolehile ho sebetsa. Hobane hase Baiseraele bohle ba tswileng ho Iseraele;
7Leha e le kahobane e le leloko la Abrahama, hase bana bohle;
8Ke ho re, bao e leng bana ba nama hase bona bana ba Modimo, empa bana ba pallo ke bona ba balwang leloko.
9Hobane lentswe la pallo ke lena: Ke tla tla ka nako ena, mme Sara o tla ba le mora.
10Mme e seng hona feela; empa Rebeka le yena e ne e le moimana ka a le mong, e leng Isaaka, ntata rona;
11(hobane bana ha ba eso ho tswalwe, ba eso ho etse botle leha e le bofe bokgopo, hore morero wa Modimo o ikgethetseng o tle o eme, e seng ka mesebetsi, e mpe e be wa ya bitsang);
12Ho itswe ho yena: E moholo o tla sebeletsa e monyenyane.
13jwalokaha ho ngodilwe, ho thwe: Jakobo ke ratile, empa Esau yena ke mo hloile.
14Jwale re tla reng? Na ho se loke ho teng ho Molimo? Molimo ha ho joalo.
15Hobane o itse ho Moshe: Ke tla hauhela eo ke mo hauhelang, mme ke tla hauhela eo ke mo rekolohelang.
16Jwale, ha se ka ya ratang, leha e le ka ya mathang, empa e le ya Modimo o mohau.
17Hobane Lengolo le itse ho Faro: Ke o hlahisitse ka baka leo, hore ke bonahatse matla a ka ka wena, le hore lebitso la ka le bolelwe lefatsheng lohle.
18Ka baka leo, o hauhela eo a ratang ho mo hauhela, mme o thatafatsa eo a ratang ho mo thatafatsa.
19Jwale, o tla re ho nna: ’Ke hobaneng ha a sa ntse a nyedisa? Hobane ke mang ya hanyeditseng thato ya hae?
20Empa, wena motho, o mang ha o ka fetola Modimo? Na ntho e bopilweng e ka re ho mmopi wa yona: O nketseditseng hakalo?
21Na mmopi ha a na matla hodima letsopa ho etsa sejana se seng sa hlompho ka letsopa le le leng, le se seng se sa hlompheheng?
22Ho ka ba jwang ha Modimo, ka ho rata ho bonahatsa kgalefo ya wona, le ho tsebahatsa matla a wona, o ile wa mamella ka mamello e kgolo dijana tsa kgalefo tse lokiseditsweng timelo?
23le hore a tle a tsebise monono wa kganya ya hae hodima dijana tsa mohau, tseo a di lokiseditseng kganya pele.
24Le rona bao a ba bitsitseng, e seng hara Bajuda feela, empa le hara Baditjhaba?
25Jwalokaha o bolela le bukeng ya Hosea, a re: Bao e neng e se setjhaba sa ka, ke tla ba bitsa setjhaba sa ka; le moratuwa wa hae, ya neng a sa ratwe.
26Mme etlare moo ho neng ho itswe ho bona: Ha le setjhaba sa ka; teng ba tla bitswa bana ba Modimo o phelang.
27Esaia le yena o howeletsa bakeng sa Iseraele, a re: Leha palo ya bana ba Iseraele e ka ba ka ka lehlabathe la lewatle, ho tla bolokeha masala;
28Hobane o tla phetha mosebetsi, mme o tla o kgaola ka ho loka, hobane mosebetsi o kgutshwane o tla o etsa lefatsheng.
29Jwalokaha Esaia a ne a boletse pele, a re: Hoja Morena wa makgotla a sa ka a re siela leloko, re ka be re bile jwaloka Sodoma, ra ba ra tshwana le Gomora.
30Jwale re tla reng? Ke hore, Balichaba ba neng ba sa batle ho loka, ba fihletse ho loka, e leng ho loka ho tsoang tumelong.
31Empa Iseraele, ka ho hahamalla molao wa ho loka, ha a eso fihle molaong wa ho loka.
32Hobaneng? Hobane ba ne ba sa e batla ka tumelo, empa e le ka mesebetsi ya molao. Hobane ba ile ba kgoptjwa ke lejwe la kgopiso;
33jwalokaha ho ngodilwe, ho thwe: Bonang, ke bea Sione lejwe le kgopang, le lefika le kgopang;

Currently Selected:

Baroma 9: SothoNT

Highlight

Share

Copy

None

Want to have your highlights saved across all your devices? Sign up or sign in