YouVersion Logo
Search Icon

Baroma 10

10
Baroma 10
1Bana beso, takatso ya pelo ya ka, le thapello ya pelo ya ka ho Modimo, ke ho re, ba bolokehe.
2Hobane ke ba pakela hore ba tjhesehela Modimo, empa e seng ka tsebo.
3Hobane, kahobane ba ne ba sa tsebe ho loka ha Modimo, mme ba ne ba batla ho tiisa ho loka ha bona, ha ba a ka ba ikokobeletsa ho loka ha Modimo.
4Hobane Kreste ke pheletso ya molao, hore e mong le e mong ya dumelang a be le toka.
5Hobane Moshe o bolela ho loka ho tswang molaong, a re: Motho ya etsang tse jwalo o tla phela ka tsona.
6Empa ho loka ho tswang tumelong ho bolela tjena: O se ke wa re pelong ya hao: Ke mang ya tla nyolohela lehodimong? (ke ho re, ho theola Kreste hodimo;)
7Kapa, Ke mang ea tla theohela bolibeng? (ke hore, ho nyolla Kreste bafung.)
8Empa e reng? Lentswe le haufi le wena, le molomong wa hao le ka pelong ya hao, ke hore, lentswe la tumelo leo re le bolelang;
9Hobane ha o bolela ka molomo wa hao hore Jesu ke Morena, mme o dumela ka pelong ya hao hore Modimo o mo tsositse bafung, o tla bolokeha.
10Hobane motho o dumela ka pelo ho isa ho lokeng; mme boipolelo ka molomo bo etswa polokong.
11Hobane Lengolo le re: E mong le e mong ya dumelang ho yena a ke ke a hlajwa ke dihlong.
12Hobane ha ho phapano mahareng a Mojuda le Mogerike;
13Hobane e mong le e mong ya tla rapela lebitso la Morena o tla bolokeha.
14Jwale ba tla bitsa jwang ho yena eo ba sa kang ba dumela ho yena? mme ba tla dumela jwang ho eo ba sa kang ba utlwa ka yena? mme ba tla utlwa jwang, ha ho se mmoledi?
15Mme ba tla bolela jwang, ha ba sa rongwe? jwalokaha ho ngodilwe, ho thwe: A matle hakakang maoto a ba bolelang Evangeli ya kgotso, ba tlisang molaetsa o molemo wa tse molemo!
16Empa hase bohle ba mametseng molaetsa o molemo. Hobane Esaia o itse: Morena, ke mang ya dumetseng seo re se bolelang?
17Ka baka leo, tumelo e tla ka kutlo, mme kutlo e tla ka lentswe la Modimo.
18Empa ke re: Na ha ba eso ho utlwe? Ee ruri, tumo ya bone e ne ya ya kwa lefatsheng lotlhe, le mafoko a bone kwa bokhutlong jwa lefatshe.
19Empa ke re: Na Iseraele ha a ka a tseba? Pele Moshe o re: Ke tla le hlohlelletsa poulelo ka bao e seng setjhaba, mme ke tla le halefisa ka setjhaba se se nang kelello.
20Empa Esaia o bua ka sebete, o re: Ke fumanwe ke ba sa kang ba mpatla; Ke bonahaditswe ho ba sa kang ba botsa ka nna.
21Empa ho Iseraele o re: Ka tsatsi lohle ke otlolletse matsoho a ka ho setjhaba se sa utlweng, se hanyetsang.

Currently Selected:

Baroma 10: SothoNT

Highlight

Share

Copy

None

Want to have your highlights saved across all your devices? Sign up or sign in