YouVersion Logo
Search Icon

Mattheu 19

19
Mattheu 19
1Eitse hobane Jesu a qete dipolelo tseo, a tloha Galelea, a ya naheng ya Judea, mose wane wa Jordane.
2Matshwele a maholo a mo latela; mme a ba fodisa teng.
3Bafarisi le bona ba tla ho yena, ba mo leka, ba re ho yena: Hleka monna o dumeletswe ho hlala mosadi wa hae ka baka la ntho e nngwe le e nngwe na?
4A araba, a re ho bona: Na ha le a ka la bala hobane ya ba entseng tshimolohong, o ba entse e le e motona le e motshehadi;
5A re: Ka baka leo, monna o tla tlohela ntatae le mmae, a kgomarele mosadi wa hae, mme bao ba babedi e tla ba nama e le nngwe?
6Ka baka leo, ha e sa le ba babedi, empa e se e le nama e le nngwe. Ka baka leo, seo Modimo o se kopantseng hammoho, ho se be motho ya se arolang.
7Ba re ho yena: Jwale, ke ka baka lang Moshe a laetse ho newa lengolo la tlhalo, le ho hlala?
8A re ho bona: Moshe o le dumeletse ho hlala basadi ba lona ka baka la bothata ba dipelo tsa lona; empa ho tloha tshimolohong ho ne ho se jwalo.
9Ke re ho lona: E mong le e mong ya hlalang mosadi wa hae, haese ka baka la bohlola, mme a nyala e mong, o a feba;
10Barutuwa ba hae ba re ho yena: Ha taba ya monna le mosadi e ntse e le jwalo, ha ho molemo ho nyala.
11Empa a re ho bona: Hase bohle ba ka amohelang polelo eo, haese ba e neilweng.
12Hobane ho na le maqhalaha a tswetsweng jwalo ho tloha popelong ya bomma bona; hape ho na le maqhalaha a entsweng maqhalaha ke batho, mme ho na le ba ikentseng maqhalaha ka baka la mmuso wa mahodimo. Ea khonang ho e amohela, a e amohele.
13Jwale ha tliswa ho yena bana ba banyenyane, hore a ba bee matsoho, mme a ba rapele;
14Jesu a re: Lesang bana, le se ke la ba thibela ho tla ho nna, hobane mmuso wa mahodimo ke wa ba jwaloka bona.
15A ba bea matsoho, a tloha teng.
16E mong a tla, a re ho yena: Moruti ya molemo, ke eng e molemo eo nka e etsang hore ke be le bophelo bo sa feleng?
17A re ho yena: O mpiletsang ya molemo? ha ho ya molemo, haese a le mong, e leng Modimo;
18A re ho yena: Efe? Jesu a re: U se ke ua bolaea, u se ke ua feba, u se ke ua utsoa, u se ke ua paka leshano;
19Hlonepha ntatao le mmao, hape o re: O rate wa heno jwalokaha o ithata.
20Mohlankana a re ho yena: Tsohle tseo ke di bolokile ho tloha botjheng ba ka;
21Jesu a re ho yena: Ekare ha o rata ho phetheha, eya, o rekise ka tseo o nang le tsona, o abele bafumanehi, mme o tla ba le letlotlo lehodimong;
22Empa mohlankana ha a utlwa polelo eo, a tloha a swabile;
23Yaba Jesu o re ho barutuwa ba hae: Kannete ke re ho lona: Ho tla ba thata ho morui ho kena mmusong wa mahodimo.
24Hape ke re ho lona: Ho bonolo hore kamele e kene lesoba la nale, ho ena le hore morui a kene mmusong wa Modimo.
25Eitse ha barutuwa ba hae ba utlwa, ba makala haholo, ba re: Ho ka bolokeha mang?
26Jesu a ba tadima, a re ho bona: Ho batho hoo ha ho kgonehe; empa ho Modimo tsohle di a kgoneha.
27Petrose a araba, a re ho yena: Bona, rona re tlohetse tsohle, mme ra o latela; re tla ba le eng jwale?
28Jesu a re ho bona: Kannete ke re ho lona: Lona ba ntatetseng, mehleng ya ho tswalwa ha Mora motho, ha a se a dutse teroneng ya kganya ya hae, le lona le tla dula diteroneng tse leshome le metso e mmedi, le ahlola meloko e leshome le metso e mmedi ya Iseraele.
29Mme e mong le e mong ya tlohetseng matlo, kapa banababo, kapa dikgaitsedi, kapa ntatae, kapa mmae, kapa bana, kapa masimo, ka baka la lebitso la ka, o tla fuwa halekgolo, mme o tla rua bophelo bo sa feleng.
30Empa ba bangata ba pele e tla ba ba morao; mme ba morao e tla ba ba pele.

Currently Selected:

Mattheu 19: SothoNT

Highlight

Share

Copy

None

Want to have your highlights saved across all your devices? Sign up or sign in