Diketso 6
6
Diketso 6
1Mehleng eo, ha barutuwa ba ntse ba ngatafala, ha tsoha ho korotla hara Bajuda ba buang Segerike ka Baheberu, kahobane bahlolohadi ba bona ba ne ba hlokomolohuwa kabong ya tsatsi le leng le le leng.
2Yaba ba leshome le metso e mmedi ba bitsa letshwele la barutuwa, ba re: Ha ho a tshwanela hore rona re tlohele lentswe la Modimo, re ye ho aba ditafoleng.
3Ka baka leo, banabeso, ikgetheleng hara lona banna ba supileng, ba botumo bo botle, ba tletseng Moya o Halalelang le bohlale, bao re ka ba beang ho okamela mosebetsi ona.
4Empa rona re tla nne re tiisetse thapelong le tshebeletsong ya lentswe.
5Taba eo ya kgahlisa bongata bohle, mme ba kgetha Setefane, monna ya tletseng tumelo le Moya o Halalelang, le Filipi, le Prokoro, le Nikanore, le Timone, le Parmenase, le Nikolase, mosokolohi wa Antioke.
6ba ba bea pela baapostola, mme hoba ba rapele, ba ba bea matsoho.
7Lentswe la Modimo la ata; mme palo ya barutuwa ya ata haholo Jerusalema; mme letshwele le leholo la baprista la mamela tumelo.
8Setefane, a tletse tumelo le matla, a etsa mehlolo e meholo le meeka hara batho.
9Yaba ho ema ba bang ba sinagoge e bitswang ya Balokolohi, le Bakirene, le Baaleksandria, le ba tswang Silisia le Asia, ba tsekisana le Setefane.
10Mme ba sitwa ho hanela bohlale le Moya oo a neng a bua ka wona.
11Yaba ba qhekella banna ba reng: Re mo utlwile a bua dipolelo tse nyefolang Moshe le Modimo.
12Yaba ba ferekanya setjhaba, le baholo, le Ditsebi tsa Molao, mme ba tla ho yena, ba mo tshwara, ba mo isa lekgotleng.
13Ba emisa dipaki tsa bohata tse itseng: “Monna enwa ha a phetse ho bua mantswe a nyefolang nqalo ena e halalelang le Molao.
14Hobane re mo utlwile a re: Jesu eo wa Nasaretha o tla senya nqalo ena, a fetole mekgwa eo Moshe a re neileng yona.
15Bohle ba neng ba dutse lekgotleng la lekgotla, ba mo tjamela, ba bona sefahleho sa hae se le jwaloka sefahleho sa lengeloi.
Currently Selected:
Diketso 6: SothoNT
Highlight
Share
Copy
Want to have your highlights saved across all your devices? Sign up or sign in
Copyright of City Bible Foundation in cooperation with Baasraak Bible Translation from Baasraak Media © 2023.