YouVersion Logo
Search Icon

Diketso 14

14
Diketso 14
1Eitse ha ba le Ikoniamo ba kena hammoho sinagogeng ya Bajuda, ba bua hoo letshwele le leholo la Bajuda le la Bagerike la dumela.
2Empa Bajuda ba sa dumelang ba hlohlelletsa baditjhaba, ba senya dipelo tsa bona ho lwantsha badumedi.
3Ba hlola nako e telele ba ntse ba bua ka sebete ka Morena, ya pakileng lentswe la mohau wa hae, mme a ba nea hore dipontsho le meeka di etsahale ka matsoho a bona.
4Empa bongata ba motse ba arohana, ba bang ba ema le Bajuda, ba bang ba ema le baapostola.
5Eitse hobane ho tsohe pherekano ya baditjhaba, le Bajuda, le babusi ba bona, ho ba sotla, le ho ba tlepetsa ka majwe;
6Yare ha ba lemoha, ba balehela metseng ya Likaonia, Lystra le Derbe, le dinaheng tse mathokong.
7Mme ba bolela Evangeli teng.
8Jwale ho ne ho dutse monna e mong Lystra, ya holofetseng maotong, a holofetse ho tloha popelong ya mmae, a eso ho ka a tsamaya.
9Yoo a utlwa Paulo a bua;
10A bua ka lentswe le phahameng, a re: Ema ka maoto a hao. Mme a tlola, a tsamaya.
11Yare ha bongata bo bona seo Pauluse a se entseng, ba phahamisa mantswe a bona, ba re ka puo ya Selikaonia: “Medimo e theohetse ho rona e tshwana le batho.
12Ba bitsa Barnabase Jupitere; le Pauluse, Merkurius, kahobane e ne e le sebui se seholo.
13Moprista wa Jupitere, ya neng a eme pela motse wa bona, a tlisa dipoho le meqhaka menyakong, mme a rata ho etsa mahlabelo le bongata.
14Yare ha baapostola Barnabase le Pauluse ba utlwa hoo, ba hahola diaparo tsa bona, ba mathela hara letshwele, ba howa.
15ba re: Benghadi, ke ka baka lang ha le etsa dintho tsee? Le rōna re batho ba nang le maikutlo a tšoanang le a lōna, ’me re le bolella litaba tse molemo hore le furalle lintho tsena tsa lefeela le fetohele ho Molimo o phelang, o entseng leholimo le lefatše le leoatle le lintho tsohle tse ho tsona.
16Ke yena eo mehleng e fetileng a ileng a dumella ditjhaba tsohle ho tsamaya ka ditsela tsa tsona.
17Leha ho le jwalo, ha o a ka wa itlohela a se na bopaki, ka ho etsa se molemo, wa re nea pula e tswang lehodimong, le dihla tsa nala, wa tlatsa dipelo tsa rona ka dijo le ka thabo.
18Mme ka dipolelo tseo, ba ne ba thatafallwa ho thibela letshwele hore le se ke la ba etsetsa mahlabelo.
19Jwale ha fihla Bajuda ba tswang Antioke le Ikoniamo, ba hlohlelletsa letshwele, mme ba tlepetsa Pauluse ka majwe, ba mo hulela kantle ho motse, ba re o shwele.
20Empa yare ha barutuwa ba mo teela hare, a ema, a kena motseng; mme ka le hlahlamang a tloha le Barnabase ho ya Derbe.
21Eitse hobane ba bolelle motse oo Evangeli, ba rute ba bangata, ba kgutlela Lystra, Ikone, le Antioke.
22ba tiisa meya ya barutuwa, ba ba kgothatsa ho tiya tumelong, le hore e ka kgona re kene mmusong wa Modimo ka matshwenyeho a mangata.
23Eitse hobane ba ba beele baholo phuthehong e nngwe le e nngwe, ba rapele ka ho itima dijo, ba ba bea ho Morena, eo ba dumetseng ho yena.
24Eitse hobane ba haole le Pisidia, ba fihla Pamfilia.
25Eitse hobane ba bolele lentswe Perge, ba theohela Atalia.
26Ho tloha moo ka sekepe ho ya Antioke, moo ba neng ba laeleditswe mohaung wa Modimo bakeng sa mosebetsi oo ba o phethileng.
27Ha ba fihla, ba phutha kereke, ba bolela tsohle tseo Modimo o di entseng ka bona, le kamoo o buletseng baditjhaba monyako wa tumelo kateng.
28Yaba ba hlola nako e telele le barutuwa.

Currently Selected:

Diketso 14: SothoNT

Highlight

Share

Copy

None

Want to have your highlights saved across all your devices? Sign up or sign in