YouVersion Logo
Search Icon

SEFELA SA DIFELA 5

5
Mohlankana:
1Ke tlile rapeng sa ka,
wena kgaitsedi,
monyaduwa wa ka,
ke ikgeletse mmira,
mmoho le dinoko tsa ka;
ke jele mahe a dinotshi,
mmoho le kgekge ya wona,
ke nwele veine ya ka
le lona lebese la ka.
Metswalle:
Jang, le nwe, lona metswalle,
le nwe haholo, lona baratuwa!
Sefela sa bone
Morwetsana:
2Leha ke ne ke robetse,
pelo ya ka e ne hlobaela,
ka utlwa moratuwa
a kokota monyako, a re:
Mohlankana:
“Mpulele kgaitsedi, moratuwa wa ka,
leebana la ka, pabala ya ka;
hlooho ya ka e metsi
ke ho lalwa ke phoka,
moriri wa ka o mongobo
ke leswe la bosiu.”
Morwetsana:
3“Aparo sa ka ke se ke se hlobotse,
na nka boela ka se apara?
Maoto a ka le wona
ke se ke a hlatswitse,
na nka boela ka a silafatsa?”
4Ha moratuwa a tshwara lemati,
a le tshwara ho bula,
pelo ya ka e a thanya
ha ke mo hopola.
5Ka tsoha
ho bulela moratuwa monyako,
mmira o rotha matsohong a ka,
menwana le yona e rotha mmira,
ha ke tshwara mohele wa lemati
ke bula.
6Moratuwa wa ka
ka mmulela monyako,
athe moratuwa o sa fetile, a ile.
Ha a bua ka kgathala matla,
ka mmatla, ka se ke ka mo fumana,
ka mmitsa, empa a se ka nkaraba.
7Balebedi ha ba pota le motse
ba mphumana,
ba nteteka, ba ntlatsa matoma;
balebedi bao ba hodima marako,
ba ntlhotholotsa seaparo sa ka!
8Lona baradi ba Jerusalema
ke a le laya:
Ha le fumana moratuwa
le tla reng ho yena?
Mmolelleng hore rato lena
le a nkudisa.
Metswalle:
9Moratuwa wa hao
o feta ba bang ka eng,
wena Seilatsatsi
hara basadi ba bang?
Moratuwa wa hao
o feta ba bang ka eng,
hoo o ka re layang
ka mokgwa o tjee?
Morwetsana:
10Moratuwa o leredi,
madi a thopohetse letlalong,
ke yena pabala
hara ba kete di shome;
11hlooho ya hae
e ka kgauta e hlwekisitswe,
moriri o ririetse,
o motsho sa mokgwabane.
12Mahlo a hae a mapudutswana,
sa maebana-kgorwana a dinokana,
a dutse pela metsi
e ka a hlatswitswe ka lebese.
13Marama a hae
a ka rapa se metse dinoko,
rapa sa ditlama
di le monko o monate;
melomo ya hae
e ka mehaladitwe,
mehaladitwe
e rothang lero la mmira.
14Matsoho a hae
a ka meholoko ya kgauta,
meholoko e kgabisitsweng
ka lejwe la Tarashishe;
mmele wa hae
o benya sa manaka a tlou,
manaka a tlou
a kgabisitswe ka disafire.
15Tlhafu tsa hae
di tshwana le tshiya tsa mahakwe,
tse hodima tshehetso tsa kgauta
e hlwekisitswe;
bopeho sa hae
se kgahleha sa naha ya Lebanone,
se kgethehile
jwaloka kedare tsa Lebanone.
16Polelo tsa hae
tsona ke tse mathe-malodi,
athe ha e le yena ke tjaka,
o a rateha.
Enwa ke yena moratuwa wa ka,
enwa ke yena motswalle wa ka,
lona baradi ba Jerusalema.

Currently Selected:

SEFELA SA DIFELA 5: SSO89SO

Highlight

Share

Copy

None

Want to have your highlights saved across all your devices? Sign up or sign in