DIPESALEMA 52
52
Modimo o ahlola ya sehloho
1Pesalema ya Davida. Thothokiso e nang le thuto; 2ya mohla Doege, Moedomo, a neng a tlilo tsebisa Saule hore Davida o kene tlung ya Abimeleke.
3O ithorisetsang ka bobe,
wena ya sehloho?
Tseba, mohau wa Modimo
ke wa kamehla yohle.
4O ntse o rera ho timetsa ba bang,
leleme la hao le ka lehare le bohale,
wena ya etsang bolotsana.
5O rata bobe ho ena le botle,
le leshano ho ena le nnete.
6O rata dipuo tse timetsang,
wena ya leleme le thetsang!
7Modimo o tla o ripitlela ruri,
a o hlwibile,
a o hotolele ntle ho tente ya hao,
a o fedise
lefatsheng la ba phelang.
8Ba lokileng ba tla bona tsena,
mme ba tshabe;
ba tla mo tsheha, ba re:
9“Bonang motho
ya sa etsang Modimo tshabelo sa hae,
ya itshepetseng bongata
ba maruo a hae,
ya entseng bokgopo
setshabelo sa hae.”
10Empa nna, ka tlung ya Modimo,
ke jwaloka sefate sa mohlwaare,
fate se setalana;
ke tshepa mohau wa Modimo,
ke o tshepa kamehla le mehla.
11Ke tla o boka kamehla
ka seo o se entseng,
ke tlotlise bitso la hao
ke le hara batshepuwa ba hao,
hobane wena o molemo.
Currently Selected:
DIPESALEMA 52: SSO89SO
Highlight
Share
Copy

Want to have your highlights saved across all your devices? Sign up or sign in
© Bible Society of South Africa 1989. Used by permission. All rights reserved.