YouVersion Logo
Search Icon

DIPESALEMA 25

25
Thapelo ya ho ikopela tshireletso
1Pesalema ya Davida.
Morena ke o rapela
ka moya wa ka wohle,
2ke rapela wena Modimo wa ka.
Ke o tshepile,
ke se ke ka hlajwa ke dihlong;
dira tsa ka di se ke tsa ntsheha.
3Bohle ba o tshepang
ha ba hlajwe ke dihlong,
dihlong di hlaba
ba sa tshepahaleng.
4Morena, mpontshe ditsela tsa hao,
o nthute mehlala ya hao.
5Ntsamaise nneteng ya hao,
o nthute yona,
hobane wena o Modimo
ya mpholosang;
ke o lebeletse ka matsatsi wohle,
ka baka la molemo wa hao Morena.
6Morena, hopola lerato
le mohau wa hao,
hobane esale o le teng
ho tloha kgale.
7Nteballe dibe le ditlolo
tsa botjha ba ka,
nkgopole ka mohau wa hao.
8Morena o molemo, o lokile;
kahoo o busetsa baetsadibe tseleng.
9Ba eisehang o ba tsamaisa ho lokeng,
o ruta ba eisehang tsela ya hae.
10Ditsela tsohle tsa Morena
ke tsa mohau le botshepehi,
ho ba bolokang selekane sa hae,
le ho ba bolokang ditemoso tsa hae.
11Ka baka la lebitso la hao Morena,
ntshwarele molato wa ka,
hobane o moholo.
12Haeba ho teng ya tshabang Morena,
Morena o tla mmontsha tsela,
tsela eo a tshwanetseng ho e kgetha.
13Eo o tla phela ka boiketlo,
lefatshe e tla ba lefa
la ditloholo tsa hae.
14Morena ke motswalle
wa ba mo tshabang,
o ba tsebisa selekane sa hae.
15Mahlo a ka
a tadimile Morena kamehla,
hobane ke yena ya tshwasollang
maoto a ka lerabeng.
16Retelehela ho nna, o nkgauhele,
hobane ke nnotshi,
mme ke hlophehile.
17Fedisa matshwenyeho a pelo ya ka,
o nntshe makaqabetsing a ka.
18Tadima ho hlopheha ha ka
le tsietsi ya ka,
mme o ntshwarele dibe tsa ka tsohle.
19Bona kamoo dira tsa ka
di leng ngata kateng,
le kamoo
di ntlhoileng hampe kateng.
20Ako baballe bophelo ba ka,
o nnamolele,
ke se ke ka hlajwa ke dihlong,
kaha ke tshabela ho wena.
21Ako ntshireletse
hobane ke hloka kodi, ke lokile;
hobane ke o lebeletse, Morena.
22Modimo, ako lopolle Iseraele,
o mo lopolle
matshwenyehong a hae wohle.

Currently Selected:

DIPESALEMA 25: SSO89SO

Highlight

Share

Copy

None

Want to have your highlights saved across all your devices? Sign up or sign in