YouVersion Logo
Search Icon

DIPESALEMA 21

21
Thapelo e lebohelang kgosi
1Pesalema ya Davida, e qapetsweng motsamaisi wa dibini.
2Kgosi e thabela
matla a hao Morena,
e nyakallela
thuso ya hao hakaakang!
3O e neile se ratwang
ke pelo ya yona,
ha o a ka wa e hanela kopo
e tswang molomong wa yona.
4O kgahlanyeditse kgosi
ka mahlohonolo,
wa e rwesa mofapahlooho
wa kgauta e hlwekisitsweng.
5E kopile bophelo ho wena,
mme o e file bona,
wa e ekeletsa ditshiu,
kamehla le mehla.
6Tlotla ya yona e kgolo
ka thuso ya hao,
o e apesitse kganya le hlompho.
7O e neile mahlohonolo ho isa kgale,
wa e thabisa haholo
ka boteng ba hao.
8Kgosi e tshepile Morena,
ka baka la mohau
wa Ya Hodimodimo,
e ke ke ya sisinngwa.
9Letsoho la hao, kgosi,
le tla fihlela dira tsohle tsa hao,
letsoho la hao le letona
le tla fihlela bohle,
bohle ba o hloileng;
10hang ha o hlaha, o tla ba fedisa;
o ba fedise
eka ba ka seboping sa mollo.
Morena o tla ba metsa ha a halefile,
mollo o ba tjhese.
11O tla hlakola
bana ba bona lefatsheng,
le ditloholo tsa bona
hara bana ba batho.
12Ha ba rera ho o etsetsa bobe,
ha ba loha mano,
ba ke ke ba atleha;
13o tla etsa hore ba o supe ka direthe,
o hule seqha sa hao ho ba fula.
14Thusa, Morena, ka matla a hao!
Re tla bina, re roke bonatla ba hao.

Currently Selected:

DIPESALEMA 21: SSO89SO

Highlight

Share

Copy

None

Want to have your highlights saved across all your devices? Sign up or sign in