YouVersion Logo
Search Icon

DIPESALEMA 127

127
Modimo ke mohlodi wa katleho
1Pesalema ya Solomone. Sefela sa ho nyolohela Jerusalema.
Haeba e se Morena
ya hahang ntlo,
ba e hahang ba sebeletsa lelea.
Haeba e se Morena
ya lebelang motse,
ya o lebelang o fadimehela lefeela.
2Ke lefeela ha le tsoha kameso,
kapa le dieha ho robala,
le itjella bohobe
boo le bo fumanang ka thata,
athe yena o fa baratuwa ba hae
ba ntse ba ithobaletse.
3Ruri bana ke lefa
le tswang ho Morena,
tholwana ya popelo ke moputso.
4Jwaloka metsu
e letsohong la mohale,
bana ba botjha ba motho,
le bona ba jwalo.
5Ho lehlohonolo monna
ya tlatsitseng kgohlopo ya hae,
a e tlatsa ka yona.
A ke ke a hlajwa ke dihlong,
ha a ngangisana le dira tsa hae,
a ngangisana le tsona
kgorong ya motse.

Currently Selected:

DIPESALEMA 127: SSO89SO

Highlight

Share

Copy

None

Want to have your highlights saved across all your devices? Sign up or sign in

Video for DIPESALEMA 127