YouVersion Logo
Search Icon

DIPESALEMA 107

107
Setjhaba se leboha Modimo
1Bokang Morena, hobane o molemo;
mohau wa hae
ke wa kamehla yohle.
2Ba ke ba rialo
bao Morena a ba lopolotseng,
a ba namolela
matsohong a mohatelli;
3a ba phutha, a ba ntsha dinaheng
tsa botjhabela le bophirimela,
tsa borwa le leboya.
4Ba ne ba phaila lefeelleng,
ba phaila lehwatateng,
ba sa fumane tsela e yang motseng
oo ba ka ahang ho wona,
5ba lapile, ba nyorilwe,
ba le lekgatheng la ho idibana.
6Matshwenyehong a bona
ba ipiletsa ho Morena,
mme a ba lopolla tsietsing ya bona.
7A ba tsamaisa tseleng e otlolohileng,
a ba isa motseng
oo ba ka ahang ho wona.
8Ba ke ba boke Morena
ka baka la mohau wa hae,
le dimakatso tsa hae
ho bana ba batho.
9O ile a tima lenyora
la ba nyorilweng,
a kgorisa ba lapileng
ka tse molemo.
10Ba bang ba ne ba phela
lefifing le letsholetsho,
ba tlamilwe ke ditlhopheho
le ke wona mahlaahlela,
11hoba ba fetohetse taelo tsa Modimo,
ba kgesitse keletso
ya Ya Hodimodimo.
12A ba kokobetsa
ka mesebetsi e boima,
ba kgothometseha,
ho se ya ka ba thusang.
13Matshwenyehong a bona
ba lla ho Morena,
mme a ba pholosa tsietsing ya bona.
14A ba ntsha lefifing, le bodutung,
a kgaola ditlamo tsa bona.
15Ba ke ba boke Morena
ka baka la mohau wa hae,
le dimakatso tsa hae
ho bana ba batho.
16O ile a pshatla mamati a koporo,
a robaka mekwallo ya tshepe.
17Ba bang ba thotofatswa
ke metsamao ya bona e kgopo,
ba hlokofatswa
ka baka la melato ya bona,
18ba tenwa ke dijo tsohle;
ba ne ba se ba le dintshing tsa lefu.
19Matshwenyehong a bona
ba lla ho Morena,
mme a ba pholosa tsietsing ya bona.
20A laela, mme ba fola,
a ba phemisa lebitla.
21Ba ke ba boke Morena
ka baka la mohau wa hae,
le dimakatso tsa hae
ho bana ba batho.
22Ba nyehele ka mahlabelo a teboho,
ba tumise mesebetsi ya hae,
ba e tumise ka mehoo ya thabo.
23Ba bang ba tsamaya
lewatleng ka dikepe,
ba hweba ka ho haola mawatle.
24Le bona ba bone
mesebetsi ya Morena,
le dimakatso tsa hae madibeng.
25A laela, ha tsoha sefefo,
sa phahamisa maqhubu a lewatle;
26ba betsetswa hodimodimo,
ba theolelwa tlasetlase,
ba nyekelwa ke dipelo.
27Ba tshwarwa ke modikwadikwane,
ba thekesela jwaloka matahwa,
ba timellwa ke bohlale bohle.
28Matshwenyehong a bona
ba lla ho Morena,
mme a ba ntsha tsietsing ya bona.
29A kgutsisa sefefo,
mme maqhubu a kgaotsa ho befa.
30Ba thaba hobane ho kgutsitse;
a ba sesisetsa koung
eo ba neng ba leba ho yona.
31Ba ke ba boke Morena
ka baka la mohau wa hae,
le dimakatso tsa hae
ho bana ba batho.
32Ba mo tlotlise
phuthehong ya setjhaba,
ba mo rorise
mokgatlong wa ba baholo.
33O ne a fetole dinoka lehwatata,
le didiba
a di fetola baka tse omeletseng.
34Mobu o nonneng
a o fetola lenyekethe,
ka baka la bokgopo
ba baahi ba teng.
35Lehwatata a le fetola letsha la metsi,
naha e tshehla a e fetola didiba.
36Ba lapileng a ba ahisa ho yona,
ba thea motse oo
ba ka ahang ho wona.
37Ba jala masimong,
ba lema morara,
kotulo ya eba kgolo.
38A ba hlohonolofatsa,
ba ngatafala haholo,
a ba atisetsa leruo la diphoofolo.
39Empa jwale ba qepha,
ba kokobetswa,
ka baka la ho imelwa
ke ditsietsi le mahlomola.
40A theolela nyediso ho mahosana,
a a sollisa lehwatateng
moo ho seng tsela.
41Empa a ntsha mafutsana
bohlophehing ba wona,
a atisa malapa a wona
jwaloka mohlape.
42Ba pelo di ntle ba bona hoo,
mme ba thaba,
empa ba kgopo bona
ba thijwa melomo.
43Mang le mang ya bohlale
a ke a ele tsena hloko,
a ke a utlwisise ketso tsa mohau,
mohau wa Morena.

Currently Selected:

DIPESALEMA 107: SSO89SO

Highlight

Share

Copy

None

Want to have your highlights saved across all your devices? Sign up or sign in