YouVersion Logo
Search Icon

LUKA 7

7
Jesu o fodisa mohlanka wa molaodi wa lebotho
(Mat. 8:5-13; Joh. 4:43-54)
1Yare ha a qetile ho bolella batho dipolelo tsohle tsa hae, a ya kena Kaperenauma. 2Jwale mohlanka wa molaodi e mong wa lebotho la ba lekgolo, eo e neng e le wa bohlokwa ho monga hae, o ne a kula, a le makgatheng a ho shwa. 3Yare hoba molaodi eo a utlwele Jesu, a roma baholo ba Bajuda ho yena, a mo kopa hore a tlo fodisa mohlanka wa hae. 4Ba fihla ho Jesu ba mo rapela ka matla, ba re: “O lokelwa ke hore o mo etsetse jwalo, 5hobane o rata setjhaba sa rona, o bile o re hahetse ntlo ya thapelo.” 6Jesu a ya le bona.
Yare ha a se a se hole le ntlo, molaodi wa lebotho la ba lekgolo a roma metswalle, ya re ho yena: “Morena, o se ke wa ikgathatsa, hobane ha ke tshwanelwe ke hore o kene ka tlung ya ka; 7ka baka leo, ha ke a ka ka iphumana ke lokelwa ke ho tla ho wena; mpe o bue feela, mme mohlanka wa ka o tla fola. 8Le nna, ke le motho ya laolwang ke ba bang, ke na le bahlabani tlasa ka, mme ha ke re ho enwa, ‘Eya,’ o a ya, le ho e mong ‘Tloo,’ o a tla, le ho mohlanka wa ka, ‘Etsa hona,’ o a etsa.”
9Ha Jesu a utlwa tsena, a mo makalla, mme a retelehela ho letshwele le mo latetseng, a re: “Ke a le bolella, ha ke eso fumane tumelo e kaalo le Iseraeleng.” 10Ha ba ronngweng ba fihla hae, ba fumana mohlanka a fodile.
Tsoso ya mora wa mohlolohadi
11Kamora moo Jesu a ya motseng o bitswang Naine, mme barutuwa ba hae le letshwelehadi ba ya le yena. 12Ha a atamela kgoro ya motse, ha be ho ntshwa mofu motseng, mora ya mong, eo mmae e neng e le mohlolohadi. Letshwelehadi la motse le ne le ena le yena. 13Yare ha Morena a bona mma mofu, a mo utlwela bohloko, mme a re ho yena: “Se lle!”
14Jesu a atamela, a ama lempara, mme ba jereng mofu ba ema. Yaba o re: “Mohlankana, ke re ho wena, tsoha!” 15Mofu a dula, a qala ho bua, mme Jesu a mo nea mmae.
16Jwale bohle ba tshoha, mme ba tlotlisa Modimo, ba re: “Moporofeta e moholo o teng hara rona.” Hape ba re: “Modimo o etetse setjhaba sa hae.” 17Yaba taba tsa hae di phatlalla le Judea kaofela le tikolohong yohle.
Baromuwa ba Johanne Mokolobetsi
(Mat. 11:2-19)
18Barutuwa ba Johanne ba mo tsebisa ditaba tseo tsohle. Hoba Johanne a bitse ba babedi ba barutuwa ba hae, 19a ba roma ho Morena, ho ya re: “Na ke wena ya tla tla, kapa re lebelle e mong?”
20Yare hoba banna bao ba fihle ho yena, ba re: “Johanne Mokolobetsi o re romile ho wena, a re: ‘Na ke wena ya tla tla, kapa re lebelle e mong?’ ”
21Ka nako yona eo o ne a fodisa ba bangata malwetseng, mahlokong le meyeng e mebe, a tutubolla difofu tse ngata. 22A araba baromuwa bao, a re: “Eyang le tsebise Johanne tseo le di boneng, le tseo le di utlwileng: difofu di boetse di a bona, diritsa di a tsamaya, balepera ba a hlwekiswa, mme bo-tsebetutu ba a utlwa, bafu ba a tsoha, mafutsana a bolellwa molaetsa o molemo; 23ho lehlohonolo mang le mang ya sa kgopiseheng ka baka la ka.”
24Yare hoba baromuwa ba Johanne ba tlohe, Jesu a qala ho bolella matshwele ka Johanne, a re: “Le ne le ilo bona eng feelleng? Lehlaka le tsukutlwang ke moya? 25Hantlentle le ne le ilo bona eng? Motho ya diaparo tse mabokoboko? Ba diaparo di mabokoboko ba phela menateng, ba matlung a mahosi. 26Ehlile le ne le ilo bona eng? Le ilo bona moporofeta na? E, ke a le bolella: e moholo le ho feta moporofeta. 27Ke eo ho ngotsweng ka yena, ha thwe:
“ ‘Ke romela leqosa la ka ke leo,
le tla o etella pele,
le o lokisetse tsela.’
28“Ke a le bolella, hara ba tswetsweng ke basadi ha ho ya fetang Johanne ka boholo, empa e monyenyane Mmusong wa Modimo o mo feta ka boholo.”
29Batho bohle le balekgetho ha ba utlwa ba ile ba ananela ho loka ha Modimo, ba kolobetswa ka kolobetso ya Johanne; 30ha e le Bafarisi le Ditsebi tsa Molao ba ile ba fetola morero wa Modimo lefeela, ka ho se kolobetswe ke yena.
31“Ha ho le jwalo batho ba moloko oo, nka ba tshwantsha kang? Ba tshwana le eng? 32Ba tshwana le bana ba dutseng lebaleng la motse, ba howeletsanang, ba re:
“ ‘Re le letseditse diletsa,
empa ha le a ka la etsa motjeko;
re le binetse kodi-ya-malla,
empa ha le a ka la lla.’
33“Etswe Johanne Mokolobetsi o ile a tla a sa je bohobe, a sa nwe veine, mme le re: ‘O na le modemona.’ 34Mora Motho o ile a tla a eja, a enwa, mme le re: ‘Motho enwa ke monyollo le letahwa, motswalle wa balekgetho le wa baetsadibe!’ 35Empa bohlale ba Modimo bo netefatswa ke bohle ba bo neilweng.”
Mosadi wa moetsadibe o a tshwarelwa
36E mong wa Bafarisi a memela Jesu ho ja le yena; a kena ka tlung ha Mofarisi eo, a dula, a ja. 37Ho ne ho ena le mosadi wa moetsadibe motseng oo. Ha a tseba hore Jesu o dijong ka tlung ha Mofarisi eo, a tlisa pitsana e tshetsweng setlolo, 38a ema kamorao, maotong a Jesu, a ntse a lla, a qala ho mo tshela maoto ka dikgapha, a a hlakola ka moriri wa hlooho ya hae, a mo aka maoto, a a tlotsa ka setlolo.
39Ha Mofarisi ya memileng Jesu a bona hoo, a re ka pelong ya hae: “Enwa hojane ke moporofeta, a ka be a tsebile hore na mosadi eo ya mo amang ke mang, ke ya jwang, hobane ke moetsadibe.”
40Jesu a mo araba, a re: “Simone, ke na le seo ke ratang ho o bolella sona.”
Yena a re: “Moruti, se bolele!”
41“Moadimani e mong o ne a ena le ba babedi ba adimileng ho yena; e mong o ne a le molato wa didenare tse makgolo a mahlano, e mong yena tse mashome a mahlano. 42Kaha ba ne ba se na seo ba ka mmuseletsang ka sona a ba leballa molato bobedi. Ke ofe ho bona ya tla mo rata ho feta?”
43Simone a araba, a re: “Ke hopola hore e tla ba eo a mo lebaletseng ho feta.”
Jesu a re ho yena: “O ahlotse ka nepo.”
44Yaba o retelehela ho mosadi, o re ho Simone: “Mosadi eo o a mmona? Ke kene ka tlung ha hao, ha o a mpha metsi a ho hlatswa maoto, empa mosadi enwa o ile a tshela maoto a ka ka dikgapa, a a hlakola ka moriri wa hae. 45Ha o a nkaka, empa mosadi enwa, haesale ke kena, ha a ka a phetsa ho aka maoto a ka. 46Ha o a ka wa ntlotsa hlooho ka ole, empa mosadi enwa o ile a tlotsa maoto a ka ka setlolo. 47Ka baka leo, ke a o bolella: O tshwaretswe dibe tsa hae leha di le ngata, ka hona o bontshitse lerato le leholo; athe ya tshwaretsweng ho honyenyane o rata hanyenyane.”
48A re ho mosadi: “O tshwaretswe dibe tsa hao.”
49Ba dutseng le yena ba qala ho re ka dipelong tsa bona: “Enwa ke mang, ya tshwarelang le dibe?”
50Empa a re ho mosadi: “Tumelo ya hao e o pholositse; eya ka kgotso!”

Currently Selected:

LUKA 7: SSO89SO

Highlight

Share

Copy

None

Want to have your highlights saved across all your devices? Sign up or sign in