YouVersion Logo
Search Icon

MEETLO 21

21
Ho halalela ha baprista
1Morena a re ho Moshe: “Bua le baprista, e leng bara ba Arone, o re ho bona: ‘Moprista a se ke a itshilafatsa ka mofu wa setjhaba sa habo, 2haese feela ka mofu eo a tswalanang le yena, e leng mmae, le ntatae, le mora wa hae, le moradi wa hae, le ngwanabo; 3le kgaitsedi ya hae e tswalwang le yena, eo e sa leng morwetsana, e esong ho nyalwe. Bana a ka itshilafatsa ka bona. 4Empa moprista a se ke a itshilafatsa ka kgaitsedi ya hae e nyetsweng, hobane ka hona o tla be a itshilafatsa.
5“ ‘Baprista ba se ke ba beola moriri o hara hlooho tsa bona, ba se ke ba sekola ditedu tsa bona, leha e le ho iphatsa mmeleng. 6Ba tla halalela ho Modimo wa bona, mme ba se ke ba silafatsa lebitso la Modimo wa bona. Kahobane ke bona ba etsang nyehelo ya setjheso ya Morena, e leng dijo tsa Modimo, tseo ba nyehelang ka tsona, ba lokela ho halalela.
7“ ‘Moprista a se ke a nyala mosadi wa seotswa kapa ya silafetseng; le mosadi ya hlalaneng le monna wa hae a se ke a mo nyala, hobane moprista o a halalela ho Modimo wa hae. 8O mo tsebe a halalela, hobane ke yena ya nyehellang Modimo wa hao ka dijo. O tla halalela ho wena, hobane nna, Morena ya o halaletsang, ke a halalela.
9“ ‘Moradi wa moprista ha a itshilafatsa ka bootswa, o silafatsa ntatae, mme moradi eo o tla tjheswa ka mollo.
10“ ‘Moprista e Moholo, ya ileng a tshelwa hloohong ka ole e tlotsang, ya ileng a halaletswa hore a tle a apare diaparo tsa boprista, a se ke a tlohela moriri wa hae wa hlantholoha, mme a se ke a hahola diaparo tsa hae. 11A se ke a kena kamoo ho beilweng setopo; leha e ka ba setopo sa ntatae kapa sa mmae, a se ke a itshilafatsa ka ho kena ka ho sona. 12A se ke a tswa ka Sehalalelong, esere a silafatsa Sehalalelo sa Modimo wa hae, hobane o halaleditswe ke Modimo ka ho tshelwa ka ole e tlotsang. Ke nna Morena.
13“ ‘A nyale morwetsana. 14A se ke a nyala mohlolohadi, kapa mosadi ya hladilweng, kapa seraburabu, kapa seotswa, empa a nyale morwetsana wa setjhaba sa habo. 15A se ke a silafatsa bana ba hae setjhabeng sa habo, hobane ke nna Morena ya mo halaletsang.’ ”
16Morena a bua ho Moshe, a re: 17“Bua ho Arone, o re: ‘Hara ditloholo tsa hao, melokong yohle ya tsona, ho se be monna ya nang le sepha, ya tla etsa nyehelo ya dijo tsa Modimo wa hae. 18Monna ofe kapa ofe ya nang le sepha, e ka ba monna wa sefofu, kapa wa sehlotsa, kapa ya holofetseng nko, kapa ya ditho di fetanang; 19kapa monna ya robehileng leoto kapa letsoho; 20kapa monna ya lekgutla, kapa wa kakatjhelana, kapa ya qhommeng leihlo, kapa ya nang le setlapedi, kapa ya lekgwekgwe, kapa ya pshatlehileng makwalata; bana bohle ba se ke ba atamela. 21Monna e mong le e mong wa leloko la moprista Arone, ya nang le sepha, a se ke a atamela ho etsa nyehelo ya setjheso ya Morena. O na le sepha, mme a se ke atamela ho nyehela ka dijo tsa Modimo wa hae. 22A ka ja bohobe ba Modimo wa hae bo halalelang ka ho fetisisa, le bo halalelang. 23Empa a se ke a atamela lesira, leha e le ho atamela aletare, hobane o na le sepha, esere a silafatsa dintho tsa ka tse halalelang, hobane ke nna Morena ya di halaletsang.’ ”
24Moshe a bua jwalo ho Arona le ho bara ba hae, le ho bana bohle ba Iseraele.

Currently Selected:

MEETLO 21: SSO89SO

Highlight

Share

Copy

None

Want to have your highlights saved across all your devices? Sign up or sign in