YouVersion Logo
Search Icon

BAAHLODI 8

8
Gideone o hapa dikgosi tsa Bamidiane
1Banna ba morabe wa Efraime ba re ho Gideone: “Ke eng ee, eo o re entseng yona, ha o sa ka wa re mema ha o futuhela Bamidiane?” Yaba ba mo nyatsa haholo ka taba ena.
2Gideone a re ho bona: “Seo ke se entseng hase letho ha se bapiswa le seo lona le se entseng. Na se senyenyane, seo ba morabe wa Efraime ba se entseng, ha se seholo ho feta seo ba morabe wa Abiesere ba se entseng? 3Modimo o neelane ka mahosana a Bamidiane, e leng Orebe le Seebe, matsohong a lona. Nna ke entse eng e ka bapiswang le seo le se entseng?” Hoba a bue tjena, kgalefo ya bona ya kokobela.
4Yaba Gideone le bahlabani ba makgolo a mararo ba neng ba ena le yena ba tshela noka ya Jorodane, ba kgathetse, empa ba ntse ba phaladisa Bamidiane. 5A re ho banna ba Sukote: “A le ke le fe bahlabani bana ba tsamayang le nna bohobe, hobane ba kgathetse; nna ke sa ntse ke phaladisa Seba le Salemuna, dikgosi tsa Bamidiane.”
6Empa mahosana a Sukote a re: “Na o se o tshwere Seba le Salemuna, hoo re ka fang bahlabani ba hao bohobe?”
7Yaba Gideone o re: “Ho lokile he, ha Morena a se a neelane ka Seba le Salemuna matsohong a ka, lona ke tla le shapa ka meutlwa le ka leoka la lehwatata.”
8Yaba o nyolohela Penuele, mme le ho ba Penuele a bua jwalokaha a ile a bua ho ba Sukote. Banna ba Penuele le bona ba mo araba jwalokaha banna ba Sukote ba ile ba mo araba. 9Gideone a re ho banna ba Penuele: “Ha ke kgutlela ho lona ke ntse ke phela, ke tla heletsa tora ena.”
10Bo-Seba le Salemuna ba ne ba le Karakore, ba ena le mabotho a bona, ao e neng e ka ba banna ba dikete tse leshome le metso e mehlano. E ne e le bona feela ba neng ba ile ba sala lebothong la ditjhaba tsa botjhabela. Bahlabani ba neng ba ile ba bolawa e ne e le dikete tse lekgolo le mashome a mabedi. 11Gideone a nyoloha ka tsela e sebediswang ke ba phelang ditenteng, ka botjhabela ho Noba le Jogeboha, a tsometsa lebotho leo, a le bolaya. 12Bo-Seba le Salemuna ba baleha, empa Gideone a ba phaladisa. A tshwara dikgosi tseo tse pedi tsa Bamidiane, e leng Seba le Salemuna, mme lebotho lohle la phasaphasa.
13Jwale Gideone, mora wa Jowashe, a kgutla ntweng ka tsela ya Lekgalo la Herese. 14A tshwara mohlankana wa Sukote, a mmotsa dipotso. Mohlanka eo a ngolla Gideone mabitso a mahosana le a baholo ba Sukote, mme ya eba banna ba mashome a supileng a metso e supileng. 15Gideone a fihla ho banna ba Sukote, a re ho bona: “Bonang bo-Seba le Salemuna, bao le ileng la nnyedisa ka bona, la re: ‘Na bo-Seba le Salemuna o se o ba tshwere, hoo re ka fang banna ba hao, ba kgathetseng, bohobe?’ ” 16Gideone a nka baholo ba motse, a nka le meutlwa le leoka la lehwatata, mme ka tsena a shapa banna ba Sukote. 17A heletsa tora ya Penuele, a bolaya banna ba motse oo wa Penuele.
18Jwale Gideone a re ho Seba le ho Salemuna: “Banna bao le ba bolaetseng Tabore ba hokae?”
Ba araba, ba re: “Ba ne ba tshwana le wena, e mong le e mong wa bona eka ngwana wa kgosi.”
19A re ho bona: “Bao e ne e le bana beso, ba tswetsweng ke mme. Ke hlapanya ka Morena ya phelang, hore hoja la se ke la ba bolaya, le nna ke ne nke ke ka le bolaya.” 20A re ho Jetere, letsibolo la hae: “Ema, o ba bolaye!” Empa mohlanka a se ke a tsomula sabole ya hae, hobane o ne a tshaba, kaha a ne a sa le monyenyane.
21Jwale bo-Seba le Salemuna ba re ho Gideone: “A ho eme wena ka sebele, o re bolaye, hobane wena o na le matla a bonna.” Gideone a ema, a bolaya bo-Seba le Salemuna; a nka mekgabiso e neng e le melaleng ya dikamele tsa bona.
Diketso tse ding tsa Gideone le lefu la hae
22Jwale banna ba Iseraele ba re ho Gideone: “Re buse, wena le mora wa hao, le setloholo sa hao, hobane o re namoletse matsohong a Bamidiane.”
23Yaba Gideone o re ho bona: “Nke ke ka le busa, le yena mora wa ka a ke ke a le busa; Morena ke yena ya tla le busa.” 24Gideone a boela a re ho bona: “Ke etsa kopo ho lona ya ho re e mong le e mong wa lona a ke a nnee masale ao a a hapileng.” Dira tsa bona di ne di ena le masale a entsweng ka kgauta, hobane e ne e le Baishemaele.
25Ba araba, ba re: “Re tla o nea wona re sa kganane.” Ba ala kobo fatshe, monna e mong le e mong a akgela masale ao a a hapileng hodima yona. 26Boima ba masale ao Gideone a neng a ile a a kopa ya eba dikilo tse ka bang mashome a mabedi, ntle ho dikgaretsana, le mekgabiso, le diaparo tse entsweng ka lesela le perese, tse neng di aparwa ke dikgosi tsa Midiane; le kantle ho diketane tse neng di le melaleng ya dikamele tsa bona. 27Ka tsena yaba Gideone o etsa setipe seo a ileng a se bea kahara motse wa hae wa Ofera. Baiseraele bohle ba kwenehela Morena ba kgumamela setipe seo, mme sa fetoha leraba ho Gideone le ho ba lelapa la hae.
28Bamidiane ba kokobetswa jwalo, kapele ho bana ba Iseraele, ba se ke ba hlola ba tsosa mohlahla. Mehleng eo ya Gideone naha ya eba le kgotso ka dilemo tse mashome a mane.
Abimeleke, mora wa Gideone
29Jerubaale, e leng Gideone, mora wa Jowashe, a boela ha hae, a dula teng. 30Gideone a ba le bara ba mashome a supileng, ba tswetsweng ke yena, hobane o ne a nyetse basadi ba bangata. 31Mosadi wa hae wa lefielo, ya neng a phela Shekeme, le yena a mo tswalla mora, mme a mo rea lebitso la Abimeleke. 32Gideone, mora wa Jowashe, a shwa a se a tsofetse haholo, mme a epelwa lebitleng la ntatae Jowashe, sebakeng sa Ofera ya Baabiesere.
33Yare hanghang hoba Gideone a shwe, bana ba Iseraele ba kwenehela Morena hape, ba sebeletsa bo-Baale, ba iketsetsa Baale-Berite hore e be modimo wa bona. 34Bana ba Iseraele ba se ke ba hlola ba sa hopola Morena Modimo wa bona, ya neng a ile a ba namolela matsohong a dira tsohle tsa bona, tse neng di ba potapotile. 35Lelapa la Jerubaale, e leng Gideone, ba se ke ba hlola ba le bontsha teboho ya letho, bakeng sa molemo wohle oo Gideone a ileng a o etsetsa Baiseraele.

Currently Selected:

BAAHLODI 8: SSO89SO

Highlight

Share

Copy

None

Want to have your highlights saved across all your devices? Sign up or sign in