YouVersion Logo
Search Icon

BAAHLODI 18

18
Mmika le ba morabe wa Dane
1Mehleng eo Baiseraele ba ne ba se na kgosi. Ka yona nako eo, ba morabe wa Dane ba batla lefa la naha eo ba ka ahang ho yona, hobane ho fihlela ka nako eo, e ne e le bona feela, hara merabe ya Baiseraele, ba neng ba eso ka ba abelwa lefa. 2Bana ba Dane ba roma banna ba bahlano ba lelapa labo bona, e le bahlabani ba tswang metseng ya Sora le Eshetaole, ho ya hlwela naha, le ho e hlahloba. Ba re ho bona: “Tsamayang le yo hlahloba naha.”
Bao ba ya fihla naheng e maralla ya Efraime, tlung ya Mmika, mme ba robaletsa teng. 3Ha ba ntse ba le tlung eo ya Mmika, ba tseba lentswe la mohlankana wa Molevi, ba fapohela teng, ba re ho yena: “O tlisitswe ke mang moo? O etsang moo? O batlang moo?”
4A re ho bona: “Mmika o nkentse tjena: O nkgirile, mme ke moprista wa hae.”
5Ba re ho yena: “Ako kope keletso ho Modimo, re a o rapela, e le hore re tle re tsebe hore na leeto leo re leng ho lona le tla atleha na.”
6Moprista a re ho bona: “Tsamayang ka kgotso; leeto la lona le matsohong a Morena.”
7Banna bao ba bahlano ba tsamaya, ba fihla Laishe, ba fumana batho ba phelang moo ba phela ka boiketlo, jwaloka Basidone, ba kgotsofetse, ba iketlile, hobane naheng eo ho ne ho se le ya mong ya nang le matla hodima bona, ya ka ba tshwenyang ka letho. Ba ne ba le hole le Basidone, mme ba sa amane le motho ofe kapa ofe ka letho.
8Ha ba fihla ho bana babo bona ba Sora le Eshetaole, bana bao babo bona ba re ho bona: “Le reng?”
9Ba re ho bona: “Emang! A re ba futuheleng, hobane re bone naha, mme re fumane e le ntle haholo. Le sa emetseng? Le se ke la tswafa ho ya kena le hapa naha eo. 10Ha le eya, le tla fumana batho ba iketlileng, mme naha e le kgolo. Modimo o le neile yona matsohong, mme ke sebaka se sa haellweng ke letho la tse teng lefatsheng.”
11Ba morabe wa Dane ba tswa naheng ya Sora le Eshetaole, e le banna ba makgolo a tsheletseng, ba hlometseng. 12Ba nyoloha, mme ba hloma Kiriate-Jearime e Juda. Ke ka baka leo le ho fihlela kajeno-ya-bokajeno, sebaka seo se ntseng se bitswa Diahelo tsa Dane. Se ka bophirimela ho Kiriate-Jearime. 13Ho tloha moo ba fetela naheng e maralla ya Efraime, ba ya fihla tlung ya Mmika.
14Jwale banna ba bahlano, ba neng ba ilo hlwela naha ya Laishe, ba re ho bana babo bona: “Na le a tseba hore kahara matlo aa, ho na le setipe le modingwana wa lelapa, le setshwantsho se betlilweng, le setshwantsho se bopilweng? Ka baka leo, imamelleng hore na le tla etsa jwang.” 15Ba kgelohela teng, ba fihla tlung ya mohlankana wa Molevi, e leng ntlo ya Mmika. Ba mmotsa bophelo. 16Ha e le banna ba makgolo a tsheletseng ba morabe wa bana ba Dane, ba hlometseng, ba ema kgorong ya motse. 17Banna ba bahlano, ba neng ba ilo hlwela naha, ba nyoloha, ba kena ka tlung, ba nka setshwantsho se betlilweng, le setipe, le modingwana wa lelapa, le setshwantsho se bopilweng. Moprista yena a ema kgorong ya motse le banna ba makgolo a tsheletseng, ba hlometseng.
18Ha banna bana ba kena ka tlung ya Mmika, ba nka setshwantsho se betlilweng, le setipe, le modingwana wa lelapa, le setshwantsho se bopilweng, moprista a re ho bona: “Le etsang?”
19Ba re ho yena: “Kgutsa! Bea letsoho molomong, o tsamaye le rona, mme o be ntata rona le moprista wa rona. Ho molemo ho wena ke hofe: Ho ba moprista wa lelapa la motho a le mong, kapa ho ba moprista wa morabe le wa lelapa la Iseraele?” 20Moprista a nyakalla. A nka setipe, le modingwana wa lelapa, le setshwantsho se betlilweng, mme a kena hara setjhaba seo.
21Yaba ba a reteleha, ba kena tseleng. Ba eteletsa bana, le dikgomo, le thepa kapele. 22Ha ba se ba le hole le ntlo ya Mmika, banna ba neng ba le ka matlung a haufi le ntlo ya Mmika, ba phutheha, ba sala bana ba Dane morao, ba ba ba fihla ho bona. 23Ba howeletsa bana ba Dane, mme bao ba reteleha, ba re ho Mmika: “O batlang, ha o bokantse batho tjee?”
24Mmika a re ho bona: “Le nkile modimo wa ka, oo ke iketseditseng wona, le moprista le mo nkile, yaba le a tsamaya. Ke sa na le eng? Jwale le re na ke batlang?”
25Bana ba Dane ba re ho yena: “O se hlole o bua le rona, esere banna bana ba halefileng ba o lwantsha, mme wena le ba lelapa la hao la shwa.” 26Bana ba Dane ba tswela pele leetong la bona. Ha Mmika a bona hore ba matla ho mo feta, a kgutlela tlung ya hae.
27Ba nka dintho tseo Mmika a neng a di entse, ba nka le moprista wa hae, ba fihla Laishe, setjhabeng sa kgotso, se iketlileng, ba se bolaya ka sabole, ba tjhesa motse ka mollo. 28Ba hloka ya ka ba namolelang, hobane ba ne ba le hole le Sidone, ebile ba sa amane le motho ofe kapa ofe. E ne e le ka kgohlong e haufi le Bete-Rehobe.
Bana ba Dane ba haha motse, mme ba phela moo. 29Motse oo ba o rea lebitso la Dane, ba o reella ntata bona Dane, eo e neng e le mora wa Iseraele. Pele ho moo motse oo o ne o bitswa Laishe. 30Bana ba Dane ba hloma setshwantsho se betlilweng. Jonathane, mora wa Gereshome, setloholo sa Moshe, yena le bara ba hae ya eba baprista ba morabe wa Dane, ho fihlela mohla letsatsi leo ka lona ho hapuwang naha ya bona. 31Ka nako yohle, eo Tente ya Modimo e neng e le Shilo ka yona, ba kgumamela setshwantsho seo Mmika a iketseditseng sona.

Currently Selected:

BAAHLODI 18: SSO89SO

Highlight

Share

Copy

None

Want to have your highlights saved across all your devices? Sign up or sign in

YouVersion uses cookies to personalize your experience. By using our website, you accept our use of cookies as described in our Privacy Policy