YouVersion Logo
Search Icon

BAHEBERU 9

9
Sehalalelo sa lefatshe le sa lehodimo
1Selekane sa pele se ne se ena le melao ya tshebeletso, le tempele eo e leng ya lefatshe. 2Ho ile ha hlongwa Tente, eo karolo ya yona ya pele e neng e bitswa Sehalalelo. Ka ho sona ho ne ho ena le sedulwana sa mabone, tafole, le bohobe bo halalelang. 3Kamora lesira la bobedi ho ne ho ena le karolo ya bobedi ya Tente, e neng e bitswa Sehalalelo se halalelang ka ho fetisisa. 4Ka ho sona ho ne ho ena le aletare ya kgauta, moo ho neng ho tjhesetswa mokubetso teng, le areka ya selekane e apesitsweng ka kgauta, moo ho kentsweng pitsa ya kgauta e tshetseng manna, le lere la Arone le neng le ile la eba le dithunthung, le matlapa a mabedi ao ho ngotsweng mantswe a selekane ho wona. 5Hodima areka eo ho ne ho ena le dikerubime tse tlotlehang. Mapheo a tsona a ne a kgurumeditse sebaka sa tefelo ya dibe. Empa ena hase nako ya ho lokodisa tsena tsohle.
6Ho ya ka ditlhopiso tseo, baprista ba kena kamehla karolong ya pele ya Tente ho phetha tsa bosebeletsi ba bona. 7Empa karolong ya bobedi ya Tente ho kena Moprista e Moholo feela, le teng hanngwe ka selemo. O kena a nkile madi ao a nyehelang ka wona ho Modimo ka baka la dibe tsa hae le tsa batho, tseo ba di entseng ka ho hloka tsebo. 8Ka hona Moya o Halalelang o bontsha hore tsela e kenang Sehalalelong se halalelang ka ho fetisisa ha e eso bulwe, ha karolo ya pele ya Tente e sa ntsane e le teng. 9Hona ke setshwantsho se supang mehla ya jwale: Tenteng eo, ho nyehelwa ka dimpho le ka mahlabelo a ke keng a etsa hore ya rapelang a hlwekiswe pelo. 10Ke tse amanang le dijo, le dino, le ho itlhatswa ha mefutafuta, e leng meetlo ya botho feela, e neng e tla sebetsa ho fihlela Modimo a lokisa dintho botjha.
11Jwale Kreste o tlile e le Moprista e Moholo wa tse molemo tse tlang ho tla. Tente eo a sebeletsang ho yona e kgolo, mme e phethehile ho feta ya pele. Ha e a etswa ke motho, e leng ho re hase ya lefatshe lena. 12O kene hanngwe feela Sehalalelong se halalelang ka ho fetisisa, a sa nka madi a diphooko kapa a manamane, empa a nkile madi a hae ka sebele, mme a re fumanela topollo e sa feleng. 13Haesita madi a diphooko le a dipoho, le molora wa sethojana o fokwang, tsena di halaletsa batho ba silafetseng ka ho ba hlwekisa mmeleng, 14na madi a Kreste ya inyehetseng ho Modimo ka moya wa hae o sa feleng, a se na sekodi, ekaba wona a hlwekisa hakaakang dipelo tsa rona mesebetsing e isang timelong, e le hore re tle re sebeletse Modimo ya phelang?
15Ka baka lena, Kreste ke mmoelanyi wa Modimo le batho ka selekane se setjha. Ka lefu la hae o lefeletse ditshito tseo batho ba neng ba di etse tlasa selekane sa pele, e le hore ba bitsitsweng ke Modimo ba tle ba tsebe ho ja lefa le sa feleng, leo ba le tshepisitsweng.
16Moo ho entsweng lengolo le abang lefa, eka kgona lefu la moetsi wa lona le pakwe. 17Dipallo tsa lengolo le jwalo di phethahatswa feela kamora lefu; athe ha moetsi wa lona a sa phela, ha le na thuso. 18Kahoo le sona selekane sa pele se theilwe ka madi. 19Moshe o ile a balla setjhaba sohle ditaelo tsohle ka ho ya ka Molao, a nto nka madi a manamane le a diphooko, le metsi, le boya bo bofubelu, le lehlaku la hisopa, a foka buka ya Molao le batho bohle, 20a re: “Hona ke madi a selekane seo Modimo a le laetseng sona.” 21Yaba o foka le Tente ka madi, le dintho tsohle tse sebediswang tshebeletsong. 22Ho ya ka Molao e batla e le tsohle tse hlwekiswang ka madi, mme dibe di ke ke tsa tshwarelwa ha madi a sa tsholohe.
Sehlabelo sa Kreste se tlosa dibe
23Ha e le mona dintho tsena, tse tshwantshang tse mahodimong, di hlwekiswa ka mokgwa ona, eka kgona tsena tsa mahodimo tsona di hlwekiswe ka mahlabelo a fetang ao. 24Kreste ha a a ka a kena ka Sehalalelong se entsweng ke batho, e leng setshwantsho feela sa Sehalalelo sa nnete, empa o kene lehodimong la sebele, moo jwale a tlang ho hlaha kapele ho Modimo sebakeng sa rona. 25Moprista e Moholo o kena ka Sehalalelong ka selemo le selemo, a nkile madi ao e seng a hae, empa Kreste ha a a ka a inyehela ka makgetlo a mangata. 26Hoja ho ne ho le jwalo, e ne eka kgona a hlokofatswe hangata ho tloha tlholehong ya lefatshe. Empa o bonahaditswe hanngwe feela mehleng ena ya qetello, ho fedisa sebe ka ho iketsa sehlabelo. 27Batho ba abetswe ho shwa hanngwe, ba nto ahlolwa. 28Ka mokgwa o jwalo le Kreste o ile a inyehela hanngwe, ho tlosa dibe tsa ba bangata. Mohla a tlang kgetlo la bobedi, sebe se se se fedisitswe, o tla iponahatsa ho ba mo lebeletseng hore a ba pholose.

Currently Selected:

BAHEBERU 9: SSO89SO

Highlight

Share

Copy

None

Want to have your highlights saved across all your devices? Sign up or sign in