YouVersion Logo
Search Icon

TSHIMOLOHO 48

48
Jakobo o hlohonolofatsa Efraime le Manase
1Kamora tsena, e mong a behela Josefa, a re: “Hela! ntatao o a kula.” Josefa a tsamaya le bara ba hae ba babedi, Manase le Efraime. 2Yaba ho tsebiswa Jakobo, ho thwe: “Bona, mora wa hao, Josefa, o tlilo o bona.” Iseraele a itiisa, a dula hodima diphate.
3Yaba Jakobo o re ho Josefa: “Modimo ya matla wohle o ne a iponahatse ho nna, ha ke le Lose, naheng ya Kanana, mme a ntlhohonolofatsa, 4a re ho nna: ‘Bona, ke tla o fa bana ba bangata, ke ba atise, ke o etse raditjhabatjhaba, mme ke tla nea ditloholo tsa hao naha ena, e be leruo la tsona la mehla yohle.’
5“Jwale bara ba hae ba babedi, bao o ba tswaletseng naheng ya Egepeta, pele ke etla ho wena mona Egepeta, ke ba ka. Efraime le Manase e tla ba bara ba ka jwaloka Rubene le Simeone. 6Empa bana bao o tla ba tswala kamorao ho bona, e tla ba ba hao, mme ba tla reellwa ka baholwane ba bona, ba je lefa la bona. 7Hoba nna ke tlohe Padane, Ragele o ile a shwela matsohong a ka naheng ya Kanana, re le tseleng, haufi le Eferata. Ka mo epela teng, pela tsela ya Eferata, e leng Betlelehema.”
8Ha Iseraele a bona bara ba Josefa, a re: “Baa ke bo-mang?”
9Josefa a re ho ntatae: “Ke bara ba ka, bao Modimo a mphileng bona ha ke le mona Egepeta.”
Iseraele a re: “Ako ba tlise ho nna, ke ba hlohonolofatse.”
10Mahlo a Iseraele a ne a se a le lerootho ke boqheku, a sitwa ho bona. Josefa a ba tlisa pela hae, yaba Iseraele o a ba aka, mme a ba kopa ka matsoho.
11Iseraele a re ho Josefa: “Ke ne ke sa hopole hore nka hlola ke bona sefahleho sa hao, empa bona, ke mona Modimo o mpontshitse le bona bana ba hao.”
12Yaba Josefa o ba tlosa mangweleng a ntatae, o itihela fatshe ka sefahleho. 13Josefa a ba nka bobedi ba bona: Efraime ka letsohong la hae le letona, e leng ka ho le letshehadi la Iseraele; Manase ka letsohong la hae le letshehadi, e leng ka ho le letona la Iseraele, mme a ba atametsa pela hae. 14Iseraele o otlolla letsoho la hae le letona, a le bea hodima hlooho ya Efraime, leha e ne e le e monyenyane; a bea le letshehadi hodima hloho ya Manase, a fapantse matsoho, hobane Manase e ne e le yena letsibolo.
15Yaba o hlohonolofatsa Josefa o re:
“Modimo ya kgahlisitsweng
ke bo-ntatemoholo,
ke bo-ntatemoholo Aborahama
le Isaka,
ba mo kgahlisa
ka metsamao ya bona;
yena Modimo ya ileng a nkalosa,
ho tloha bonyenyaneng ba ka,
a nkalosa ho fihlela kajeno.
16Lengeloi le ntopoletseng
bobeng bohle,
a hlohonolofatse bahlankana bana!
Bitso la ka, le la Aborahama,
le la Isaka,
a ke a tume,
a tumiswe ke bona,
ba ke ba ate,
ebe letshwele naheng ena.”
17Ha Josefa a bona hore ntatae o beile letsoho la hae le letona hodima hlooho ya Efraime, a se ke a thaba. Yaba o tshwara letsoho la ntatae, o le tlosa hloohong ya Efraime, o le bea hodimo hlooho ya Manase, 18mme Josefa a re ho ntatae: “E seng jwalo, ntate, hobane eo e leng letsibolo ke enwa! Bea letsoho la hao le letona hodima hlooho ya hae.”
19Empa ntatae a hana, a re: “Ke a tseba, ngwana ka, ke a tseba; le yena e tla ba setjhaba, mme le yena o tla ba moholo. Leha ho le jwalo, moena hae o tla ba moholo ho mo feta, mme bana ba hae e tla ba ditjhabatjhaba.” 20Ka lona letsatsi leo a ba hlohonolofatsa, a re:
“Baiseraele ba tla hlohonolofatsana,
ba hlohonolofatsane ka lona, ba re:
‘Modimo a ke a ba atlehise,
a ba atlehise
jwaloka Efraime le Manase.’ ”
Ka mokgwa o jwalo a eteletsa Efraime kapele ho Manase.
21Jwale Iseraele a re ho Josefa: “Bona, nna ke se ke tla shwa, empa Modimo o tla ba le lona, a le kgutlisetse naheng ya bo-ntata lona. 22Hape wena, ho fetisa bana beno, ke o nea letsatsa la thaba, leo ke neng ke le hape ho Baamore ka sabole ya ka, le ka seqha sa ka.”

Currently Selected:

TSHIMOLOHO 48: SSO89SO

Highlight

Share

Copy

None

Want to have your highlights saved across all your devices? Sign up or sign in