YouVersion Logo
Search Icon

TSHIMOLOHO 3

3
Noha e eka mosadi
1Noha e ne e le masene ho feta diphoofolo tsohle tsa naha, tseo Morena Modimo a di entseng. Yaba e re ho mosadi: “Na efela Modimo o itse: ‘Le se ke la ja difate tsohle tse serapeng’?”
2Mosadi a araba noha, a re: “Re ka ja ditholwana tsa difate tse serapeng, 3empa ha e le ditholwana tsa sefate se bohareng ba serapa, Modimo o itse: ‘Le se ke la di ja, le ho di thetsa le se ke la di thetsa, esere la shwa.’ ”
4Jwale noha ya re ho mosadi: “Ruri ha le ka ke la shwa! 5Modimo o tseba hore mohla le ka se jang, mahlo a lona a tla tutuboloha, le tshwane le Modimo, le tsebe botle le bobe.”
6Mosadi a elellwa hore sefate seo se ka jewa, se bile se kgahla mahlo; le hore se a lakatseha, hobane se hlalefisa motho. Yaba o kgola tse ding tsa ditholwana tsa sona, o a di ja; a ba a fa le monna wa hae, le yena a ja. 7Mahlo a bona bobedi a tutuboloha, mme ba elellwa hore ha ba a tena letho. Ba rokahanya mahaba a sefate sa feiye, ba iketsetsa meitlamo.
Modimo o ahlola motho
8Jwale ba utlwa ha Morena Modimo a bua, ha a ntse a tsamaya hara serapa, moyeng o maphodi wa mantsiboya. Monna le mosadi wa hae ba ipatela Morena Modimo hara difate tsa serapa. 9Morena Modimo a bitsa monna, a re ho yena: “O hokae na?”
10Monna a arabela, a re: “Ke ile ka utlwa ha o ntse o tsamaya mona serapeng, ka tshaba, hobane ha ke a tena letho, mme ka ipata.”
11Jwale Modimo a re: “Ke mang ya o boleletseng hore ha o a tena letho? Na o jele sefate seo ke o laetseng hore o se ke wa se ja?”
12Monna a re: “Mosadi eo o nneileng yena, hore a be le nna, o mphile tse tswang sefateng, mme ka fela ka ja.”
13Jwale Morena Modimo a re ho mosadi: “Ke eng ee, eo o e entseng?”
Mosadi a re: “Noha e ile ya nqhekella, mme ka fela ka ja.”
14Morena Modimo a re ho noha:
“Hara makgomo wohle,
le diphoofolo tsohle tsa naha,
o rohakehile,
kahobane o entse sena!
O tla holoba ka mpa ya hao,
o je lerole ka matsatsi wohle
a ho phela ha hao.
15Ke tla hlahisa bora
pakeng tsa hao le mosadi,
le pakeng tsa madinyane a hao
le bana ba hae.
Bana ba hae
ba tla kgoba hlooho ya hao;
wena o tla ba loma serethe.”
16A re ho mosadi:
“Ha o ithwetse,
ke tla o atisetsa bohloko.
O tla beleha bana ka bohloko,
o lakatse monna wa hao,
mme yena a o buse.”
17Jwale ho Adama a re:
“Kahobane o mametse polelo
ya mosadi wa hao,
wa ja sefate seo ke ileng ka o laela,
ka re: ‘O se ke wa se ja,’
mobu o rohakehile ka baka la hao.
O tla ja tse tswang ho wona
ka ho sebetsa ka thata,
ka matsatsi wohle a ho phela ha hao.
18Mobu oo
o tla o medisetsa meutlwa,
o o medisetse le tshehlo,
o je meroho ya naha.
19O tla ja bohobe
ka mofufutso wa phatla ya hao,
ho fihlela o boela mobung,
hobane o ntshitswe mobung,
o lerole,
mme o tla boela leroleng!”
20Monna a rea mosadi lebitso la Eva, hobane ke yena mma batho bohle ba phelang. 21Yaba Morena Modimo o etsetsa Adama le mosadi wa hae diaparo tsa matlalo, a ba apesa.
Motho o lelekwa serapeng sa Edene
22Morena Modimo a re: “Bonang, motho o se a tshwana le e mong wa rona, ka ho tseba botle le bobe! Jwale a se tshohe a otlolla letsoho la hae, a kgola le sona sefate sa bophelo, a eja, mme a phela kamehla yohle!” 23Yaba Morena Modimo o mo ntsha serapeng sa Edene, hore a yo lema mobu oo a ntshitsweng ho wona. 24A leleka motho. Ka botjhabela ho serapa sa Edene a bea dikerubime, le sabole e tukang malakabe, e tsokotsehelang ka nqa tsohle, ho lebela tsela e yang sefateng sa bophelo.

Currently Selected:

TSHIMOLOHO 3: SSO89SO

Highlight

Share

Copy

None

Want to have your highlights saved across all your devices? Sign up or sign in