YouVersion Logo
Search Icon

ESERA 10

10
Setjhaba se ipolela dibe tsa sona
1Ha Esera a ntse a rapela, a etsa maipolelo, a lla, a itihela fatshe kapele ho Tempele ya Modimo, letshwele le leholo la Baiseraele, e le banna, le basadi, le bana, la phuthehela ho yena, mme batho bao ba lla habohloko. 2Yaba Shekaniya, mora wa Jehiele, e leng e mong wa bara ba Elame, o re ho Esera: “Re sitetswe Modimo wa rona, re nyetse basadi ba baditjhaba ba ahileng naheng ena, empa ha e le tabeng ena, tshepo e sa le teng bakeng sa Baiseraele. 3Ka baka leo, a re etseng selekane le Modimo wa rona, re kgutlise basadi bana bohle, le bana ba bona, ho ya ka keletso ya monga ka, le ya bohle ba hlomphang melao ya Modimo wa rona, mme hona ho etswe ka molao. 4Ema ka maoto, hobane tabeng ena boikarabelo ke ba hao, mme re tla o thusa. Tsoha molota, o etse jwalo.”
5Yaba Esera o a ema, o etsa hore baprista ba baholo, le Balevi, le Baiseraele bohle, ba hlapanye hore ba tla etsa jwalo, ho latela polelo ya Shekaniya. Ba fela ba hlapanya. 6Esera a tloha kapele ho Tempele ya Modimo, a kena ka kamoreng ya Johanane, mora wa Eleashibe. Ha a se a kene, ha a a ka a ja bohobe kapa a nwa metsi, hobane o ne a ntse a lla ka baka la ditshito tsa ba neng ba thopilwe.
7Naheng yohle ya Juda le Jerusalema, ba phatlalletsa ba neng ba thopilwe hore ba phuthehele Jerusalema. 8Ho ya ka keletso ya mahosana le ya baholo, ha thwe mang kapa mang eo matsatsi a mararo a tla feta a eso tle, a jewe dintho tsa hae tsohle, le yena a be a lelekwe hara setjhaba sa ba neng ba thopilwe.
9Yaba banna bohle ba Juda le ba Benjamine, ba phuthehela Jerusalema matsatsi a mararo a eso fete. Ka letsatsi la mashome a mabedi la kgwedi ya borobong, setjhaba sohle sa dula lebaleng le kapele ho Tempele ya Modimo, se ntse se thothomela ka baka la taba ena, se bile se qhaqhasela ka baka la pula ya ditlwebelele. 10Moprista Esera a ema, a re ho sona: “Le sitilwe ka ho nyala basadi ba baditjhaba, mme le ekeditse dibe tsa Baiseraele. 11Ka baka leo, inyatseng kapele ho Morena Modimo wa bontata lona, le phethe thato ya hae, le ikgetholle ho setjhaba sa naha ena, le arohane le basadi bana ba baditjhaba.”
12Setjhaba sohle sa araba ka mantswe a phahameng, sa re: “Ho lokile! Re tla etsa jwalokaha o boletse! 13Empa setjhaba sena se sengata haholo, le pula ke ya ditlwebelele, mme re sitwa ho ema kantle. Le mosebetsi ona hase wa letsatsi le le leng, kapa a mabedi feela, hobane tabeng ena re sitilwe haholo. 14Baetapele bohle ba setjhaba ba ke ba eme ka maoto; bohle ba metseng ya rona, ba nyetseng basadi ba baditjhaba, ba tle ka nako e beilweng, mme ba tle le baholo, le baahlodi ba motse o mong le o mong, ho fihlela kgalefo ya Modimo wa rona, tabeng ena, e re fapoha.” 15Ke bo-Jonathane feela, mora wa Asaele, le Jahasiya, mora wa Tikefa, ba neng ba hanyetsa taba ena, mme ba tlatsitswe ke Meshulame le Shabetai wa Molevi.
16Ba neng ba thopilwe ba etsa jwalo. Yaba moprista Esera o kgetha banna bao e neng e le dihlooho tsa malapa a bo-ntata bona, lelapeng ka leng a kgetha monna a le mong, mme bana bohle ba qollwa ka mabitso. Ka letsatsi la pele la kgwedi ya leshome, ba kopana ho hlahloba taba ena. 17Ka letsatsi la pele la kgwedi ya pele, ba qeta ho hlahloba taba ya banna ba nyetseng basadi ba baditjhaba.
Banna ba nyetseng basadi ba baditjhaba
18Bara ba baprista, ba ileng ba fumanwa ba nyetse basadi ba baditjhaba, ke bana: Hara bara ba Jeshua, mora wa Josadake, le ba bana babo, e ne e le Maasiya, le Eleesere, le Jaribe, le Gedaleya. 19Ba hlapanya hore ba tla leleka basadi ba bona. Ka baka la molato wa bona ba nyehela ka pheleu e tswang mohlapeng wa bona, ba nyehela ka baka la sebe sa bona. 20Hara bara ba Imere e ne e le Hanani, le Sebadiya. 21Hara bara ba Harime e ne e le Maasiya, le Elia, le Shemaya, le Jehiele, le Usiya. 22Hara bara ba Phashahure e ne e le Eleunai, le Maasiya, le Ishemaele, le Netanele, le Josabada, le Elasa.
23Hara Balevi e ne e le Josabada, le Shimei, le Kelaya ya neng a bitswa Keleta, le Petahiya, le Juda le Eleesere.
24Hara dibini e ne e le Elashibe, mme hara balebedi ba monyako e le Shalome, le Teleme, le Uri.
25Hara Baiseraele, ho bara ba Paroshe e ne e le Rameya, le Jisiya, le Malakiya, le Miamine, le Eleasare, le Malakiya, le Benaya. 26Hara bara ba Elame e ne e le Mataneya, le Sekariya, le Jehiele, le Abade, le Jeremote, le Elia. 27Hara bara ba Satu e ne e le Eleunai, le Elashibe, le Mataneya, le Jeremote, le Sabada, le Asisa. 28Hara bara ba Bebai e ne e le Jehohanane, le Hananiya, le Sabai, le Atalai. 29Hara bara ba Bani e ne e le Meshulame, le Maloke, le Adaya, le Jashube, le Sheale, le Ramote. 30Hara bara ba Pahate-Moabe e ne e le Adena, le Kelala, le Benaya, le Maasiya, le Mataneya, le Besalele, le Binui, le Manase. 31Hara bara ba Harime e ne e le Eleesere, le Jishiya, le Malakiya, le Shemaya, le Shimeone, 32le Benjamine, le Maloke, le Shemariya. 33Hara bara ba Hashume e ne e le Matenai, le Matata, le Sabada, le Elefelede, le Jeremai, le Manase, le Shimei. 34Hara bara ba Bani e ne e le Maadai, le Amorame, le Uele, 35le Benaya, le Bedeya, le Kehohi, 36le Faniya, le Meremote, le Eleashibe, 37le Mataneya, le Matenai, le Jaasau, 38le Bani, le Binui, le Shimei; 39le Shelemiya, le Nathane, le Adaya, 40le Makenadebai, le Shashai, le Sharai, 41le Asariele, le Shelemiya, le Shemariya; 42le Shalome, le Amariya, le Josefa. 43Hara bara ba Nebo e ne e le Jeiele, le Matiteya, le Sabada, le Sebina, le Jadai, le Joele, le Benaya.
44Bana bohle ba ne ba nyetse basadi ba baditjhaba, mme ba leleka basadi bao hammoho le bana ba bona.

Currently Selected:

ESERA 10: SSO89SO

Highlight

Share

Copy

None

Want to have your highlights saved across all your devices? Sign up or sign in