YouVersion Logo
Search Icon

DIPOLELO 32

32
Sefela sa Moshe
1“Sekehang tsebe,
lona mahodimo,
mme ke tla bua;
lefatshe le ke le utlwe
polelo tsa molomo wa ka.
2Thuto tsa ka
di tla rotha jwaloka pula,
polelo tsa ka
di monyele jwaloka phoka,
jwaloka lefafatsane
hodima jwang bo botalana,
le jwaloka modupe hodima dijalo.
3“Ke tla phatlalatsa
lebitso la Morena;
lona le thoholetse
boholo ba Modimo wa rona.
4“Yena ke Lefika,
mosebetsi wa hae o hloka kodi,
ditsela tsohle tsa hae di na le toka;
ke Modimo ya tshepahalang,
ya se nang bokgopo;
o lokile, mme o nepa kamehla.
5“Ba itshilafaditse,
ha e sa le bana ba hae,
ba dikodi,
ke moloko o kgelohang, o kgopo.
6Le buseletsa Morena
ka mokgwa o tjee,
lona tjhaba sa dithoto,
tjhaba sa ditseketseke?
Na hase yena Ntata lona
le Mmopi wa lona?
O le bopile, a le etsa setjhaba.
7“Hopolang mehla ya kgalekgale,
nahanang mengwaha
ya meloko ya pele,
botsang bo-ntata lona,
mme ba tla le jwetsa,
baholo ba lona ba tla le bolella.
8Ha Radiphahama a aba,
a abela matjhaba dinaha,
a arola bana ka merabe ya bona,
a na a sehela ditjhaba meedi,
ho ya ka palo ya bana ba Iseraele.
9Seabo sa Morena ke setjhaba sa hae,
Jakobo ke karolo ya lefa la hae.
10“A na a mo fumana
a lelera lehwatateng,
feelleng le bodutu la dipukupuku;
a mo sireletsa, a mo baballa,
a mo hlokomela seka thaka ya leihlo.
11Jwaloka ntsu
e phaphamisa madinyane a yona,
e a okaokela,
e thathalatsa mapheo,
e hloibile madinyane a yona,
e a jara ka mapheo a yona,
12Morena a mo tataisa a le inotshi,
a sa thuswe ke medimo e meng.
13“A mo etsa mmusi
wa phahama tsa lefatshe,
a phela ka ho ja mabehwa-ke-naha;
a mo momontsha
mahe a dinotshi a etswa lefikeng,
a mo fa ole
e etswa fikeng la moralla;
14sereledi ya eba sa serema sa kgomo,
lebese ya eba le mafura la dinku,
mafura ya eba a dikonyana,
dipheleu le dipodi
ya eba tsa Bashane,
koro ya eba e lefi le thata,
a nwa lero la morara le lefubedu.
15“Jakobo a ja, a kgora,
Jeshurune a nona, a ba a penya,
a lahla Modimo e le Mmopi wa hae,
a nyedisa Fika le mo pholositse.
16Ba mo phephetsa
ka medimo e meng,
ba mo halefisa
ka manyala a medingwana.
17Ba etsa mahlabelo,
ba a etsetsa bademona,
e seng Modimo,
ba hlabela medimo
eo ba sa kang ba e tseba,
ba hlabela medimo e metjha,
medimo eo bo-ntata bona
ba sa kang ba e tshaba.
18Ha le a tsotella Fika le le emotse,
le lebetse Modimo,
Mmopi wa lona.
19“Morena a bona hona,
mme a ba nyonya,
a lahla bara le baradi ba hae.
20‘Ke tla ba patela fahleho sa ka,’
ha rialo Morena,
‘ke bone na ba tla fella kae;
ke moloko o kgelohileng,
wa bana ba hlokang botshepehi.
21Ba mphepheditse
ka hoo e seng Modimo,
ba nkgalefisa
ka medimo ya mafeela;
ke tla ba phephetsa
ka bao e seng setjhaba,
ke ba halefise
ka tjhaba se hloka kelello.
22Kgalefo ya ka e tuka malakabe,
e tlokoma
ho ya fihla Nqalong ya Bafu,
e timetsa lefatshe le tsa lona,
e tjhesa le metheo ya dithaba.
23“ ‘Ke tla ba dihela
bomadimabe hodimo,
metsu ya seqha sa ka
e felle hodima bona.
24Sekoboto, feberu le sewa
di tla ba qeta,
ke romele dibatana di ba harole,
le mahloko a dihahabi tsa lefatshe.
25Sabole e tla ja bana mabaleng,
e timetse ngwana le moshanyana,
lesea le leqheku ka ho tshwana,
ka matlung teng ho buse tshabo.
26Ke ne ke itse ke tla ba hasanya,
bitso la bona le fediswe hara batho,
27hoja ha ke tswafe ho thabisa sera,
sa tshoha se ithorisa,
se re:
Ke ka matsoho a rona
re ba hlotseng,
hase Morena
ya entseng tsena tsohle.’
28“Ke tjhaba se hlokang kelello,
kutlwisiso ha e yo ho sona.
29Ha se ne se le bohlale,
se utlwisisa,
se ne se tla lemoha
pheletso ya sona.
30Motho a ka phaladisa sekete
a le inotshi?
Ba babedi
ba lelekisa di le leshome,
Fika la bona le sa ba rekisa,
Morena a sa neelana ka bona?
31‘Fika’ la bona
ha e ke Fika la rona,
le dira tsa rona di ka re pakela.
32Ke makala a morara wa Sodoma,
a kgethutswe masimong a Gomora;
morara wa yona o tletse mahloko,
masihla a yona a a baba ha a jewe.
33Veine ya teng ke tjhefo ya dihahabi,
ke mahloko a bohale a bo-marabe.
34“Na tsee ha di a bolokwa
sesiung sa ka,
tsa bitiellwa letloleng la ka?
35Phetetso le puseletso ke tsa ka,
mohla maoto a bona
a kgetshemelang;
tsatsi la tlokotsi ya bona
le atametse,
timelo ya bona e potlakile.
36“Morena o tla ahlola,
a ahlolele tjhaba sa hae,
a utlwele bahlanka ba hae bohloko,
ha a bona matla a bona a fedile,
a sa siye mothopuwa
kapa molokolohi.
37O tla botsa:
‘E kae medimo ela ya bona,
“lefika” leo
ba tshabetseng ho lona;
38medimo e jeleng
mafura a mahlabelo a lona,
e nweleng
veine ya dinyehelo tsa lona?
Medimo eo
a e tsohe e le thusetse,
medimo ya lona e le sireletse.
39“ ‘Bona, ke nna
eo e ntseng e le yena,
ha ho Modimo e mong.
Ke a timetsa, ke a phedisa,
ke a hlatha, ke a fodisa,
ha ho ya ka namolelwang
matsohong a ka.
40Ke supa hodimo, ke a ikana,
nna ya phelang kamehla
ke a hlapanya:
41Ke tla leotsa
sabole ya ka ya lebenyane,
ke tshware
kahlolo ka letsohong la ka,
ke iphetetse ho dira tsa ka,
ba ntlhoileng ke ba buseletse.
42Metsu ya ka
e tla rotha madi a bona,
sabole ya ka
e tla kganathela dinama,
e tlale madi
a babolauwa le bathopuwa,
e ebole mahata a ba direng.’
43“Lona mahodimo
thoholetsang le yena;
o phetetsa
madi a bahlanka ba hae,
o buseletsa ba mo hloileng.
O tshwarelwa tjhaba sa hae
le naha ya sona.”
44Jwale Moshe, a ena le Joshua mora wa Nune, a tla, a phetela setjhaba mantswe wohle a sefela sena.
Boipiletso ba Moshe ba ho qetela
45Ha Moshe a qetile ho phetela Baiseraele mantswe ana wohle a sefela sena, 46a re ho bona: “Bolokang mantswe ana wohle ao ke le boleletseng wona kajeno, le laele bana ba lona ho a hlokomela, le ho phetha dipallo tsa Molao ona. 47Ho lona hase mantswe a lefeela; ke bophelo ba lona. Ka mantswe ana le tla phela halelele naheng eo le tshelang Jorodane ho ya ho yona, hore e be ya lona.”
Moshe o bontshwa naha ya Kanana
48Ka lona letsatsi leo Morena a bua ho Moshe, a re: 49“Nyolohela dithabeng tsena tsa Abarime, o hlwelle hodima thaba ya Nebo, e naheng ya Moabe, e malebana le Jeriko, o tadime naha ya Kanana, eo ke e neang bana ba Iseraele hore e be ya bona. 50O tla shwela hodima thaba eo, eo o tla nyolohela hodima yona, mme o orosetswe setjhabeng sa heno, jwalokaha Arone, moholwane wa hao, a ile a shwela thabeng ya Hore, le yena a orosetswa setjhabeng sa habo. 51Le ne le ntshitelwe le le hara bana ba Iseraele, ha le le metsing a Meriba e Kadeshe, lehwatateng la Sine. Le ne le se ke la nkgalaletsa hara setjhaba sa Iseraele. 52Ka baka leo, naha eo o tla e bonela hole, empa o ke ke wa kena naheng eo, eo ke e neang bana ba Iseraele.”

Currently Selected:

DIPOLELO 32: SSO89SO

Highlight

Share

Copy

None

Want to have your highlights saved across all your devices? Sign up or sign in

YouVersion uses cookies to personalize your experience. By using our website, you accept our use of cookies as described in our Privacy Policy