YouVersion Logo
Search Icon

AMOSE 3

3
1Lona Baiseraele, mamelang seo Morena a le bolellang sona, lona setjhaba sohle seo a se ntshitseng naheng ya Egepeta:
2“Hara ditjhaba tsohle tsa lefatshe,
ke lona feela ke ileng ka le kgetha;
ka baka leo, ke tla le otla,
ke le otlele makgopo a lona,
makgopo a lona kaofela.”
Thomo ya moporofeta
3Na ba babedi
ba ka tsamaisana tsela
ba sa ka ba dumellana ho etsa jwalo?
4Na tau e ka puruma hara moru,
ya puruma e sa bolaya nyamatsane?
Na tawana e ka rora
ka selaong sa yona,
ya rora ho se seo e se tshwereng?
5Na nonyana e ka tshwaswa ke leraba,
la e tshwasa le sa tjhehwa ke motho?
Na sefi se ka raha mokgwephetsane,
ho se letho
le thetsitseng mokgwephetsane?
6Ha lenaka le palaola hara motse
na setjhaba ha se ke se thothomela?
Ha koduwa e wela motse hodimo,
na hase Morena
ya tlisitseng koduwa eo?
7Ruri Morena Modimo
ha a ke a etsa letho
a eso senole morero wa hae,
a o senolela bahlanka ba hae,
bahlanka ba hae, baporofeta.
8Jwale tau e se e purumile;
ya ke keng a tshoha ke mang?
Morena Modimo o se a buile;
ya ke keng a porofeta ke mang.
Ho timetswa ha Samaria
9Hlabang mokgosi,
le o hlabele matlo a dikwele,
dikwele tsa Ashedode,
le o hlabele le a Egepeta, le re:
“Phuthehelang dithabeng,
thabeng tsa Samaria,
le bone meferefere e kahara motse,
le bone kgatello
e hara baahi ba wona.
10“Ba bokellang qhoqha,
ba bokelle kgapo,
ba e bokelle ka matlung
a dikwele tsa bona,
ha ba tsebe
ho etsa ho nepahetseng,”
ho rialo Morena.
11Ka baka leo, Morena Modimo o re:
“Sera se tla futuhela naha,
se e futuhele kahohle,
marako a lona a tshireletso
se a heletse,
matlotlo a matlo
a dikwele tsa lona se a hahare.”
12Morena o bua tjena:
“Jwalokaha modisa
a hlotha hanong la tau
meomo e mmedi feela
kapa ntlhana ya tsebe,
Baiseraele le bona
ba tla pholoswa jwalo,
bona ba phelang naheng ya Samaria,
motho a nkile
tsekana sa moalo wa hae,
kapa a nkile
otwana la setulo sa hae.
13“Mamelang, mme bopaki ba lona bo qose ntlo ya Jakobo,” ho rialo Morena, Morena Modimo wa mabotho.
14“Mohla ke otlang Baiseraele,
ke ba otlela dibe tsa bona,
ke tla heletsa dialetare,
aletare tsa Bethele;
manakana a aletare a tla kgaolwa,
a kgaolwe, a be a wele fatshe.
15Ntlo e dulwang mariha
ke tla e heletsa,
ke heletse le e dulwang hlabula;
matlo a kgabisitsweng,
a kgabiswa ka manaka a tlou,
a tla heletswa,
mehohoma ya matlo
e fetohe masupi,”
ho rialo Morena.

Currently Selected:

AMOSE 3: SSO89SO

Highlight

Share

Copy

None

Want to have your highlights saved across all your devices? Sign up or sign in