YouVersion Logo
Search Icon

2 BATHESALONIKA 2

2
Ya Kgopo
1Ha e le tabeng ya ho tla ha Morena wa rona Jesu Kreste, le ya ho ba mmoho le yena, re a le kopa, bana beso: 2Le se phakise ho ferekana maikutlo kapa ho tshoswa ke boporofeta, kapa dipolelo, kapa lengolo leo ho ka thweng le tswa ho rona, le reng Letsatsi la ho tla ha Morena le fihlile. 3Ho se be ya le thetsang ka tsela efe kapa efe. Pele ho Letsatsi leo ho tla ba le bokwenehi, mme ho senolwe Ya Kgopo, ya tlamehileng ho timela. 4Yena o tla lwantsha, a iphahamisetse tsohle tse bitswang Modimo, tse kgumamelwang ke batho, hoo yena a tlang ho itulela ka Tempeleng ya Modimo, a iketse Modimo.
5Na le sa hopola hore tseo tsohle ke ile ka le bolella tsona ke sa na le lona? 6Jwale le tseba se thibetseng hore a senolehe nako ya hae e eso fihle. 7Bokgopo bo se bo ntse bo sebetsa ka sephiri; se setseng feela ke hore ya mo thibetseng a tloswe tseleng, 8hore Ya Kgopo a tle a senolehe. Jwale Morena Jesu o tla mo fedisa ka ho mo budula ka molomo feela, mme a mo timetse ka kganya eo a tla tla ka yona. 9Ya Kgopo o tla tla ka mesebetsi ya Satane, mme o tla etsa diketso tse matla, le mehlolo le dimakatso tse thetsang. 10O tla sebedisa mefuta yohle ya dithetso tsa bokgopo ho ba yang timelong, kahobane ha ba a ka ba dumela ho rata nnete e neng e tla ba pholosa. 11Ka baka leo, Modimo o tla ba romela moya wa bokgelohi, ba tle ba kgolwe leshano, 12e le hore bohle ba sa kang ba dumela nnete, ba mpa ba kgahlwa ke bokgopo, ba tle ba ahlolwe.
Le kgethetswe ho pholoha
13Ha e le rona, re tshwanetse ho leboha Modimo kamehla ka baka la lona, bana babo rona ba ratwang ke Morena. Modimo o le kgethile le le ba pele ba tla pholoswa ka matla a Moya o le halaletsang, le ka tumelo ya lona nneteng. 14Modimo o le bitseditse hona ka molaetsa wa rona o molemo, hore le tle le fumane tlotla ya Morena wa rona Jesu Kreste. 15Kahoo, bana beso, emang le tiile, le kgomarele meetlo eo re le rutileng yona ka molomo kapa ka lengolo.
16Morena wa rona Jesu Kreste ka sebele, le Modimo Ntata rona ya re ratileng, eo mohaung wa hae a re fileng tshediso e sa feleng le tshepo e tiileng, 17a ke a tshedise dipelo tsa lona, mme a le matlafatse dinthong tsohle tse lokileng tseo le ka di etsang kapa la di bolela.

Currently Selected:

2 BATHESALONIKA 2: SSO89SO

Highlight

Share

Copy

None

Want to have your highlights saved across all your devices? Sign up or sign in