YouVersion Logo
Search Icon

1 DIKGOSI 13

13
Moporofeta o kgalemela Jeroboame
1Ka taelo ya Morena, moporofeta wa Modimo, ya tswang naheng ya Juda, a fihla Bethele. A fumana Jeroboame a eme pela aletare, a ntse a tjhesa mokubetso. 2Ho latela taelo ya Morena, moporofeta eo a omanya aletare, a re: “Aletare towe! Aletare towe! Morena o bua tjena: ‘Bona, ho tla tswalwa ngwana tlung ya Davida, mme lebitso la hae e tla ba Josiya. O tla etsetsa Morena mahlabelo ka baprista ba ditempele tseo ho rapellwang medimo ya bohata ho tsona, ba tjhesetsang mokubetso hodima hao. Masapo a batho o tla a tjhesetsa hodima hao.’ ” 3Ka lona letsatsi leo a ba nea pontsho, a re: “Pontsho ya hore Morena o buile jwalo ke ena: Aletare ena e tla peperana, mme molora o hodima yona o qhalane.”
4Yare ha kgosi Jeroboame a utlwa dipolelo tsa moporofeta wa Modimo, tseo a omanyang aletare ka tsona, a mo supa ka monwana, yena Jeroboame a ntse a le aletareng, a re: “Mo tshwareng!” Letsoho leo la hae, leo a neng a supile moporofeta ka lona, la satalla hoo a ileng a sitwa ho le kgutlisa. 5Aletare le yona ya peperana, mme molora o hodima yona wa qhalana, ho latela pontsho eo moporofeta wa Modimo a ileng a e bolela, ka taelo ya Morena.
6Kgosi ya re ho moporofeta wa Modimo: “Ako rapele Morena Modimo wa hao, o nthapelle hore letsoho la ka le fole.” Moporofeta enwa wa Modimo a rapela Morena, mme letsoho la kgosi la fola, la eba jwaloka pele.
7Jwale kgosi ya re ho moporofeta wa Modimo: “A re ye le wena ha ka, o yo ja, mme ke tla o putsa.”
8Moporofeta wa Modimo a re ho kgosi: “Leha o ne o ka nnea halofo ya leruo la hao, ke ne nke ke ka ya. Nke ke ka ja dijo, kapa ka nwa metsi sebakeng sena. 9Morena o ntaetse jwalo, a re: ‘O se ke wa ja dijo, kapa wa nwa metsi, kapa wa kgutla ka tsela eo o tlileng ka yona.’ ” 10Ka baka leo, moporofeta a nka tsela esele, a se ke a kgutla ka eo a tlileng Bethele ka yona.
Moporofeta wa Bethele wa leqheku
11Ho ne ho ena le moporofeta wa leqheku, ya neng a ahile Bethele. Bara ba hae ba fihla ba mmolella mesebetsi yohle eo moporofeta wa Modimo a e entseng moo Bethele ka letsatsi leo. Ba mmolella le dipuo tseo a ileng a di bua ho kgosi. 12Yaba ntata bona o re ho bona: “Moporofeta eo o ile a nka tsela efe?” Bara ba hae ba ne ba ile ba bona hore na moporofeta eo ya tswang Juda o nkile tsela efe. 13Yaba o re ho bara ba hae: “Nqhaneheleng tonki!” Ba mo qhanehela tonki, mme a e palama. 14A sala moporofeta eo wa Modimo morao, a mo fumana a dutse tlasa sefate sa eike, mme a re ho yena: “Na ke wena moporofeta wa Modimo ya tswang Juda?”
Yena a re: “E, ke nna.”
15Moporofeta wa leqheku a re ho yena: “A re ye le wena ha ka, re yo fumana dijo.”
16Empa moporofeta wa Modimo a re: “Nke ke ka kgutla le wena, kapa ka ya ha hao; hape nke ke ka ja dijo, kapa ka nwa metsi le wena, sebakeng sena. 17Morena o ile a re ho nna: ‘O se ke wa ja dijo, kapa wa nwa metsi sebakeng seo; le ho kgutla o se ke wa kgutla ka tsela eo o ileng wa ya ka yona.’ ”
18Moporofeta wa leqheku a re ho yena: “Le nna ke moporofeta jwaloka wena. Ka taelo ya Morena, lengeloi le ile la re ho nna: ‘Kgutlela le yena tlung ya hao, a tle a fumane dijo, a nwe metsi.’ ” Empa moporofeta wa leqheku o ne a le leshano. 19Yaba moporofeta eo wa Modimo o kgutla le moporofeta wa leqheku. Ha a fihla lapeng a ja, a nwa le metsi.
20Ha ba ntse ba eja, lentswe la Morena la fihlela moporofeta enwa wa leqheku ya ileng a kgutlisa moporofeta wa Modimo. 21Moporofeta wa leqheku a re ho moporofeta wa Modimo ya tswang Juda: “Morena o bua tjena: ‘O tlotse taelo ya Morena, ha o a boloka molao oo Morena Modimo wa hao, a o laetseng wona. 22O ile wa kgutla, mme o jele dijo, wa ba wa nwa le metsi sebakeng seo ke ileng ka re ho wena ka sona: O se ke wa ja dijo, kapa wa nwa metsi. Ka baka lena, setopo sa hao se ke ke sa epelwa mabitleng a bontatao.’ ”
23Kamora hoba a je dijo, a nwe metsi, moporofeta wa leqheku a qhanehela moporofeta eo a ileng a mo kgutlisa tseleng, tonki. 24Ha moporofeta eo a ntse a tsamaya, a kopana le tau tseleng, mme ya mmolaya. Setopo sa hae sa rapalla kahara tsela, tonki ya ema pela sona, le tau ya ema pela sona. 25Batho ha ba feta ba bona setopo se rapaletse kahara tsela, tau e eme pela sona. Ba fihla motseng oo moporofeta wa leqheku a ahileng ho wona, mme ba pheta taba eo.
26Ha moporofeta wa leqheku, ya ileng a kgutlisa moporofeta wa Modimo tseleng, a utlwa hona, a re: “Motho eno ke moporofeta wa Modimo, ya ileng a tlola taelo ya Modimo; ka baka leo, Morena o mo neetse tau e ileng ya mo harola, ya mmolaya, ho latela puo eo Morena a ileng a e bua ho yena.”
27Yaba o re ho bara ba hae: “Nqhaneheleng tonki!” Ba mo qhanehela yona. 28A tsamaya, a fumana setopo sa moporofeta wa Modimo se rapaletse kahara tsela, tonki le tau di ntse di eme pela sona. Tau e ne e sa ka ya ja setopo, kapa ya harola tonki. 29Yaba moporofeta wa leqheku o nka setopo sa moporofeta wa Modimo, o se belesa hodima tonki, o kgutlela le sona motseng, ho tla llela moporofeta eo wa Modimo, le ho mo epela. 30Setopo sena a se epela ka lebitleng la hae, mme ba llela moporofeta, ba re: “Jo! ngwaneso wee!”
31Kamora hoba a se epele, a re ho bara ba hae: “Ha ke se ke shwele, le tle le nkepele ka lebitleng leo moporofeta wa Modimo a epetsweng ka ho lona; masapo a ka le a bee pela masapo a hae. 32Mantswe ao, ka taelo ya Morena, moporofeta wa Modimo, a ileng a omanya aletare e Bethele ka wona, le ditempele tsohle tseo ho rapellwang medimo ya bohata ho tsona, metseng ya Samaria, ruri a tla phethahala.”
Sebe sa Jeroboame se bolayang
33Esitana leha hona ho se ho etsahetse, Jeroboame a nna a tswela pele mekgweng ya hae e kgopo. Batho ba eisehang hara setjhaba a nna a ba etsa baprista ba ditempele tseo ho rapellwang medimo ya bohata ho tsona. Mang kapa mang ya ratang, a mo etsa e mong wa baprista ba ditempele tseo ho rapellwang medimo ya bohata ho tsona. 34Ntho ena ya eba sebe sa lelapa la Jeroboame, se ileng sa le fedisa, mme sa le timetsa lefatsheng.

Currently Selected:

1 DIKGOSI 13: SSO89SO

Highlight

Share

Copy

None

Want to have your highlights saved across all your devices? Sign up or sign in

YouVersion uses cookies to personalize your experience. By using our website, you accept our use of cookies as described in our Privacy Policy