YouVersion Logo
Search Icon

SOFONIA 1

1
Juda le Jerusalema ba kgalemelwa.
1Ke lena lentswe la Jehova le neng le tlele Sofonia, mora Kushi, mora Gedalia, mora Amaria, mora Esekiase, mehleng ya Josiase, mora Amone, morena wa Juda.
2Ke ya tlosa, ke tlosetse ruri tsohle tse hodima lefatshe, ho bolela Jehova. 3Ke ya tlosa batho le diphoofolo, ke tlose dinonyana tsa lehodimo le dihlapi tsa lewatle, le dikgopiso hammoho le ba bolotsana, ke be ke timeletse batho hodima lefatshe, ho bolela Jehova. 4Mme ke tla otlollela letsoho la ka hodima Juda le hodima baahi bohle ba Jerusalema, ke tle ke timeletse nqalong eo masala wohle a Baale, lebitso la baruti ba ditshwantsho hammoho le baprista; 5le ba kgumamang hodima matlo pela lekgotla la lehodimo, le bakgumami ba anang ka Jehova, ba anang le ka morena wa bona; 6le ba furaletseng Jehova, le ba sa batleng Jehova, ba sa mo hlokomeleng.
7Tholang pela Morena Jehova! hobane letsatsi la Jehova le atametse; hobane Jehova o lokisitse sehlabelo, o hlatswitse bao a ba bitsitseng. 8Tsatsing la sehlabelo sa Jehova, ke tla kgalemela mahosana le bara ba morena, le bohle ba aparang seaparo sa basele; 9hape, tsatsing leo, ke tla kgalemela bohle ba tlolang sefate se monyako, ba tlatsang ntlo ya morena wa bona ka tse hapilweng ka bohoroso le ka thetso. 10Tsatsing leo, ho bolela Jehova, ho tla utlwahala mohoo o tswang monyakong wa Dihlapi, le seboko se tswang Mishne, le tshenyeho e kgolo e maralleng. 11Bokollang, lona baahi ba Maktheshe, hobane setjhaba sohle sa bahwebi se fedile, bohle ba ipelesitseng ka silifera ba timeditswe. 12Nakong eo, ke tla batlisisa Jerusalema ka mabone, ke kgalemele banna bao ba hwamileng hodima ditshifa tsa bona, ba reng pelong tsa bona: Jehova ha a na ho etsa hantle, leha e le ho etsa hampe. 13Menono ya bona e tla lobelwa, matlo a bona a senngwe; ba tla haha matlo, empa ba ke ke ba dula ho wona; ba tla hloma merara, empa ba ke ke ba enwa veine ya yona.
14Letsatsi la Jehova le leholo le atametse, le atametse, le bile le akofa ka ho fetisisa. Utlwang! letsatsi la Jehova ke lena! Teng mohale o meketsa habohloko. 15Tsatsi leo ke tsatsi la kgalefo, ke tsatsi la tlokotsi le la matswalo, ke tsatsi la tshenyo le la tshenyeho, ke tsatsi la lefifi le la botsho, ke tsatsi la maru le la lefifi le letsho! 16Ke tsatsi la phala le la mokgosi o hlabelwang metse e matla le marako a phahamileng. 17Ke tla bea batho tlokotsing, mme ba tla tsamaya jwaloka difofu, kahobane ba sitetswe Jehova; madi a bona a tla tshollwa jwaloka lerole, le nama ya bona jwaloka bolokwe. 18Leha e le silifera ya bona, leha e le kgauta ya bona, di ke ke tsa tseba ho ba namolela tsatsing la kgalefo ya Jehova; mme ka mollo wa poulelo ya hae, lefatshe lohle le tla tjheswa, hobane o tla fedisa, a be a timeletse baahi bohle ba lefatshe ka sehloho.

Currently Selected:

SOFONIA 1: SSO61-SO

Highlight

Share

Copy

None

Want to have your highlights saved across all your devices? Sign up or sign in