YouVersion Logo
Search Icon

RUTHE 3

3
1Ebile Naomi matsalae o re ho yena: Moradi wa ka, na nke ke ka o batlela phomolo, o tle o iketle na? 2Ha ke re jwale, Boase eo o kileng wa sebetsa le barwetsana ba hae ke wa heso na? Bona, bosiung bona, o ya olosa harese seotlong. 3O iphotle, o tlole, o apare dikobo tsa hao, o theohele seotlong; o mpe o se ke wa ipontsha monna eo, a eso ho qete ho ja le ho nwa. 4Ha a ya robala, o tsebe moo a robalang; jwale o ye, o apole maoto a hae, o robale fatshe teng; o tla o bolella seo o tla se etsa. 5Ruthe a re ho yena: Ke tla etsa kahohle kamoo o mpolellang kateng.
6Ebile o theohela seotlong, a etsa kahohle kamoo matsalae a mo laetseng kateng. 7Eitse hobane Boase a je, a nwe, pelo ya hae e thabile, a ya robala qetellong ya setha sa harese. Ruthe a tla a nanya, a apola maoto a Boase, mme a robala. 8Bosiu bo boholo, monna eo a tshoha, a fetoha, a bona mosadi a robetse maotong a hae. 9A re: O mang na? Yena a re: Ke nna Ruthe, lekgabunyane la hao; o ale moleka wa kobo ya hao, hodima lekgabunyane la hao, etswe o le wa heso. 10Boase a re: O hlohonolofatswe ke Jehova, moradi wa ka, hobane o entse sa morao hantle ho feta sa pele, kamoo o sa kang wa latella bahlankana kateng, leha e le ba ruileng, leha e le ba fumanehileng. 11Mme jwale, moradi wa ka, se tshabe; ke tla o etsa ka tsohle tseo o di boletseng, hobane bohle ba motse wa tjhaba sa heso ba tseba hobane o mosadi ya kgabane. 12Jwale, ke fela ke le wa heno, empa monna e mong o teng eo e leng wa heno ho fetisa nna. 13Leha ho le jwalo, dula mona bosiu bona, mme hosasa, ha a rata ho phetha ditokelo tsa wa heno sebakeng sa hao, ke teng, a fele a di phethe; ha a sa rate ho phetha ditokelo tsa wa heno sebakeng sa hao, ka Jehova ya utlwang, ke nna ke tla di phetha; robala, ho be ho se.
14A robala jwalo maotong a hae, ha ba ha esa; a ntoo tsoha, batho ba eso ho tsebe ho bonana. Hobane Boase o ne a itse: Ho se ke ha tsejwa hobane mosadi o kene seotlong. 15A ntoo re ho yena: Nnee kobo eo o e apereng, o e tshware. A e tshwara, mme Boase a lekanya tekanyo tse tsheletseng tsa harese, a mo jarisa tsona, mme a boela hae.
16 Ruthe a tla ho matsalae; eo a re: Ho jwang, moradi wa ka? Yaba o mo phetela tsohle tseo monna eo a mo entseng tsona. 17Hape a re: Tekanyo tseo tse tsheletseng tsa harese o nneile tsona, ka ho re: O se ke wa kgutlela ho matsalao o le feela. 18Ebile Naomi o re: Dula, moradi wa ka, o be o tsebe kamoo taba ena e tla etsahala kateng; hobane monna eo a ke ke a lesa taba eo, a sa e phethe kajeno.

Currently Selected:

RUTHE 3: SSO61-SO

Highlight

Share

Copy

None

Want to have your highlights saved across all your devices? Sign up or sign in

YouVersion uses cookies to personalize your experience. By using our website, you accept our use of cookies as described in our Privacy Policy