YouVersion Logo
Search Icon

DIPROVERBIA 4

4
1Bana ba ka, mamelang thuto ya ntata lona, le e nahane, le tle le fihlele kelello. 2Hobane ke le ruta thuto e molemo; le se ke la ba la lahla dithuto tsa ka. 3Ha ke ne ke sa le ngwana ya ratwang ke ntate, ke le ngwana wa ngwako mahlong a mme, 4ntate o ne a nthuta, a re ho nna: Pelo ya hao e boloke dipolelo tsa ka hantle, o lotolotse dikeletso tsa me, mme o tla phela. 5Rua bohlale, o rue kutlwisiso; o se ke wa lebala ditaba tsa molomo wa ka, o se ke wa di kgeloha. 6O se ke wa furalla bohlale, mme bo tla o boloka; o bo rate, bo tla o pholosa. 7Sehlooho sa ntho tsohle ke bohlale; rua bona, o bo reke ka tsohle tseo o nang le tsona. 8O etse bohlale ntho e hlokolotsi, mme bo tla o phahamisa; ha o bo kopa ka matsoho, bo tla o phahamisa. 9Bo tla o kgabisa hlooho ka mokgabo o bohehang, bo o rwese moqhaka wa kganya.
10Mamela, mora ka; o amohele dipuo tsa me, dilemo tsa ho phela ha hao di lelefatswe. 11Hobane ke o ruta tsela ya bohlale, ke o tsamaisa mmileng wa ho loka. 12Ha o tsamaya teng, o ke ke wa patiswa maoto; mme ha o matha, o ke ke wa kgoptjwa. 13Tshwara tayo ka matla, o se ke wa e lesa ya phonyoha, o e boloke, hobane ke bophelo ho wena. 14O se ke wa kena tseleng ya ba bolotsana, o se ke wa hata le mmileng wa bakgopo. 15Sikoloha, o se ke wa ba wa leba teng, o kgelohe, o iphetele. 16Hobane ha ba na ho robala ba eso ho ka ba etsa bobe; ba fadimehiswa ke ho ngongoreha, ha ba sa ka ba diha motho pele. 17Hobane bohobe boo ba bo jang ke bobe, lonya ke veine eo ba e nwang. 18Tsela ya ba lokileng e jwaloka lesedi le kganyang, le ntseng le eketsa ho kganya ho fihlela motshehare o moholo o phethehileng. 19Empa tsela ya baetsadibe e jwaloka lefifi la bosiu, ha ba tsebe moo ba tla wela teng.
20Mora wa ka, mamedisisa taba tsa ka, o sekehele dipolelo tsa ka tsebe. 21Di se ke tsa tloha pela mahlo a hao, o nne o di boloke ka pelong. 22Hobane ho ba di fumaneng ke bophelo, ke boiketlo ba mmele wohle wa bona. 23Boloka pelo ya hao ka ho fetisisa, hobane ke yona mehlodi ya bophelo. 24O lelekise leleme le kgopo, o nene molomo o mano. 25Mahlo a hao a shadime, a tsepame, dintshi tsa hao le tsona di ribolohe ka ho loka. 26O iqamakele ho hata ha maoto a hao hantle, tsela tsa hao tsohle di tle di loke. 27O se ke wa kgelohela ka ho le letona kapa ka ho le letshehadi, o mpe o tshabise leoto la hao bobe.

Currently Selected:

DIPROVERBIA 4: SSO61-SO

Highlight

Share

Copy

None

Want to have your highlights saved across all your devices? Sign up or sign in

YouVersion uses cookies to personalize your experience. By using our website, you accept our use of cookies as described in our Privacy Policy