YouVersion Logo
Search Icon

LUKA 6

6
Diqwapi le Sabatha.
1Ka Sabatha e bitswang ya bobedi ho ya pela, Jesu o ne a feta hara masimo; barutuwa ba hae ba ekga diqwapi, mme ba di hohla diatleng tsa bona, ba di ja. 2Bafarisi ba bang ba re ho bona: Le etsetsang ho sa dumellwang ho etswa ka Sabatha? 3Yaba Jesu o ba araba, a re: Na ha le a ka la bala ho entsweng ke Davida, mohla a neng a lapile le ba nang le yena, 4kamoo a kileng a kena tlung ya Modimo kateng, a nka mahobe a pontsha, a a ja, a nea le ba nang le yena, leha a sa lokele ho jewa ke motho, haese ke baprista ba nnotshi? 5A ba a re ho bona: Mora motho ke morena le wa Sabatha.
Motho ya letsoho le omeletseng.
6Ka Sabatha e nngwe hape, o ne a kene sinagogeng, a ruta; mme motho o ne a le teng, ya letsoho le letona le omeletseng. 7Bangodi le bafarisi ba mo ela hloko ho bona hore na o tla mo fodisa ka Sabatha na, ba tle ba fumane seo ba ka mo qosang ka sona. 8Empa o ne a tseba mehopolo ya bona, a ba a re ho motho ya letsoho le omeletseng: Tsoha, o eme hare. Yaba o tsoha, a ema. 9Jwale, Jesu a re ho bona: Ha nke ke le botse taba. Na haele ho etsa hantle, e le ho etsa hampe, ho pholosa motho, kapa ho mmolaya, ho loketseng Sabatha ke hofe na? 10Eitse hobane a ba habanye bohle, a re ho motho eo: Otlolla letsoho la hao. A etsa jwalo; yaba letsoho la hae le a fola, la boela la loka jwaloka le leng. 11Ba tlala bohale, mme ba rera hammoho seo ba tla se etsa ho Jesu.
Kgetho ya baapostola ba leshome le metso e mmedi.
12Matsatsing ao, a tswela thabeng ho rapela, mme a qeta bosiu a ntse a rapela Modimo. 13Ha letsatsi le tjhabile, a bitsa barutuwa ba hae, mme hara bona a ikgethela ba bang ba leshome le metso e mmedi, bao a ba reileng baapostola. 14Ke Simone, eo a mo reileng Petrose, le Andrease, ngwanabo, Jakobo le Johanne, Filipi le Bartholome; 15Matheu le Thomase, Jakobo, mora Alfea, le Simone, ya reilweng Selote; 16Judase, mora Jakobo, le Judase Iskariota, ya ileng a fetoha moeki.
17Ha a theohile le bona, a ema lehwatateng le bongata ba barutuwa ba hae, le batho ba bangata ba setjhaba ba tswang Judea yohle, le Jerusalema, le mathokong a lewatle la Tire le Sidone, ba neng ba tlile ho mo utlwa le ho fodiswa malwetse a bona; 18le ba neng ba tshwenyeha ke meya e ditshila ba ne ba fodiswa le bona. 19Bongata bohle bo ne bo rata ho mo ama, hobane matla a ne a etswa ho yena, a fodisang bohle.
Thuto. — Mahlohonolo.
20Yaba o emisa mahlo, a tadima barutuwa ba hae, a re: Ho lehlohonolo lona bafumanehi, hobane mmuso wa Modimo ke wa lona. 21Ho lehlohonolo lona ba lapileng jwale, hobane le tla kgoriswa. Ho lehlohonolo lona ba llang jwale, hobane le tla tsheha. 22Le tla ba le lehlohonolo mohla batho ba le hloyang, ba le kgethang, ba le hlapaolang, mme ba lahla lebitso la lona jwaloka eka le lebe, ka baka la Mora motho. 23Mohlang oo, le thabe, le nyakalle, hobane moputso wa lona o tla ba moholo lehodimong; le bontata bona ba ne ba etsa baporofeta jwalo.
24Empa ho madimabe lona barui, hobane le se le bone tshediso ya lona. 25Ho madimabe lona ba kgotsheng jwale, hobane le tla lapa. Ho madimabe lona ba tshehang jwale, hobane le tla lla, le be le bokolle. 26Ho madimabe lona, mohla batho bohle ba le rorisang, hobane bontata bona ba ne ba etsa baporofeta ba bohata jwalo.
Ditemoso: Ho ratwe dira; — ho tshajwe dikahlolo tse potlakang.
27Empa ke re ho lona ba mamelang: Ratang bao e leng dira ho lona; ba le hloyang le ba etse hantle. 28Hlohonolofatsang le ba le rohakang, mme le rapelle ba le tsohelang matla. 29Ya o jabelang lerama, o mo sekehele le leng; ya o amohang kobo, o se ke wa mo hanela le kojwana. 30Nea e mong le e mong ya qelang ho wena, mme ha motho a o hlakotse tsa hao, o se ke wa boela wa di lata ho yena. 31Jwalokaha le rata ho etswa ke batho, ba etseng jwalo le lona. 32Hobane ekare ha le rata ba le ratang, ho bokwa ha lona ke hofe na? Athe baetsadibe le bona ba rata ba ba ratang. 33Ekare ha le etsa hantle ba le etsang hantle, ho bokwa ha lona ke hofe na? Athe baetsadibe le bona ba etsa jwalo. 34Ha le adimana le bao le tshepang hoba le tla boela le nke ho bona, ho bokwa ha lona ke hofe na? Athe baetsadibe le bona ba adimana le baetsadibe, ba tle ba boele ba nke ho lekanang le ha bona. 35Empa lona, ratang bao e leng dira ho lona, le etse batho hantle, le adimane le se balaele; mme moputso wa lona o tla ba moholo; le tla ba bana ba Ya hodimodimo; hobane yena o mohau ho ba sa leboheng le ho ba lonya. 36Mme jwale, ebang lereko, jwalokaha Ntata lona le yena a le lereko.
37Hape, se ahloleng, le tle le se ke la ahlolwa; le se ke la tswa, le tle le se ke la tsuwa; rekolohelang, mme le tla rekolohelwa; 38fanang, mme le tla fuwa; le tla felwa sefubeng ka tekanyo e kgolo, e hlohlilweng, e katilweng, e tsholohang; hobane tekanyo eo le lekanyang ka yona, le tla lekanngwa ka yona le lona.
39A ba bolella setshwantsho, a re: Na sefofu se ka tsamaisa sefofu se seng na? Di ke ke tsa wela sekoting tse pedi na?
40Morutuwa ha a moholo ho moruti wa hae; empa morutuwa e mong le e mong ya phethehileng o tla ba jwaloka moruti wa hae.
Lehlokwana le tshiya.
41Na o tadimelang lehlokwana le leihlong la ngwaneno, athe ha o lemohe tshiya e ka leihlong la hao? 42Kapa o ka bolella ngwaneno jwang, wa re: Ngwaneso, ntumelle, ke ntshe lehlokwana le leihlong la hao, kanthe wena, ha o tadime tshiya e leihlong la hao? Moikaketsi, qala ka ho ntsha tshiya e leihlong la hao, ke moo o tla bontshisa ho ntsha lehlokwana le leihlong la ngwaneno.
Difate le ditholwana tsa tsona.
43Hobane ha ho sefate se monate se ka behang ditholwana tse mpe, leha e le sefate se sebe se ka behang ditholwana tse monate. 44Efela sefate se seng le se seng se tsejwa ka ditholwana tsa sona. Hobane difeiye di ke ke tsa kgolwa meutlweng, le morara o ke ke wa kgolwa dibajweng. 45Motho ya molemo o ntsha ditaba tse molemo letlotlong le molemo la pelo ya hae, mme motho e mobe o ntsha ditaba tse mpe letlotlong le lebe la pelo ya hae; hobane molomo wa motho o bolela seo pelo e tletseng sona.
Kutlo le ketso.
46Na le mpiletsang Morena! Morena! kanthe ha le etse tseo ke di bolelang? 47E mong le e mong ya tlang ho nna, ya utlwang dipolelo tsa ka, mme a di etsa, ke tla le lekanyetsa eo a tshwanang le yena. 48O tshwana le motho ya hahang ntlo, eo, eitseng ha a tjheka moralo, a o etsa sekoti, a e thea letlapeng; yare sekgohola ha se etla, phororo ya otla ntlo eo, empa e se ke ya e sisinya, kahobane e theilwe letlapeng. 49Empa ya utlwang, mme a sa etse, o tshwana le motho ya hahileng ntlo ya hae hodima mobu, e se na motheo; yare ha phororo e e kgahlela, ya phakisa ya wa, mme ho senyeha ha ntlo eo ya eba ho hoholo.

Currently Selected:

LUKA 6: SSO61-SO

Highlight

Share

Copy

None

Want to have your highlights saved across all your devices? Sign up or sign in