YouVersion Logo
Search Icon

JOBO 4

4
Phetolo ya pele ya Elifase.
1Yaba Elifase wa Themane o fetola, a re: 2Ha re leka ho bua le wena na o tla utlwa bohloko? Empa ya ka itshwarang ke mang, hore a se ke a bua? 3Bona, wa nna wa ruta batho ba bangata, wa tiisa matsoho a tepeletseng; 4lentswe la hao le emisitse ba kgothometsehang, mme o tiisitse mangole a tetemang. 5Jwale, wena, ha tsietsi e o hlahetse, o a fokola! Jwale, ha e o amile, o a thethelwa! 6Borapedi ba hao na hase tshepo ya hao na? Na ha o itshepise ka ho hloka molato bophelong ba hao na? 7Ako elellwe: motho ke ofe ya timetseng, ha a se na molato? Ho lahlehile kae batho ba lokileng? 8Hoo ke ho boneng ke hoba ba lemileng bokgopo, ba jetseng bolotsana, bona ba kotula jona; 9ba fediswa ke pudulo ya Modimo, ba timetswa ke phefumoloho ya kgalefo ya wona. 10Ho fedile ho puruma ha tau le lentswe la lengau; meno a ditawana a kgorotswe; 11tau e tiileng e timela ke ho hloka see a se rusollang, mme madinyane a tau e tshehadi a qhalantswe.
12Empa lentswe le mphihletse sephiring, tsebe ya ka ya utlwa nyenyetso ya lona. 13Yare nahanong ya ditaba le diponong tsa bosiu, ka nako eo boroko bo kgalang batho, 14tshoho le thothomelo tsa nkwela hodimo, tshisimoho ya thekesedisa masapo a ka kaofela; 15seriti sa feta pela sefahleho sa ka, mmeleng wa ka boya ba sosobana; 16sa ema, empa ka sitwa ho lemoha sebopeho sa sona; se ne se le pela mahlo a ka; ha kgutsa, mme ka utlwa lentswe le reng: 17Na ya shwang a ka loka pela Modimo na, kapa motho na o hlwekile pela Mmopi wa hae na? 18Bona, esita le bahlanka ba wona ha o ba tshepe; o bona kodi le ho mangeloi a wona; 19ho jwalo hakakang ho ba ahileng matlung a letsopa, ba hlahileng leroleng, ba ka rinngwang jwaloka ditshwele! 20Ho nka hosasa ho fihlisa mantsiboya, ba thuhakanngwa, ba timela ka ho sa feleng, ba sa lemohuwe. 21Bokgabane ba bona bo feta le bona; ba shwa, ba eso ho fihlele bohlale.

Currently Selected:

JOBO 4: SSO61-SO

Highlight

Share

Copy

None

Want to have your highlights saved across all your devices? Sign up or sign in

YouVersion uses cookies to personalize your experience. By using our website, you accept our use of cookies as described in our Privacy Policy