YouVersion Logo
Search Icon

BAAHLODI 19

19
Mosadi wa Molevi o senngwa Gibea wa Benjamine. — Leloko la Benjamine le batlile le fediswa ke setjhaba ka molato oo. — Leloko la Benjamine le boela le tsoswa.
1Mohlang oo, ho ne ho se morena Iseraeleng. Ka mohlomong, monna wa Molevi ya neng a aheletse letswapong la thaba ya Efraime, a inkela mosadi wa serethe Bethlehema-Juda. 2Serethe seo sa hae sa feba, sa mo tlohela; sa kgutlela ha ntata sona, Bethlehema-Juda, sa dula teng sebaka sa kgwedi tse nne. 3Jwale, monna wa hae a tloha, a mo latela ho ya bua le pelo ya hae, a tle a mo kgutlise; a ya le mohlanka wa hae le diesele tse pedi. Mosadi eo a mo amohela tlung ya ntatae, mme ntata morwetsana ha a mmona, a thaba ha a teana le yena. 4Mohwehadi wa hae, ntata morwetsana, a mo thibela a ba a dula le yena tshiu tse tharo; mme ba eja, ba enwa, ba robala teng bosiu.
5Eitse ka la bone, ba tsoha e sa le hosasa; Molevi ha a re o a tsamaya, ntata morwetsana a re ho mokgwenyana wa hae: Natlafatsa pelo ya hao ka ho ja mothamo wa bohobe, le ntoo tsamaya. 6Kahoo, ba dula, ba eja, ba enwa ba babedi hammoho, ntata morwetsana a ntoo re ho monna: Dumela ho dula kwano le bosiu bona, pelo ya hao e tle e thabe. 7Empa monna a ema, a re o a tsamaya; empa mohwehadi wa hae a mo phehella, a ba a kgutla, a robala le bosiu boo teng.
8Hosasane, ka la bohlano, a tsohela ho tsamaya e sa le ka meso, empa ntata morwetsana a re: Ako natlafatse pelo ya hao, le hlole mona, tsatsi le be le rapame. Ba ja jwalo ba babedi. 9Yaba monna o a ema, a re o a tsamaya, e le yena le serethe sa hae, le mohlanka wa hae; empa mohwehadi wa hae, ntata morwetsana, a re ho yena: Bona, letsatsi le se le ile; ho se ho tla phirima; robalang kwano le bosiu bona; bona, letsatsi le a dikela, robala kwano bosiu bona, mme pelo ya hao e ke e thabe. Hosasane, le tla tsohela leeto la lona e sa le ka meso, o ikele ha eno. 10Empa monna a hana ho robala teng bosiu, a ba a ema, a tsamaya, mme a fihla pela Jebuse, e leng Jerusalema, a ena le diesele tse pedi tse belesitseng, le sona serethe sa hae se le ho yena.
11Ha ba se ba le haufi le Jebuse, letsatsi le ne le se le rapame; mohlanka a re ho mong a hae: Tloo, re fapohele motseng ono wa Bajebuse, re robale bosiu teng. 12Monga hae a re ho yena: Re ke ke ra fapohela motseng wa baditjhaba, oo e seng wa bana ba Iseraele; re tla mpe re fetele pele ho ya fihla Gibea. 13A eketsa a re ho mohlanka wa hae: Tsamaya, re atamele o mong wa metse yane, re robale Gibea, kapa Rama. 14Kahoo, ba fetela pele, ba tsamaya, mme letsatsi la ba dikella Gibea, e leng motse wa Benjamine. 15Ba fapohela Gibea jwalo, ba kena teng ho robala bosiu.
Eitse hobane a kene, a dula lepatlelong la motse, ho se motho ya ba amohelang tlung ya hae, hore ba robale bosiu teng. 16Mme bonang, monna ya tsofetseng o ne a oroha masimong, mosebetsing wa hae, e le ka shwalane, e le monna wa thaba ya Efraime, a mpa a aheletse Gibea; athe batho ba motse oo e ne e le Babenjamine. 17Eitse ha a emisa mahlo, a bona monna wa moeti lepatlelong la motse; yaba monna eo ya tsofetseng o re ho yena: O ya kae? 18Eo a re ho yena: Re tswa Bethlehema-Juda, re ya letswapong la thaba ya Efraime; ke wa teng; ke ne ke ile Bethlehema-Juda, mme jwale ke ya tlung ya Jehova; leha ho le jwalo, ha ho motho ya nkamohelang tlung ya hae. 19Athe ke na le setroi le furu ya diesele tsa rona; hape, ke na le bohobe le veine e lekaneng nna le lekgabunyane la hao, le mohlanka eo bahlanka ba hao ba nang le yena; ha re hloke letho. 20Monna ya tsofetseng, a re: Kgotso e be le wena! tsohle tseo o di hlokang, ke nna ke tla o batlela tsona. Feela, o se ke wa robala bosiu lepatlelong. 21Yaba o mo isa tlung ya hae, a nea diesele furu, ba ntoo itlhatswa maoto, ba eja, ba enwa.
22Ba re ba sa thabisa dipelo tsa bona, bonang, banna ba motse, batho ba Beliale, ba teela ntlo hare, ba raha lemati, ba bolella monna ya tsofetseng, mong a ntlo, ba re: Ntshetsa ntle monna ya fapohetseng ha hao, re tle re mo tsebe. 23Monna, monga ntlo, a tswela ho bona, a re ho bona: Tjhe, banabeso, se etseng hampe; haele moo monna eo a fapohetse ha ka, le se ke la etsa manyala a kalo. 24Moradi wa ka ke eo, e sa le morwetsana; hape, serethe sa hae ke seo; a nke ke le ntshetse bona kantle, le ba kokobetse, le etse ka bona kamoo le ratang kateng; monna yena le se ke la mo etsa ka manyala a kalo. 25Empa banna bao ba hana ho mo utlwa; yaba monna o tshwara serethe sa hae, a ba tlisetsa sona kantle, mme ba se beta, ba se senya bosiu bohle, ha ba ha eba ka meso, ba ntoo se tlohela, ha bo qala ho sa.
26Ha bo esa, mosadi a kgutla, a wela monyako wa ntlo ya monna eo monga hae a fapohetseng ha hae, mme a dula teng la ba la tjhaba. 27Monga hae a tsoha e sa le ka meso, a bula mamati a ntlo, mme a tswela ntle, a re o ya tswela pele tseleng ya hae; a mpa a bona mosadi eo, e leng serethe sa hae, a rapaletse monyako wa ntlo, matsoho a hae a le sefateng se hatwang sa monyako. 28A re ho yena: Tsoha, re tsamaye. Empa ha a ka a araba. Yaba monna eo o mmelesa eseleng, a tsamaya, a ba a fihla hae.
29Eitse hobane a fihle hae, a nka thipa, a tshwara serethe sa hae, a se arola, a se etsa koto tse leshome le metso e mmedi ka ho ya ka masapo a sona, mme a di romela naheng yohle ya Iseraele. 30Bohle ha ba bona hoo, ba re: Ho jwalo ha ho eso ho ka ho hlaha, le ho bonwa, haesale bana ba Iseraele ba nyoloha fatsheng la Egepeta, ho fihlela la kajeno. Lemohang taba eo, le rere hammoho, mme le bue.

Currently Selected:

BAAHLODI 19: SSO61-SO

Highlight

Share

Copy

None

Want to have your highlights saved across all your devices? Sign up or sign in