YouVersion Logo
Search Icon

BAAHLODI 11

11
1Jafeta, Mogileade, e ne e le mohale; e ne e le mora wa seotswa; ke Gileade ya neng a tswetse Jafeta. 2Mohatsa Gileade o ne a mo tswaletse bara; eitse hobane bara ba mohatsa hae ba hole, ba lelekisa Jafeta, ba re ho yena: O ke ke wa ja lefa la ntlo ya ntata rona, hobane o mora wa mosadi osele. 3Yaba Jafeta o baleha ke ho tshaba banababo, a ya aha naheng ya Tobe; banna ba lefeela ba phuthehela ho yena, mme ba nna ba futuha le yena.
4Ha isaisa, bana ba Ammone ba futuhela Baiseraele. 5Bana ba Ammone ba re ba sa futuhetse Baiseraele, baholo ba Gileade ba ya lata Jafeta naheng ya Tobe. 6Ba re ho Jafeta: Tloo, o be hlooho ya rona, re tle re lwantshe bana ba Ammone. 7Jafeta a re ho baholo ba Gileade: Na hase lona le ntlhoileng na, le bile le ntelekile tlung ya ntate? Le tletseng ho nna jwale, ha le le tsietsing? 8Baholo ba Gileade ba re ho Jafeta: Ke ka hona hoo re tlileng ho wena jwale, hore o tle le rona, o lwantshe bana ba Ammone, mme o be hlooho ya rona kaofela ba ahileng Gileade. 9Jafeta a re ho baholo ba Gileade: Ha le se le ntatile ho ya lwantsha bana ba Ammone, leha Jehova a ka ba neela matsohong a ka, na ke tla ba hlooho ya lona na? 10Baholo ba Gileade ba re ho Jafeta: Jehova a ke a re utlwe dipuong tsa rona; kannete re tla etsa kamoo o boletseng kateng. 11Kahoo, Jafeta a tsamaya le baholo ba Gileade, mme setjhaba sa mmea morena le hlooho ya sona. Mme Jafeta a pheta mantswe a hae kaofela pela Jehova, Mitspe.
12Jafeta a ntoo romela morena wa bana ba Ammone manqosa, a re: Taba ya hao le nna ke efe, haele moo o tlile ho ntwantsha naheng eo e leng ya ka? 13Morena wa bana ba Ammone a re ho manqosa a Jafeta: Ke kahobane Baiseraele ba nkile naha ya ka, ho tloha Arnone ho ya fihla Jabboke le Jordane, mohla ba nyolohang Egepeta; e busetse ho nna jwale ka kgotso.
14Jafeta a boela a romela morena wa bana ba Ammone manqosa, 15a re ho yena: Ho itswe ke Jafeta: Baiseraele ha ba ka ba nka naha ya Moabe, leha e le naha ya bana ba Ammone. 16Eitse ha Baiseraele ba nyoloha Egepeta, ba tsamaya feelleng, ho tla fihla Lewatleng le Lefubedu, ba ntoo fihla Kadeshe. 17Ha ba le teng, Baiseraele ba romela morena wa Edomo manqosa, ba re: Ako re fe sebaka sa ho feta ka naha ya hao. Morena wa Edomo a mpa a hana. Ka mokgwa o jwalo, Baiseraele ba romela morena wa Moabe manqosa, mme le yena a hana. Yaba Baiseraele ba ema Kadeshe. 18Ba ntoo tsamaya feelleng, ba pota naha ya Edomo le naha ya Moabe, ba fihla ka nqa botjhabela ho naha ya Moabe, mme ba emisa mose wane wa Arnone, ba se ke ba tlola moedi wa Moabe, etswe Arnone e le moedi wa Moabi. 19Baiseraele ba ntoo romela manqosa ho Sihone, morena wa Baamore, e leng morena wa Heshbone, mme Baiseraele ba re ho yena: Ako re fe sebaka sa ho feta ka naha ya hao, re tle re fihle naheng ya rona. 20Empa Sihone ha a ka a dumella Baiseraele ho tlola moedi wa hae, Sihone a mpa a phutha setjhaba sa hae kaofela, ba ya emisa Jahatse, mme ba lwantsha Baiseraele. 21Jehova, Modimo wa Iseraele, a neela Sihone le setjhaba sa hae kaofela matsohong a Baiseraele, mme ba ba bolaya; Baiseraele ba rua naha yohle eo Baamore ba neng ba ahile ho yona. 22Ba rua naha yohle ya Baamore, ho tloha Arnone ho ya fihla Jabboke, le ho tloha feelleng ho isa Jordane. 23Erekaha Jehova, Modimo wa Iseraele, a lelekisitse Baamore pela setjhaba sa hae sa Iseraele naheng eo, e ka ba ya hao ka mokgwa o jwang? 24Ha ke re, o ka rua seo Kemoshe, modimo wa hao, a ka o ruisang sona na? Le rona, re rua naha ya bohle bao Jehova, Modimo wa rona, a ba lelekisang pela rona. 25Ana jwale o fetisa Balake mora Tsippore, morena wa Moabe na? Hleka o tsebile ho tsekisa Baiseraele, kapa na o bile le matla a ho ba lwantsha na? 26Haesale Baiseraele ba ahile Heshbone le metseng ya teng, le Aroere le metseng ya teng, le metseng yohle e mabopong a Arnone, e leng ka dilemo tse makgolo a mararo, le sitilwe keng ho e lata ka motsotso o kalo? 27Haele nna, ha ke na molato ho wena; ke wena ya nketsang hampe ka ho ntwantsha. Jehova ha e ke e be yena moahlodi ya ahlolang mahareng a bana ba Iseraele le bana ba Ammone kajeno!
28Empa morena wa bana ba Ammone a hana ho mamela mantswe ao Jafeta a mo rometseng wona.
29Yaba moya wa Jehova o tlela Jafeta, a ba a haola ka Gileade le Manasse, a feta le Mitspe wa Gileade; ha a tloha Mitspe wa Gileade, a fetela ho bana ba Ammone. 30Jafeta a itlama ho Jehova ka kano, a re: Ekare ha o ka neela bana ba Ammone matsohong a ka, 31motho ya tla tswa menyakong ya ntlo ya ka ho tla nkgahlanyetsa, mohla ke kgutlang ka kgotso ke hlotse bana ba Ammone, e tla ba wa Jehova, mme ke tla mo etsa setjheso.
32Jafeta a fetela pele ho bana ba Ammone, ho ya ba lwantsha; mme Jehova a ba neela matsohong a hae. 33A ba bolaya ka polao e kgolo, ho tloha Aroere, ho isa Minnithe, a senya le metse ya teng e mashome a mabedi, ho isa Abele-Keramime. Bana ba Ammone ba kokobetswa jwalo pela bana ba Iseraele.
34Yaba Jafeta o kgutlela Mitspe, tlung ya hae; mme bonang, moradi wa hae a tla mo kgahlanyetsa, ka meropa le ka mehobelo e le yena ngwana ya mong ho Jafeta, a se na mora leha e le moradi, haese yena. 35Eitse ha Jafeta a mmona, a hahola diaparo tsa hae, a re: Jo! moradi wa ka, o nkgathaditse matla; o e mong wa ba mpherekanyang, athe ke ahlamisitse molomo wa ka pela Jehova, mme ke sitwa ho kweneha. 36Moradi wa hae a re ho yena: Ntate, ekare ha o ahlamisitse molomo wa hao pela Jehova, o nketse kamoo o boletseng kateng, haele moo o pheteleditswe ke Jehova ho dira tsa hao, bana ba Ammone. 37A eketsa a re ho ntatae: A nke ke etsetswe ho le hong. Ntlohele kgwedi tse pedi, ke ye ke dikadike dithabeng, ke llele borwetsana ba ka, ke ena le thaka tsa ka. 38A re ho yena: Eya. A mo tlohela kgwedi tse pedi, mme a ya le thaka tsa hae, a llela borwetsana ba hae dithabeng. 39Eitse hobane kgwedi tse pedi di fele, a kgutlela ho ntatae, mme eo a mo etsa ka kano ya hae, a sa ka a tseba monna. 40Hoo ye eba mokgwa Iseraeleng: Ka dilemo tsohle, barwetsana ba Iseraele ba ya ka matsatsi a mane selemong se seng le se seng ho bina dithoko tsa moradi wa Jafeta Mogileade.

Currently Selected:

BAAHLODI 11: SSO61-SO

Highlight

Share

Copy

None

Want to have your highlights saved across all your devices? Sign up or sign in