YouVersion Logo
Search Icon

HAGGAI 2

2
Kganya ya tempele ya bobedi.
1Ka kgwedi ya bosupa, ka la mashome a mabedi a motso o mong la kgwedi, lentswe la Jehova la eba teng ka moporofeta Haggai, la re: 2Bua hle le Sorobabele, mmusisi wa Juda, mora Salathiele, le Joshua, moprista e moholo, mora Jotsadake, le masala a setjhaba, o re: 3Ke mang ho lona ya setseng ho ba kileng ba bona ntlo ena kganyeng ya yona ya pele? Mme jwale, le e bona e le jwang? Ha ke re, e ka lefeela mahlong a lona? 4Jwale, kgothala, Sorobabele! ho bolela Jehova; Kgothala, le wena Joshua, moprista e moholo, mora Jotsadake! Kgothalang, le lona setjhaba sohle sa naha ena, ho bolela Jehova, le be le sebetse; hobane ke na le lona, ho bolela Jehova wa makgotla; 5lentswe la selekane seo ke se hlabileng le lona, mohla le tswileng Egepeta, le moya wa ka, di eme hara lona. Se tshoheng! 6Hobane Jehova wa makgotla o bolela, o re: Ke sa tla sisinya hang, haufinyane, lehodimo le lefatshe, lewatle le moo ho omileng. 7Ke tla sisinya le ditjhaba tsohle, mme tse lakatsehang tsa ditjhaba tsohle di tla tla mona, ke be ke tlatse ntlo ena ka kganya, ho bolela Jehova wa makgotla. 8Silefera ke ya ka, le kgauta ke ya ka, ho bolela Jehova wa makgotla. 9Kganya ya morao ya ntlo ena e tla feta ya ya pele, ho bolela Jehova wa makgotla; nqalong ena ke tla bea kgotso, ho bolela Jehova wa makgotla.
10Ka la mashome a mabedi a metso e mene la kgwedi ya boroba mono o le mong, ka selemo sa bobedi sa ho busa ha Dariuse, lentswe la Jehova la eba teng ka moporofeta Haggai, la re: 11Ho itswe ke Jehova wa makgotla, botsa hle baprista hodima molao, o re: 12Ekare ha motho a nkile nama e kgethehileng ka kobo ya hae, mme ka kobo ya hae a ama bohobe, leha e le moroho, kapa veine, kapa ole, kapa sejo sefe le sefe, na se tla kgetheha na? Baprista ba araba, ba re: Tjhe. 13Yaba Haggai o re: Ha motho ya silafatseng ka baka la mofu a ama e nngwe ho ntho tseo, na e tla silafala na? Baprista ba araba, ba re. E tla silafala.
14Yaba Haggai o ahlamisa molomo wa hae, a re: Ho jwalo le setjhaba sena, ho jwalo le moloko ona pela ka, ho bolela Jehova, ho jwalo le mosebetsi wohle wa matsoho a bona, le seo ba se tlisang mona: se ditshila. 15Mme jwale, batlisisang he pelong tsa lona tsa mohla ho esong ho bewe lejwe hodima lejwe tempeleng ya Jehova, ho tloha tsatsing lena ho kgutlela morao. 16Mehleng eo, ha ho tluwa setheng sa mangata a neng a ka tswa ditekanyo tsa koro tse mashome a mabedi, ho ne ho fumanwa tse leshome feela: kapa ha ho tluwa sehatelong sa veine ho kga ditekanyo tse mashome a mahlano, ho ne ho fumanwa tse mashome a mabedi feela, 17ke le otlile ka phori, le ka boroku, le ka sefako, mesebetsing yohle ya matsoho a lona, empa ha ho e mong ho lona ya kgutletseng ho nna, ho bolela Jehova. 18Lemohang he pelong tsa lona; ho tloha tsatsing lena, ho kgutlela morao, ho tloha tsatsing la mashome a mabedi a metso e mene la kgwedi ya boroba mono o le mong, ho isa tsatsing lela leo ntlo ya Jehova e neng e thewe ka lona, batlisisang ditaba pelong tsa lona. 19Na peo e sa le teng modikong? Esita morara, le feiye, le garanata, le mohlwaare, ha di a ka tsa beha ... Empa ho tloha tsatsing lena, ke tla le hlohonolofatsa.
Dira di tla fediswa, yena Sorobabele a phahamiswe.
20Lentswe la Jehova la tlela Haggai la bobedi, ka tsatsi leo la mashome a mabedi a metso e mene la kgwedi, la re: 21Bolella Sorobabele, mmusisi wa Juda, o re: Ke ya thothometsa lehodimo le lefatshe, ke tla rapalatsa diterone tsa mebuso, 22ke timeletse matla a mebuso ya ditjhaba, ke dihe makoloi le ba tsamayang ho wona; dipere le bapalami ba tsona ba tla wa e mong le e mong ka lerumo la wa habo. 23Tsatsing leo, ho bolela Jehova wa makgotla, ke tla o nka, wena Sorobabele, mora Salathiele, mohlanka wa ka, ho bolela Jehova, mme ke tla o etsa o be jwaloka lesale la ho tshwaya, hobane ke o kgethile, ho bolela Jehova wa makgotla.

Currently Selected:

HAGGAI 2: SSO61-SO

Highlight

Share

Copy

None

Want to have your highlights saved across all your devices? Sign up or sign in