YouVersion Logo
Search Icon

GENESE 3

3
1Noha e ne e feta ka bohlale diphoofolo tsohle tsa naha, tseo Jehova Modimo a di entseng; mme ya re ho mosadi: A efela Modimo o itse: Le se ke la ja difate tsohle tsa tshimo na? 2Mosadi a re ho noha: Re ka ja ditholwana tsa difate tse tshimong; 3empa haele ditholwana tsa sefate se hara tshimo, Modimo o itse: Le se ke la di ja, mme le se ke la di ama, hore le tle le se ke la shwa. 4Noha ya fetola mosadi, ya re: Haele ho shwa, le ke ke la shwa, 5Modimo o mpa o tseba hobane, mohla le di jang, mahlo a lona a tla tutuboloha, mme le tla ba jwaloka medimo, le tsebe botle le bobe.
6Mosadi eitse ha a bona hobane sefate se monate ho jewa, mme se kgahlisa mahlo, mme se lakatseha ke ho hlalefisa, a nka ditholwana tsa sona, a di ja, mme a nea monna wa hae ya neng a na le yena, mme le yena a ja. 7Yaba mahlo a bona ba babedi a tutuboloha; ba tseba hobane ba feela; mme ba rokahanya mahlaku a sefate sa feiye, ba iketsetsa meitlamo ka wona.
8Jwale ba utlwa lentswe la Jehova Modimo ha a tsamaya tshimong ka mantsiboya ha ho phodile. Adama le mosadi wa hae ba ipata hara difate tsa tshimo, ba tshaba sefahleho sa Jehova Modimo. 9Yaba Jehova Modimo o bitsa Adama, a re ho yena: O hokae na? 10Adama a re: Ke utlwile lentswe la hao tshimong, mme ke tshabile, kahobane ke feela, mme ke ipatile. 11Jehova a re: Ke mang ya o tsebisitseng hobane o feela? Na ha o a ka wa ja sefate seo ke o laetseng, ka re: O se ke wa se ja, na? 12Adama a re: Mosadi eo o nneileng yena hore a dule le nna, ke yena ya mphileng tsa sefate, ka di ja. 13Jehova Modimo a bolella mosadi, a re: Na keng eo o e entseng? Mosadi a re: Noha e nthetsitse, mme ke jele.
14Yaba Jehova Modimo o re ho noha: Erekaha o entse hoo, o rohakilwe hara makgomo wohle, le hara diphoofolo tsohle tsa naha; o tla tsamaya ka mpa ya hao, mme o tla ja lerole ka matsatsi wohle a ho phela ha hao. 15Ke tla bea hloyano mahareng a hao le mosadi, le mahareng a peo ya hao le peo ya hae; peo eo e tla o kgoba hlooho, mme o tla e loma serethe.
16A re ho mosadi: Ke tla o atisetsa bohloko ba hao haholoholo kemarong ya hao: o tla beleha bana ka bohloko; ditakatso tsa hao di tla ba ho monna wa hao, mme o tla buswa ke yena.
17A re ho Adama: Erekaha o utlwile lentswe la mosadi wa hao, mme wa ja sefate seo ke o laetseng sona, ka re: O se ke wa se ja; lefatshe le rohakilwe ke hona ka baka la hao, mme o tla ja tsa lona ka thata, ka matsatsi wohle a ho phela ha hao; 18le tla o medisetsa ditshehlo le meutlwa, mme o tla ja jwang ba naha. 19O tla ja bohobe ka mofufutso wa phatla ya hao, o be o kgutlele mobung oo o ntshitsweng ho wona; hobane o lerole, mme o tla kgutlela leroleng.
20Yaba Adama o rea mosadi wa hae Eva, kahobane e le mma ba utlwang bohle. 21Jehova Modimo a etsetsa Adama le mosadi wa hae dikobo tsa matlalo, mme a ba apesa tsona.
22Yaba Jehova Modimo o re: Bonang, motho o fetohile a be jwaloka e mong wa rona, o tseba botle le bobe; mme jwale, a se ke a isa letsoho la hae, a nka le ditholwana tsa sefate sa bophelo, a di ja, mme a phela kamehla. 23Jehova Modimo a mo leleka tshimong ya Edene, a tle a ye ho lema mobu oo a ntshitsweng ho wona. 24A leleka motho, mme a bea dikerubime ka nqa botjhabela ho tshimo ya Edene, tse nang le lerumo le benyang le omang ka nqa tsohle, ho thiba tsela ya sefate sa bophelo.

Currently Selected:

GENESE 3: SSO61-SO

Highlight

Share

Copy

None

Want to have your highlights saved across all your devices? Sign up or sign in